E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo

Buka ena e ka u thusa hore u be le sebete le tumelo e matla.

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Sehlopha se Busang se lakatsa eka buka ena e ka u thusa hore u etsise banna le basali ba mehleng ea khale ba neng ba e-na le sebete le tumelo.

SELELEKELA

U ka ba Sebete le ho Feta!

Buka ena e etselitsoe ho u thusa hore u be sebete le ho feta. Bona kamoo Jehova a ileng a thusa batho ba sa phethahalang hore ba be le sebete seo ba neng ba se hloka le hore na uena a ka u thusa joang.

KAROLO EA 1

KAROLO EA 1

Ho Tloha Mehleng ea Enoke ho ea ho ea Baahloli

Karolong ena ho buuoa ka mehlala e ikhethang ea batho ba ileng ba bontša tumelo le sebete ho tloha mehleng ea Enoke ho ea ho ea moprofeta Samuele.

Lilemo Tseo Batho ba Hlahang Karolong ea Pele ba li Phetseng

Chate e bontšang hore na batho ba hlahang ka Bibeleng ba phetse nako e kae le hore na liketsahalo tsa bohlokoa tse ka Bibeleng li etsahetse neng.

1 ENOKE

O Ile a Tsamaea le Molimo

Enoke o ne a fapane hole le batho ba mehleng ea hae ka litsela tse peli. O khonne joang? Re ka ithuta’ng ka sebete mohlaleng oa hae?

2 NOE

O Ile a Bontša Hore Lefatše le ne le Tšoanela ho Felisoa

Mehla ea rona e tšoana joang le mehla ea Noe? Bala hore na u ka etsa’ng e le hore u be sebete joalo ka Noe.

3 SARA

Ha aa ka a Nahana ka Lintho Tseo a li Siileng Morao

Sara o ile a bontša joang hore o na le tumelo le sebete?

4 ABRAHAMA

Motho oa Pele ea Ileng a Loana Ntoa ea Jehova

Taba ea hore Abrahama o ne a ikemiselitse ho thusa Lota e re ruta’ng? Jehova o ile a etsa’ng ha a hlokomela sebete le tumelo ea hae?

5 ABRAHAMA

O ne a Ikemiselitse ho Etsa Ntho e Boima ka ho Fetisisa

Re ka etsisa sebete sa Abrahama joang ka ho mamela Molimo? Tlaleho ee e re ruta’ng ka lerato la Jehova?

6 REBEKA

O Ile a ea Moo a sa Tsebeng

Rebeka o ne a le sebete haholo a bile a e-na le tumelo e matla. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae?

7 JAKOBO

O Ile a Sireletsa Lelapa la Hae ka Sebete

Mohlala oa Jakobo o ka re kholisa joang hore ho bohlokoa ho sebeletsa tlhohonolofatso ea Jehova?

8 JOSEFA

Ha aa ka a Itumella ho Lekoa

Bona hore na mohlala oa Josefa o ka u thusa joang hore u hlole liteko le hore u mamelle mathata.

9 SHIFRA, PUA, AMRAME, JOKEBEDE LE MIRIAME

‘Ba Bontšitse Tumelo ka Hore ba mo Pate’

Babelehisi, batsoali ba Moshe le ausi oa hae kaofela ba bontšitse tumelo e matla le sebete. Re ka ba etsisa joang?

10 MOSHE

O ile a Etsa Qeto e Nepahetseng

Ke qeto efe eo Moshe a ileng a e etsa, hona hobane’ng? Re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae?

11 MOSHE

“E-ea ho Faro”

Mohlala oa Moshe o ka re thusa joang hore re be sebete sa hore Jehova a ka re thusa ho phetha likabelo tseo a re fang tsona tseo re ikutloang re sa tšoanelehe ho li etsa?

12 KALEBE

O Ile a Sebetsa ka Thata ho Tšepahalla Molimo oa Hae

Hlokomela hore na mohlala oa Kalebe o ka re thusa joang ho hanela khatello ea ho “latela bongata.”

