Litaba

 

2020-05-18

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Lipaki Tsa Jehova li Bontša Bonngoe Lefatšeng ka Bophara ka ho kenya Letsoho Letšolong la ho Ngola Mangolo a Eang Russia

Letšolo la ho ngolla ba ikarabellang pusong Russia mangolo, e ne e le ntho e hlollang e bontšang bonngoe ba Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Letšolo lena le ne le etsoa e le ho tšehetsa barapeli ’moho le bona ba Russia.

2020-05-18

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Lipaki li Tsoela Pele ho Phallela Batho ba Anngoeng ke Maholiotsoana

Liofisi tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova li hlalosa maiteko ao li a etsang ho thusa bahoeletsi ba anngoeng ke maholiotsoana le ho ba khothatsa ka Bibele.

2017-03-24

RUSSIA

Lipaki Tsa Jehova li Etsa Letšolo la ho Ngola Mangolo Lefatšeng ka Bophara e le ho Thusa Lipaki Tsa Russia

’Muso oa Russia o batla ho thibela Lipaki Tsa Jehova tsa naheng eo. Kahoo, Lipaki li batla ho ngola mangolo a hlahang lefatšeng ka bophara e le ho ipiletsa ho ’muso hammoho le ho Lekhotla le Phahameng hore thibelo eo e se ke ea etsoa.

2018-04-30

KOREA BOROA

“Qeto e Molemo ka ho Fetisisa ea Lekhotla”

Qeto ea lekhotla la Gwangju la maipiletso ke hore bacha bana ba bararo ha ba na molato ha ba hana ho ba masole. Batho ba Korea Boroa ba ne ba emetse hore lekhotla le phahameng le etse qeto.

2014-08-28

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Lipaki li Letšolong la ho Tsebisa Batho Websaete e Fetoletsoeng ka Lipuo Tse Ngata ka ho Fetisisa ea, JW.ORG

Ka August, Lipaki Tsa Jehova li thakhola letšolo la ho tsebisa batho ka jw.org le ho tsamaisa pampitšana e ncha e reng, Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?

2015-02-02

RUSSIA

Nyeoe ea Lipaki Tsa Jehova e Ntse e Tsoela Pele Taganrog, Russia

Baahi ba 16 ba qosoa ka hore ke ‘batlōli ba molao’ ka lebaka la ho etsa litšebeletso tsa bolumeli. Haeba ba ka fumanoa ba le molato, seo se tla etsa hore baahi bohle ba Russia ba se ke ba ba le bolokolohi ba bolumeli.

2015-02-02

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Seo Litsebi li se Buang ka ho Hana ho Kenela Sesole ka Lebaka la Bolumeli

Hoo e ka bang naha e ’ngoe le e ’ngoe e amohetse tokelo ea ho hana ho kenela sesole ka lebaka la bolumeli e le tokelo ea motheo. Sheba hore ke hobane’ng ha litsebi tsa litokelo tsa botho li re linaha tsohle li lokela ho etsa seo.

2015-02-02

RUSSIA

Ho Haneloa ha Bolokolohi ba Bolumeli Russia

Lipaki Tsa Jehova tse lulang motsaneng oa Taganrog li qosoa ka hore li tlōtse molao. Holo ea tsona ea ’Muso le lingoliloeng tsa tsona li nkuoe ka mahahapa.

2014-07-02

JEREMANE

Richard Rudolph, ea Ileng a Koalloa Likampong Tsa Mahloriso, o Hlokahetse a le Lilemo li 102, Jeremane

Richard Rudolph o ile a koalloa lilemo tse 19 chankaneng tlas’a puso ea Manazi le tlas’a puso ea Makomonisi ka lebaka la bolumeli ba hae.

2015-02-02

UZBEKISTAN

Na Maemo a Tla ke a Ntlafale Bakeng sa Lipaki Tsa Jehova Tsa Uzbekistan?

’Muso oa Uzbekistan o ile oa itlama hore o tla etsa liphetoho tse hlokahalang mabapi le ho hlompha litokelo tsa botho. Lipaki Tsa Jehova li na le tšepo ea hore li tla ngolisa liphutheho tsohle tsa tsona ka molao.

2014-06-26

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Guy H. Pierce, eo e Neng e le Setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova o Hlokahetse

O sebelitse likomiting tse sa tšoaneng tse etellang pele mesebetsi ea Lipaki ho akarelletsa le oa ho ruta batho Bibele o etsoang lefatšeng lohle.

2015-02-02

TURKEY

Turkey e Hana ho Amohela Melao ea Lekhotla la Europe Tabeng ea ho Hana Tšebeletso ea Sesole

Ke hobane’ng ha ’muso o sa hlomphe tokelo ea botho ea ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo?

2014-07-02

LITABA TSA LEFATŠE LOHLE

Lipaki Tsa Jehova li Lokolla Bibele e Khōlō e Ntlafalitsoeng

E le hore batho ba eketsehileng ba fumane molaetsa oa Bibele ho ile ha lokolloa Bibele e khōlō ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ntlafalitsoeng ea 2013.

2014-06-26

RUSSIA

Litaba Tse Tsoelang Pele: Boiteko ba ho Thibela JW.ORG Boa Hlōleha

Lekhotla la maipiletso le felisa ho thibeloa ha jw.org ho pholletsa le Russia.