Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA E ENTSWE?

Tsela eo Dikgetla Tsa Kgofu ya Lewatleng di Bopilweng ka Yona

Tsela eo Dikgetla Tsa Kgofu ya Lewatleng di Bopilweng ka Yona

DIKGETLA tsena di thusa mefuta e fapaneng ya dikgofu ho phela tlasa maemo a thata, le ho di sireletsa ha di kopana le kgatello e boima botebong ba lewatle. Tsela ena e hlollang eo dikgetla tsena di sireletsang dikgofu ka yona, e susumeditse dienjiniere ho ithuta sebopeho sa dikgetla ka ho eketsehileng e le hore di ka qopitsa tsela ena mme tsa etsa dikoloi le mehaho e tla sireletsa batho.

Ako nahane ka sena: Dienjiniere di ile tsa ithuta ka mefuta e mmedi ya dikgetla tsa lewatleng, eleng dikgetla tse kopaneng tse pedi le kgetla e harelaneng e kang sekurufu.

Dipatlisiso tse entsweng di bontsha hore ha ho na le kgatello e itseng, dikgetla tsena di sireletsa dikgofu ka ho isa kgatello eo dikarolong tsa tsona tse matla. Ka mohlala, dikgetla tse kopaneng tse pedi, di sebedisa kgopo ya tsona e ka ntle ho theolela kgatello ena sehokelong le dikarolong tse ding tsa yona tse ka ntle e le ho sireletsa kgofu. Athe tsela e kobehileng eo kgetla e harelaneng e entsweng ka yona, e e thusa ho isa kgatello karolong e ka hodimo ya yona e le ho sireletsa kgofu. Sena se etsa hore dikgofu di se ke tsa lemala esita le maemong a mabe.

Bafuputsi ba ile ba etsa dikgetla tsa maiketsetso ba qopitsa tsa sebele. Yaba ba a di bapisa mme ba etsa diteko e le ho bona hore na ba ka kgona ho qapa dintho tse ding tse itseng. Ka mora diteko tseo, ba ile ba hlokomela hore dikgetla tsa sebele, di kgona ho mamella kgatello ho feta dikgetla tsa maiketsetso.

Makasine ya Scientific American e re: “Haeba ho ka etsahala hore re qetelle re na le dikoloi tse entsweng jwalo ka dikgetla tsa dikgofu tsa lewatleng, e ke ke ya ba tsa maemo a phahameng feela ho ena le hoo, di tla boela di sireletse le dikarolo tse ding tse ka hare tsa koloi.”

O nahanang ka see? Na tsela eo dikgetla tsa kgofu ya lewatleng e bopilweng ka yona ebile teng ka ho iphetola ha dintho kapa e entswe?