Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | BATJHA

Boithabiso bo Kotsi

Boithabiso bo Kotsi

BOTHATA

“Ke ne ke eme haufi le terene e neng e matha ka lebelo le leholo ka thaneleng. Motsotso oo e ne ele o thabisang haholo, hoo ke ileng ka utlwa eka mathata aka a fedile.”—Leon. *

“Ha ke ne ke ikakgela ka metsing ke eme lefikeng le leholo, sena se ne se etsa hore ke ikutlwe ke lokolohile ka metsotswana e seng mekae feela. Ke ntho eo ke neng ke rata ho e etsa, empa ka dinako tse ding e ne e ntshosa.”—Larissa.

Jwalo ka Leon le Larissa, batjha ba bangata ba rata boithabiso bo behang bophelo ba bona kotsing. Na le wena o lekeha ho ba etsisa? Haeba ho jwalo, sehlooho sena se tla o thusa.

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA

O ka lemalla boithabiso bo kotsi. Bo ka etsa hore o be le thabo e kgaphatsehang ka nakwana empa o batle e eketsehileng. Marco eo jwalo ka Leon a ileng a ya dithaneleng tsa terene, o re: “E ne e le papadi e sehloho. Ke ne ke thabile ka nakwana. Le ha ho le jwalo, ke ne ke sa kgotsofala.”

Justin ya ile a ya papading ya ho itshwarelletsa ka dikoloi tse lebelong le phahameng a rwetse dieta tsa mabidi, o re: “Monyaka oo ke ileng ka o utlwa, o ile wa etsa hore ke batle ho ipheta. Ke ne ke etsetsa ho thabisa batho, empa ka qetelletse ke le sepetlele.”

Kgatello ya dithaka e ka etsa hore o se ke wa nahana ka tsela e bohlale. Motjha e mong ya bitswang Marvin o re: “Metswalle ya ka e ile ya nqobella hore ke palame moaho o motelele e ntse e re: ‘A re ye monna. O ka kgona.’ Ke ile ka ikutlwa ke sa sireletseha. Ke ne ke thothomela ha ntse ke leka ho nyolohela hodimo.” Larissa, eo re buileng ka yena qalong yena o re: “Ke ne ke ya le morethetho feela.”

Ha batjha ba kena Inthaneteng mme ba bona ho roriswa batjha ba bang ba ipabolang ka dipapadi tsena tse kotsi, le bona ba qetella ba se ba kgalletse ho di kenela. Divideo tsa dipapadi tsena, di teng le metjheng ya phatlalatso mme batjha ba bangata ba a di rata.

Ka mohlala, divideo tse ding tse tummeng di bontsha kamoo o ka palamang mabota, matlo le ditepisi o matha, o palama kapa o tlolatlola ho sena letho le o sireleditseng. Sena se ka etsa hore o iketsetse diqeto tse fosahetseng: (1) Hore o ke ke wa lemala hakaalo. (2) Hore e etswa ke batho bohle. Ditlamorao: O ka kena tekong ya ho kenela dipapadi tsena tse ka behang bophelo ba hao kotsing.

Ho na le ditsela tse ngata tseo o ka bontshang bokgoni ba hao ka tsona. Bibele e re: “Kwetliso ya mmele e na le molemo o monyenyane.” (1 Timothea 4:8) Empa Mangolo a boetse a hlokomedisa hore o lokela ho “phela ka ho hlaphohelwa kelellong.” (Tite 2:12) O ka etsa seo jwang?

SEO O KA SE ETSANG

Sheba dikotsi tsa teng. Bibele e re: “E mong le e mong ya masene o tla sebetsa ka tsebo, empa ya hlokang kelello o tla hasanya bowatla hohle.” (Liproverbia 13:16) Pele o nahana ka ho kenela papadi e itseng, qala pele o etse dipatlisiso e le hore o tsebe dikotsi tse ka hlahang. Ipotse: ‘Na ebe ke beha bophelo ba ka kotsing ka papadi ee?’—Molaomotheo wa Bibele: Liproverbia 14:15.

Kgetha metswalle e hlomphang bophelo. Metswalle ya sebele e ke ke ya o susumelletsa hore o ipehe kotsing kapa ya o jwetsa hore o etse ntho eo e tsebang hantle hore ha o e thabele. Larissa o re: “Metswalle e molemo le e tsitsitseng, e nthusitse ho etsa diqeto tse betere ho feta dipapadi tseo ke neng ke batla ho di kenela. Sena se ile sa etsa hore bophelo ba ka bo fetohe.”—Molaomotheo wa Bibele: Liproverbia 13:20.

Ipotse: ‘Na ebe ke beha bophelo ba ka kotsing ka papadi ee?’

Thabela dintho tseo o kgonang ho di etsa ntle le ho beha bophelo ba hao kotsing. Buka ya Adolescent Risk Behaviors e re: “Ho ipehela melao le meedi” ke karolo ya ho hola. O ka ya sebakeng se sireletsehileng ho hlahloba moo meedi ya hao e fellang teng.

Itlhomphe. Batho ba tla o hlompha ha ba bona o atleha ho sebetsana le diteko tsa bophelo. Larissa o re: “Jwale ke a bona hore ke ne ke beha bophelo ba ka kotsing ka ho ikakgela ka metsing ke eme hodima lefika le leholo. Ekare nka kgutlisetsa dintho morao.”

Seo re ithutang sona: Ho e na le ho beha bophelo ba hao kotsing ho sa hlokahale, sebedisa bohlale ha o kgetha boithabiso.—Molaomotheo wa Bibele: Liproverbia 15:24.

^ par. 4 Mabitso a mang sehloohong sena a fetotswe.