13 JOSHUA

O Ile a Mamela Litaelo Tse Makatsang

Ke litaelo life tse sa tloaelehang tseo Joshua a ileng a li fuoa ke Jehova? Re ka etsisa Joshua maemong afe?

14 RAHABA

O ile a Khetha ho ba ka Lehlakoreng la Jehova

Re ka ithuta’ng ho seo Rahaba a se entseng? O ile a hlohonolofatsoa joang ka lebaka la tumelo le sebete seo a ileng a se bontša?

15 NAOMI LE RUTHE

Ba Ile ba Mamella Mathata Hammoho

Naomi le Ruthe ba ile ba bontša sebete ka litsela life? Re ka ithuta’ng mohlaleng oa bona?

16 BARAKE LE DEBORA

“Ke Tla ea le Uena”

Barake o ile a re o tla ea ntoeng haeba feela Debora a tsamaea le eena. Na e ne e le hobane a se na tumelo?

17 JAELE

“Mosali ea Hlohonolofetseng ho Feta ba Bang”

Sebete seo Jaele a ileng a se bontša khahlanong le sera sa Jehova se ntse se hlokahala. Ke hobane’ng ha kajeno re hloka sebete se tšoanang le sa hae ho feta leha e le neng pele?

18 GIDEONE

O ne a le Sebete a Bile a le Hlokolosi

Ke maemong afe moo re ka ’nang ra hloka ho ba sebete le ho ba hlokolosi?

19 JAFETA LE MORALI OA HAE

Ba Ile ba Phethahatsa Kano e Boima

Ke joang mohlala oa Jafeta le morali oa hae o ka re tsoelang molemo kajeno?

20 SAMSONE

O Ile a ba Sebete ha a ne a Fokola

Re ka ithuta’ng liketsong tsa Samsone ka mor’a hore a etse phoso?

21 SAMUELE

Moshanyana ea Ileng a Fetisa Molaetsa oa Jehova ka Sebete

Ke maemong afe moo bacha ba ka hlokang sebete sa ho etsa ntho e nepahetseng?

KAROLO EA 2

KAROLO EA 2

Ho Tloha Mehleng ea Marena ho ea ho ea ha ho ne ho Tsosolosoa Jerusalema

Karolong ena ho buuoa ka mehlala ea batho ba mehleng ea pele ba ileng ba bontša hore ba na le tumelo le hore ba sebete. E qala ka ho bua ka mora oa Morena Saule e leng Jonathane ebe e bua ka Morena Davida ’me e qetella ka ho bua ka batho ba Molimo ba ileng ba khutla botlamuoeng Babilona eaba ba tsosolosa Jerusalema.

Lilemo Tseo Batho ba Hlahang Karolong ea Bobeli ba li Phetseng

Chate e bontšang hore na batho ba hlahang ka Bibeleng ba phetse nako e kae le hore na liketsahalo tsa bohlokoa tse ka Bibeleng li etsahetse neng nakong ea marena ho ea ho ea ha ho ne ho tsosolosoa Jerusalema.

22 JONATHANE

O ne a Hloka Sebete e le Hore a Lule a Tšepahala

Jonathane o tlaletsoe ke noka, ha a tsebe hore na a tšepahalle Jehova kapa ntate oa hae. O ile a tseba joang hore na o lokela ho tšepahalla mang? Re ka mo etsisa joang?

23 DAVIDA

O lle a Loana le Senatlahali

Davida o ne a tsebahala a le ‘sebete a bile a le matla.’ Mohlala oa hae o thusitse batho ba bang joang? U ka thusa batho ba bang joang ha u le sebete?

24 ABIGAILE

O Ile a Kokobetsa Boemo bo Kotsi

Banna le basali ba lenyalong ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Abigaile?

25 DAVIDA

O Ile a ba le Sebete sa ho Etsa Ntho e Nepahetseng

Davida o ne a e-na le monyetla oa ho iphetetsa. Ke’ng e ileng ea mo thibela ho etsa joalo? Re ka etsisa mohlala oa hae joang?

