Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Lefatše

Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o bolela hore ho hema mosi o tsoang lienjeneng tsa disele “ho eketsa kotsi ea hore motho a tšoaroe ke kankere ea matšoafo” kapa ea senya.

Antarctica

Mesaletsa ea peō le lisele tsa hlobo kapa baktheria tse fumanoeng botlaaseng ba leoatle, li bontša hore lilemong tse ngata tse fetileng lipalema li ne li mela Antarctic hammoho le lifate tse ling tseo hona joale li melang merung ea tropike feela. Batho ba bangata ba lumela hore lilemong tse limilione tse fetileng, mariha a Antarctic a ne a sa bate haholo ebile “ho sa lale qhoqhoane” ’me thempereichara e lintlheng tsa lefatše e sa fapana hakaalo le e equator.

Ireland

Tlaleho e phatlalalitsoeng ka 2012 ke Mokhatlo oa Baprista ba Mak’hatholike oa Ireland, e bontša hore Mak’hatholike a naheng eo a etsang karolo ea 87 lekholong ao ho ileng ha buisanoa le ’ona, a lumela hore baprista ba lokela ho lumelloa ho nyala; ha a etsang karolo ea 77 lekholong ’ona a lumela hore basali ba lokela ho lumelloa ho ba baprista.

Linaha Tse ka Tlaase ho Lehoatata la Sahara le Asia Boroa-bochabela

Ho hlahlobisisoa ha litlhare tse thibelang malaria ho bontšitse hore libakeng tse ling litlhare li ne li sa etsoa hantle kapa e le tsa mokunyata ’me sena se etsa hore li se ke tsa phekola. Asia Boroa-Bochabela, karolo ea 36 lekholong ea litlhare tse ileng tsa hlahlojoa e ile ea fumanoa e le ea mokunyata, ha linaheng tse ka tlaase ho lehoatata la Sahara teng, e le tse etsang karolo ea 20 lekholong.

El Salvador

Bohareng ba April 2012, ba boholong ’musong ba ile ba phatlalatsa letsatsi leo ka lona ho sa kang ha bolaoa motho El Salvador, e leng lekhetlo la pele seo se etsahala ka mor’a lilemo tse ka bang tharo. Kaha ho ne ho atile pefo e neng e susumetsoa ke tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, ka 2011 ho ile ha bolaoa batho ba 69 ho ba bang le ba bang ba 100 000—e leng sekhahla se sebe ka ho fetisisa sa lipolao lefatšeng.