PHELA JOALOKA MOKRESTE
Popo e re Ruta’ng ka ho ba Sebete?
Jehova oa re ruta hore na ke Molimo ea joang a sebelisa mehlala ea banna le basali ba hlahang ka Bibeleng. Leha ho le joalo, re ka boela ra ithuta haholo linthong tseo Molimo a li bopileng. (Jobo 12:7, 8) Re ka ithuta’ng ka sebete seo tau, pere, mosha, nonyana e bitsoang hummingbird, le tlou li nang le sona?
SHEBELLANG VIDEO EA ITHUTE HO BA SEBETE LINTHONG TSEO JEHOVA A LI BOPILENG EBE KA MOR’A MOO LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
-
Litau tse tšehali li bontša sebete joang ha li sireletsa malinyane a tsona?
-
Lipere li koetlisoa joang hore li be sebete ha li le ntoeng?
-
Ke hobane’ng ha mosha o sa tšabe linoha tse chefu?
-
Li-hummingbirds li bontša sebete joang?
-
Mohlape oa litlou o bontša sebete joang ha li hlaseloa?
-
Liphoofolo tsee li u ruta’ng ka ho ba sebete?