Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1

Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1

‘Nka buisana le batsoali ba ka joang?’ ‘Nka etsa’ng hore ke be le metsoalle?’ ‘Ke’ng e phoso ka ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate?’ ‘Ke hobane’ng ha ke hloname hakaale?’

Haeba u kile ua ipotsa lipotso tsena tse ka holimo, ha u mong. Ho itšetlehile ka hore na u ile ua kōpa tataiso ho mang, e ka ’na eaba u ile ua fuoa likarabo tse hanyetsanang. Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1, e ka u thusa. E fana ka keletso e thehiloeng melao-motheong e sebetsang e ka Bibeleng. Lentsoe la Molimo le thusitse batho ba limilione hore ba atlehe ho tobana le mathata a bophelo. Bala kamoo le ka u thusang kateng!

Buka ena e na le likarolo tse latelang:

  • Ho Sebelisana le Litho Tsa Lelapa

  • Seo U Leng Sona

  • Se Etsahalang ha U le Sekolong le ha U se Teng

  • Ho Kopanela Liphate, Boitšoaro le Lerato

  • Ho Etsa Lintho Tse Kotsi

  • Nako ea Boikhathollo

  • Borapeli ba Hao

  • Sehlomathiso se Eang ho Batsoali

U ka kopitsa faele ea PDF ea buka ena kapa ua kōpa buka e hatisitsoeng ka hore u ngolle ofisi ea rōna.