Litaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tšebeletso ea Hae

Ithute haholoanyane ka Mora oa Molimo le Mopholosi oa moloko oa batho e leng Jesu Kreste, livideong tsena.

Karolo ea Pele: Leseli la ’Nete la Lefatše

Batho ba tla pholosoa joang sebeng seo ba se futsitseng ho Adama? Mesia ke eena feela ea ka ba pholosang.

Karolo ea Bobeli: “Enoa ke Mora oa ka”

Johanne Mokolobetsi o lokisa tsela bakeng sa Mesia. Bona liketsahalo tse ikhethang tse bontšang qaleho ea tšebeletso ea Jesu lefatšeng.

Karolo ea Boraro: “Ke Eena”

Jesu o bolella Nikodemase, mosali oa Mosamaria le batho ba sebakeng sa habo sa Nazaretha hore ke Mesia. Batho ba fokolang ba lipelo li ntle ba lumela ho eena. Ka mor’a hore Jesu a etse mohlolo o ikhethang, o mema batšoasi ba litlhapi ba ikokobelitseng hore ebe balateli ba hae.