Russia
Ha ho na Lebaka la ho Tšaba Mahloriso
Sebokeng sa selemo le selemo sa 2019, mor’abo rona Mark Sanderson oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo e nang le sehlooho se reng: “Na ho na le Ntho eo re ka e Tšohang?” Puong eo ho ile ha bapaloa video e bontšang lipale tsa ba bang ba bara le barali babo rona ba Russia ba ileng ba hlorisoa.
Lipaki Tsa Jehova li Etsa Letšolo la ho Ngola Mangolo Lefatšeng ka Bophara e le ho Thusa Lipaki Tsa Russia
’Muso oa Russia o batla ho thibela Lipaki Tsa Jehova tsa naheng eo. Kahoo, Lipaki li batla ho ngola mangolo a hlahang lefatšeng ka bophara e le ho ipiletsa ho ’muso hammoho le ho Lekhotla le Phahameng hore thibelo eo e se ke ea etsoa.
Nyeoe ea Lipaki Tsa Jehova e Ntse e Tsoela Pele Taganrog, Russia
Baahi ba 16 ba qosoa ka hore ke ‘batlōli ba molao’ ka lebaka la ho etsa litšebeletso tsa bolumeli. Haeba ba ka fumanoa ba le molato, seo se tla etsa hore baahi bohle ba Russia ba se ke ba ba le bolokolohi ba bolumeli.
Ho Haneloa ha Bolokolohi ba Bolumeli Russia
Lipaki Tsa Jehova tse lulang motsaneng oa Taganrog li qosoa ka hore li tlōtse molao. Holo ea tsona ea ’Muso le lingoliloeng tsa tsona li nkuoe ka mahahapa.
Lekhotla la Boipiletso la Russia le Hlompha Litokelo Tsa Botho ka ho Hana ho Thibela Websaete ea JW.ORG
Lekhotla le Phahameng la Tver, Russia, le ile la hanyetsa qeto ea lekhotla le tlaasana ea ho thibela websaete e molaong ea Lipaki Tsa Jehova ea jw.org.
Litaba Tse Tsoelang Pele: Boiteko ba ho Thibela JW.ORG Boa Hlōleha
Lekhotla la maipiletso le felisa ho thibeloa ha jw.org ho pholletsa le Russia.
Lekhotla la Europe le Sireletsa Litokelo Tsa Botho Nyeoeng e Amang Lipaki Tsa Jehova
Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR), le ile la laela Russia hore e lefe litšenyehelo tsa nyeoe ka lebaka la ho hatakela litokelo tsa botho nyeoeng e amang Lipaki Tsa Jehova.

