Sesotho (Lesotho)
Litaba Tsa JW Tsa Lefatše Lohle
/assets/ct/fa815d8e9f/images/syn_placeholder_sqr.png

Litaba Tsa Lefatše Lohle

 

2014-08-28

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Lipaki li Letšolong la ho Tsebisa Batho Websaete e Fetoletsoeng ka Lipuo Tse Ngata ka ho Fetisisa ea, JW.ORG

Ka August, Lipaki Tsa Jehova li thakhola letšolo la ho tsebisa batho ka jw.org le ho tsamaisa pampitšana e ncha e reng, Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?

2015-02-02

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Seo Litsebi li se Buang ka ho Hana ho Kenela Sesole ka Lebaka la Bolumeli

Hoo e ka bang naha e ’ngoe le e ’ngoe e amohetse tokelo ea ho hana ho kenela sesole ka lebaka la bolumeli e le tokelo ea motheo. Sheba hore ke hobane’ng ha litsebi tsa litokelo tsa botho li re linaha tsohle li lokela ho etsa seo.

2014-06-26

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Guy H. Pierce, eo e Neng e le Setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova o Hlokahetse

O sebelitse likomiting tse sa tšoaneng tse etellang pele mesebetsi ea Lipaki ho akarelletsa le oa ho ruta batho Bibele o etsoang lefatšeng lohle.

2014-07-02

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Lipaki Tsa Jehova li Lokolla Bibele e Khōlō e Ntlafalitsoeng

E le hore batho ba eketsehileng ba fumane molaetsa oa Bibele ho ile ha lokolloa Bibele e khōlō ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ntlafalitsoeng ea 2013.

2013-07-27

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Video e Khutšoanyane: Likopano Tsa Lipaki Tsa Jehova Tsa 2013

Ke bo-mang ba tla rua molemo likopanong tsa “Lentsoe la Molimo ke ’Nete!” ’me batho ba tla ea ho tsona ba lokela ho lebella’ng?

2013-07-27

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Lipaki Tsa Jehova li Qalisa Likopano Tsa “Lentsoe la Molimo ke ’Nete!”

Lipaki Tsa Jehova li tla qala ho tšoara likopano tsa tsona tsa selemo le selemo ho tloha ka May ho fihlela mafelong a December. Batho bohle baa mengoa hore ba be teng ho tsona.

2026-03-20

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Tlaleho ea Bobeli ea 2026 ea Sehlopha se Busang

Tlalehong ena, re tl’o hlakisa kutloisiso ea rona mabapi le hore na Mokreste a ka sebelisa mali a hae joang litabeng tsa phekolo le nakong ea ho buuoa.

2026-06-12

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Tlaleho ea Bone ea 2026 ea Sehlopha se Busang

Tlalehong ena, re tl’o bua ka litlaleho tse khothatsang mabapi le maeto a bolisa le liketelo tsa makala, tse ileng tsa etsoa ke litho tsa sehlopha se busang le baemeli ba ntlo-kholo makaleng a fapaneng. Re tla boela re bue ka litaba tse amanang le bolokolohi ba rona ba borapeli naheng ea Norway le Sweden.

2024-05-06

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Tlaleho ea Boraro ea 2024 ea Sehlopha se Busang

Tlalehong ena, re tl’o hlahloba melao-motheo ea Bibele e tla re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng mabapi le tsela eo re aparang le ho itlhopha ka eona.