DOMINICAN REPUBLIC

Bophelo bo Nang le Morero

José Estévez

Bophelo bo Nang le Morero
  • O HLAHILE KA 1968

  • O KOLOBELITSOE KA 1989

  • PALE EA BOPHELO BA HAE Ha José e sa le moshanyana o ile a fallela toropong hobane a batla ho ntlafatsa bophelo ba hae. Ha a le moo, o ile a ithuta ’nete ’me ka cheseho a etelletsa ’Muso oa Molimo pele.

HA JOSÈ ea lilemo li 11 a fallela Santo Domingo, o ne a iphelisa ka ho polesha lieta le ho rekisa lilamunu le ice. Ha e se e le mohlankana, o ne a tumme ka ho sebetsa ka thata. Ka mor’a lilemo tse itseng, abuti oa hae oa Paki o ile a mo kōpa hore a lebele ntlo ea hae. José o ile a bona buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng tafoleng ea ho jela ’me a e bala bosiu bohle. O ile a elelloa hore o fumane ntho e etsang hore bophelo ba hae bo be le morero.

Mafelo-bekeng a latelang José o ile a ea Holong ea ’Muso eaba o re ke Paki ea Jehova. O ile a re ho barab’abo rōna o hlokometse hore o lokela ho ea libokeng le ho bolela litaba tse molemo. A boela a re o balile buka ea Phela ka ho sa Feleng, eaba o hlokomela lintho tseo Bakreste ba sa lokelang ho li etsa, ’me a ba kholisa hore ha a li etse. Eaba José e ba mohoeletsi ka mor’a matsatsi a 15. O ile a kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse tšeletseng a le lilemo li 21.

Kaha mosebetsi oa hae o ne o mo sitisa ho ea libokeng, o ile a o tlohela eaba o sebetsa moo a lefshoang kotara feela ea moputso oo a neng a o fumana. Ka mor’a moo o ne a se a fumana nako ea ho ea libokeng le ho ba pula-maliboho oa kamehla. Leha ho le joalo, ha a se a nyetse a bile a e-na le bara ba babeli, o ile a tlameha ho tlohela bopula-maliboho.

José o ne a ikemiselitse ho ruta bara ba hae ba babeli ’nete ho tloha boseeng. Kahoo, ha mosali oa hae Josefina a e-na le likhoeli tse tharo a imme Noé, mora oa bona oa pele, o ile a mo balla Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele, a tšepile hore o tla utloa a ntse a le ka pōpelong. Ha Noé a hlaha, José o ne a se a mo baletse buka eo kaofela. O ile a etsa se tšoanang ka Neftalí, mora oa bona oa bobeli.

Ha nako e ntse e e-ea, José e ile ea e-ba mookameli oa khoebo moo moputso oa hae o neng o feta oo a neng a o fumana ka makhetlo a leshome. Leha ho le joalo, ka 2008 ha Neftalí a le lilemo li 10 ’me Noé a le lilemo li 13, o ile a tlohela mosebetsi oa ho okamela khoebo eaba o boela o nka bopula-maliboho ’me lekhetlong lena o ile a bula maliboho le mosali oa hae le bana. Kaha moputso oa hae o ne o se o le monyenyane haholo, bohle ka lapeng ba ne ba lokela ho fokotsa litšenyehelo. Bone ba bona ba khanna lithuto tsa Bibele tse 30 khoeli le khoeli. Jesu o re kholisa hore haeba re etelletsa ’Muso pele, Jehova o tla re hlohonolofatsa. (Mat. 6:33) José le ba lelapa la hae ba ile ba kholoa hore tšepiso eo ke ’nete ’me ba iponetse hore Jehova o phethahatsa seo a se buileng.