LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA

U ka Etsa’ng Hore u Hopole Mangolo?

U ka Etsa’ng Hore u Hopole Mangolo?

Na u kile oa sokola ho hopola temana ea Bibele eo u e ratang haholo? E ka ba temana e u khothatsang, e u thusang hore u se ke oa nahana lintho tse fosahetseng, kapa eo u batlang ho e balla motho e mong. (Pes. 119:​11, 111) A re bone tse ling tsa lintho tseo u ka li etsang tse ka u thusang hore u hopole mangolo.

  • Sebelisa tag e ho JW Library® app. Etsa tag e bitsoang “Mangolo ao ke a Ratang,” ebe u boloka mangolo ao u batlang ho a hopola ho eona.

  • Beha mangolo moo u ka a bonang. Ngola temana eo u batlang ho e hopola leqepheng le lenyenyane, ebe u le beha moo u tla le bona hangata. Ba bang ba le beha seiponeng kapa lemating la foriji. Ba bang bona ba nka senepe sa temana eo ebe ba se beha moo se tla lula se hlahile lifonong tsa bona kapa li k’homphieutheng.

  • Etsa likarete tse tla u thusa ho hopola mangolo habonolo. Ngola lengolo, khaolo le temana ka lehlakoreng le leng la karete ebe ka lehlakoreng le leng u ngola mantsoe a eona. Ha u shebile ka lehlakoreng le hlahisitseng lengolo, leka ho hopola hore na mantsoe a lengolo leo a re’ng. Ha u shebile lehlakore le hlahisitseng mantsoe a temana, leka ho hopola hore na a hlaha lengolong lefe.