Sesotho (Lesotho)
E-ba teng Kopanong ea 2026 ea “Thaba ka ho sa Feleng”
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/1102026198/univ/art/1102026198_univ_sqr_xl.jpg

Rea u Mema

Thaba ka ho sa Feleng

Kopano ea Lipaki Tsa Jehova ea 2026

Fumana Kopano e Haufi le Uena

Ho kenoa mahala Ha ho ntšoe koleke

Seo u ka se Lebellang

Labohlano: Hlokomela bopaki bo ka Bibeleng bo bontšang hore Molimo le Mora oa hae Jesu ba batla hore u thabe.

Moqebelo: Ithute hore na u ka thaba ka ho sa feleng joang ka ho hlahloba puo ea Jesu e tsebahalang ka hore ke Thuto ea Thabeng.

Sontaha: Puong e reng: “Na u Fumane Letlotlo?” ithute hore na ’nete e ka Bibeleng e thusitse batho ba limilione joang hore ba thabe haholoanyane.

Tšoantšiso

Litaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tšebeletso ea Hae: Video ea 4 ho ea ho 6

Shebella ha Jesu a ruta matšoele, a folisa batho a bile a tsosa bafu. Letsatsi ka leng la kopano ho tla shebelloa video ea tšoantšiso ena e monate le e amang pelo.

Kena ho jw.org/st ho fumana lenaneo le feletseng hape u shebelle livideo tsena:

Ho Etsahala’ng Likopanong Tsa Lipaki Tsa Jehova?

Bona hore na u ka lebella eng likopanong tsa Lipaki Tsa Jehova.

Seo u ka se lebellang kopanong ena.

Jesu o ile a sebelisa bokhoni ba hae joang ho thusa batho?

Shebella litšoantšiso tse shebeletsoeng likopanong tse fetileng.