26 NATHANE

O Ile a Khalemela Morena

Mohlala oa Nathane o re ruta’ng ka ho thusa motsoalle ea entseng phoso e kholo?

27 MEFIBOSHETHE

Ha aa ka a Koata ha a Tšoaroa Hampe

Re ithuta lintho life tse ka re tšelisang ho Mefiboshethe?

28 ASA

“O Ile a Sebeletsa Jehova ka Pelo Eohle Bophelo Bohle ba Hae”

Ke’ng seo re ka ithutang sona ho tsoa ho monna ea ileng ‘a sebeletsa Jehova ka pelo ea hae eohle’?

29 ELIA

“Molimo oa ka ke Jehova”

Ke’ng e ileng ea thusa Elia hore a se ke a tšoha?

30 MOHLOLOHALI OA SAREPTA

O Ile a ba le Tumelo ho Jehova Nakong e Thata Haholo

Pale ea mosali eo e re khothatsa joang hore re tšepe Jehova?

31 NGOANANA OA MOISERAELE E MONYENYANE

O Ile a Bua ka Molimo oa Hae Naheng ea Balichaba

Mohlala oa ngoanana enoa e monyenyane o ka u thusa hore u bue ka Jehova le ha u tšohile.

32 ELISHA

“Jehova, ke Kopa u Etse Hore a Bone”

Ke maemong afe ao re ka matlafatsoang ke ho bona mangeloi ka mahlo a rona a tumelo?

33 JEHOJADA

O Ile a Sireletsa Borena

Ke eng eo Jehojada a ileng a e etsa e neng e hloka hore a be sebete? Re ka etsisa sebete seo a ileng a se bontša joang?

34 EZEKIASE

“O Ile a Lula a Tšepahalla Jehova”

Ezekiase o ile a bontša sebete le tumelo. Re ka mo etsisa joang kajeno?

35 MANASE

O Ile a ba le Sebete sa Hore a Fetohe

Ke hobane’ng ha ho ka thoe Manase e ne e le mohlala o motle oa ho bontša sebete?

36 JOSIASE

O Ile a Thusa Batho Hore ba Boele ba Rapele Jehova

Le hoja Josiase a hotse habohloko, o ile a bontša hore o sebete ka tsela e hlollang ha a ne a emela borapeli ba ’nete. Re ka mo etsisa joang?

37 DANIELE

O ne “a ke ke a Itšilafatsa”

Bacha ba ka etsisa sebete le botšepehi ba Daniele joang? Kaofela ha rona re ka rua molemo joang mohlaleng oa hae?

38 BAHEBERU BA BARARO

Ba Ile ba Pholoha Seboping se Tukang sa Mollo

Baheberu ba bararo ba ile ba lula ba le sebete le ha ba ne ba tobane le lefu. Mohlala oa bona o re ruta’ng ka makhabane a kang boikokobetso, bonolo le botšepehi?

39 ESTHERE

“Haeba ke Shoa, ke Shoe”

Esthere o ne a le bohlale ebile a mamela. O ile a khona ho susumelletsa monna oa hae hore a lumellane le maikutlo a hae. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae?

40 NEHEMIA

O Ile a Tsosolosa Marako

Mohlala oa Nehemia o re ruta’ng ka ho sebeletsa Jehova haholoanyane? Baholo ba ka etsisa mohlala oa Nehemia joang?

KAROLO EA 3

KAROLO EA 3

Mehleng ea Mesia le Balateli ba Hae

Karolong ena re tl’o bua ka batho ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba bontša tumelo le sebete, ba akarelletsa moroetsana oa Mojuda ea bitsoang Maria le moapostola Johanne.

Lilemo Tseo Batho ba Hlahang Karolong ea Boraro ba li Phetseng

Chate e bontšang hore na batho ba hlahang ka Bibeleng bao ho buoang ka bona Karolong ea Boraro, ba phetse nako e kae. E boetse e bua ka liketsahalo tsa bohlokoa ho tloha mehleng ea Mesia ho fihlela matsatsing a ho qetela a moapostola Johanne.

