MOTHO E MONG A KA ITHUTA BIBELE LE UENA
U ka Thaba ka ho sa Feleng!
Thutong ena ea Bibele e sa lefelloeng, u tla fumana likarabo tsa lipotso tse ka’ng:
Nka fumana thabo joang bophelong?
Na mathata a tla ke a fele?
Na ho na le mohla ke tla bona baratuoa ba ka ba hlokahetseng?
Na kannete Molimo oa ntsotella?
Nka rapela joang e le hore Molimo a nkutloe?
Ke Mahala
U tla ithuta mahala u be u fumane buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! le Bibele haeba u se na eona.
Ka Nako ea Hao
Ho ka ba le motho ea ithutang Bibele le uena le shebane mahlong kapa ka fono, ka nako le sebaka seo u se khethileng.
Ha u Itlame ka Letho
Ha ho na motho ea tla u thiba haeba u khetha ho khaotsa ho ithuta.
Re ithuta Bibele joang?
Motho eo u ithutang Bibele le eena o tla u thusa ho bona seo Bibele e se rutang sehloohong ka seng. Ha u ntse u ithuta buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! hanyane ka hanyane u tla tseba hore na haele hantle Bibele e bua ka’ng le hore na e ka u thusa joang bophelong. Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, shebella video ena kapa u bale likarabo tsa lipotso tse hlahang ho lipotso tse botsoang hangata.
Na o ka rata ho bona hore na u tl’o ithuta’ng bukeng ee?
Sheba bukana ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Selelekela sa Thuto ea Bibele.
Qalella ho ithuta.
Tobetsa ka tlase mona ho kopa hore e mong oa Lipaki Tsa Jehova a ithute Bibele le uena.

