Ke Nako ea ho Falla Hoteleng ea Bossert
Ka November 2012, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa rekisa Hotele ea Bossert. Li ile tsa fa mong’a eona e mocha linotlolo, ’me joaloka baeti ba bang ba bangata ba ’nileng ba etela moo, e ne e le nako ea hore Lipaki le tsona li jare mehasoana li ikele. Chelete e fumanoeng ha ho rekisoa mohaho oo e tla sebelisetsoa ho ntšetsa pele mosebetsi oa lefatše lohle oa ho ruta batho Bibele o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova.
Lipaki li rekisitse mohaho oo o mekato e 14 o hahiloeng ho latela Mokhoa oa Khale oa Italy hobane ntlo-khōlō ea tsona e Brooklyn, New York e tla fallisetsoa mehahong e mecha e Warwick, New York. Ho lebeletsoe hore ho tla feta lilemo tse ’maloa pele ho falleloa mohahong oo.
Nalane ea Lilemo Tse Lekholo
Louis Bossert, e leng mohoebi oa mapolanka oa New York, o ile a haha Bossert ka 1909. E ne e lokela ho ba “hotele e sebetsang joaloka folete” moo ho lulang baeti le batho ba lulang moo nako eohle. Kaha e ile ea tlala kapele, Bossert o ile a e atolosa ka 1914 ’me mohaho oo oa batla o mena mohaho oa pele ka makhetlo a mabeli. O ile a eketsa mokato o mong ka 1916, moo a ileng a haha reschorente e bitsoang Marine Roof.
Lilemong tsa bo-1980, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa reka mohaho oo ’me tsa o nchafatsa e le hore basebetsi ba ntlo-khōlō ea tsona ba ka lula ho oona. Basebetsi ba ile ba fetola phaposi eo ho neng ho tantšetsoa ho eona kamore ea ho jela, ’me reschorente e neng e le mokatong o ka holimo, ea fetoloa kamore e khōlō moo basebetsi ba ka phomolang teng le baeti ba bona.
Ho tloha ka 2010, Lipaki Tsa Jehova tse etileng ho tsoa lefatšeng lohle, li ne li lula mona ha li tlil’o bona mohaho oa ntlo-khōlō.
Motho eo mohaho ona e seng e le oa hae, o rera ho o lokisa e le hore a o etse hotele. Boemo bo botle ba mohaho oa Bossert bo tla etsa hore ho be bonolo ho fetola lifolete tse nyenyane tsa eona tse nang le kamore e le ’ngoe ea ho robala hore e be hotele ea boemo bo holimo.
Ho Tsosolosa Botle ba Pele
Pele Lipaki Tsa Jehova li fihla hoteleng ea Bossert, e ne e se e le lilemo e sa hlokomeloe. Mabota a eona a ka ntle a masoeu a ne a le litšila le mokhabiso o iphaphathang le lebota o senyehile ’me o le boemong bo bobe. Lifensetere tsa eona e ne e le tsa khale ebile li hloka ho lokisoa. Mohaho ona o ne o le boemong bo bobe hoo maeba a neng a se a hahile lirobe marulelong. Kahoo, mosebetsi o matla oa ho nchafatsa mohaho o ile oa qala. Lipaki Tsa Jehova ho pholletsa le United States, li ile tsa tela nako ea tsona le ho sebelisa bokhoni ba tsona ho etsa mosebetsi oo o ileng oa phethoa ka 1991.
Nakong ea ho nchafatsa mohaho, Lipaki li ile tsa hloekisa le ho lokisa lebota la oona le kentsoeng lejoe la mokoetla le la morema-phofu. Li ile tsa kenya mokhabiso o entsoeng ka fiberglass e bobebe o bileng o tšoanang hantle le mokhabiso oa pele o iphaphathang ka lebota. Li ile tsa kenya le lifensetere tsa lepolanka la mahogany.
Li ile tsa boela tsa nchafatsa bokahare bohle ba mohaho, haholo-holo shebile sebaka sa ho amohella baeti, se neng se kile sa e-ba setle. E le hore li lokise mabota a entsoeng ka ’mabole, li ile tsa lokela ho batla majoe ao koaring ea pele e Italy moo a neng a nkiloe teng. Basebetsi ba ile ba boela ba lokisa le mokhabiso o motle oa siling o neng o sentsoe ke metsi.
Bothata e ile ea e-ba ho lokisa litšiea tse khōlō tsa tšepe tse neng li le sebakeng sa ho amohela baeti. Qalong, li ne li litsoe ka mokhoa oa Setaliana o etsang hore majoe ao a bonahale eka ke a ’mabole. Leha ho le joalo, li ne li ile tsa pentoa ka makhetlo a mangata ke beng ba mohaho oo ba pele. Ho ne ho se moithaopi ea neng a tseba ho lila ka mokhoa oo oa Setaliana. Laebrari ea univesithi e haufi le moo e ile ea fana ka buka e bontšang hore na mokhoa oo oa ho etsa li-’mabole tsa maiketsetso o sebetsa joang. Ba sebelisa boitsebiso boo, basebetsi ba ile ba qeta libeke ba leka ho khabisa litšiea tseo ka tsela eo li neng li le ka eona qalong.
Ha ho nchafatsa mohaho ho se ho phethiloe ka 1991, mohaho oo o ne o lokile o bile o le motle. E le ho bontša kananelo ka boiteko bo entsoeng ka boqhetseke bohle ba ho nchafatsa mohaho oo, Bossert e ile oa abeloa khau ea Lucy G. Moses Preservation Award.