41 ZAKARIA LE ELIZABETHA

“Jehova o ne a ba Nka ba Lokile”

Ke hobane’ng ha Jehova a ne a nka Zakaria le Elizabetha ba lokile? Ke joang re ka etsisang mohlala oa bona?

42 MARIA

O Ile a ba le Sebete sa ho Amohela Boikarabelo bo Boholo

Maria o ile a fumana kabelo e ikhethang ebile e le boima. Ke joang Maria a ileng a fumana sebete sa ho phetha boikarabelo bo bokaalo ho fihlela qetellong?

43 JOSEFA

E ne e le Ntate ea Sebete

Josefa o behile mohlala o motle joang bakeng sa bo-ntate ba Bakreste kajeno?

44 JOHANNE MOKOLOBETSI

‘Ha ho e Moholo ho mo Feta’

Johanne e ne e le monna ea sebete le ea neng a phela bophelo bo itekanetseng. Hlokomela hore na re ka ithuta eng ho eena.

45 PETROSE

“Ke Moetsalibe”

Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Petrose ka ho tsoela pele re sebeletsa Jehova le haeba re e-na le mefokolo?

46 MARIA MAGDALENA

“Ke Bone Morena!”

Maria o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa Jesu le balateli ba hae. Ke joang re ka bang le sebete le kutloelo-bohloko joaloka eena?

47 MARIA, KHAITSELI EA LAZARO

“O Entse Seo a Neng a ka se Khona”

Jesu o ile a babatsa khaitseli ea Lazaro, e leng Maria, ka tumelo le sebete seo a neng a e-na le sona. O bontšitse ka litsela life hore o sebete? Hona re ka mo etsisa joang kajeno?

48 SETEFANE

Monna ea Neng “a E-na le Tumelo e Matla a Bile a Tletse Moea o Halalelang”

Setefane o ile a iphumana a le ka pel’a lekhotla a loanela bophelo ba hae. O ile a emela tumelo ea hae joang? Mohlala oa hae o ka re thusa joang hore re lule re tšepahala?

49 PETROSE

E Ile ea E-ba Lefika

Mohlala oa Petrose o ka re thusa joang hore re tšepe Jehova ha re tšohile?

50 SAULE OA TARSASE

O Ile a Fetola Bophelo ba Hae

Ke eng e ileng ea etsa hore monna ea neng a ikemiselitse ho hlorisa Bakreste a fetole bophelo ba hae? Re ka ithuta eng mohlaleng oa hae?

51 BARNABASE

“O Ile a Khothatsa Batho ba Bang”

Barnabase o ile a ba le sebete sa ho thusa Saule le ho mo isa ho baapostola. Re ka etsisa sebete sa hae le moea oa hae oa ho sebeletsa batho ba bang joang?

52 MAREKA

“O Nthusa Haholo”

Ho sa tsotellehe lintho tse ileng tsa mo etsahalla, ka sebete Mareka o ile a tsoela pele ka tšebeletso ea hae le ka ho thusa Bakreste-’moho le eena. Re ithuta eng mohlaleng oa hae?

53 PAULUSE

O ile a ba Sebete Nakong ea Sefefo

Moapostola Pauluse o ile a bontša joang hore o sebete nakong eo ho neng ho bonahala ho se na tšepo? Sebete sa hae se ile sa thusa batho ba bang joang?

54 MOAPOSTOLA JOHANNE

O Ile a Bontša Sebete Linakong Tsa Mathata

Moapostola Johanne ha aa ka a tšoha kapa hona ho tela ha a kopana le mathata. Re ka etsisa mohlala oa hae joang ’me ra tsoela pele ho tsamaea le Molimo ka sebete?

SEPHETHO

SEPHETHO

“A re Beng Sebete”

Bibele e tletse ka mehlala ea banna le basali, bana le batho ba holileng bao ka sebete ba ileng ba emela Jehova. Lipale tsa bona li ka re susumetsa hore le rona re etse se tšoanang.

Ka masoabi lintho tseo u li batlang ha li eo