Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho ithuta ho sebetsa ka thata ho tshwana le ho ikwetlisa, hobane ho tla o tswela molemo hona jwale le nakong e tlang

BATJHA

11: Ho ba Mafolofolo

11: Ho ba Mafolofolo

HO BOLELANG?

Batho ba mafolofolo ha ba tshabe mosebetsi. Ho ena le hoo, ba thabela ho sebetsa ka thata e le hore ba itlhokomele le hore ba thuse batho ba bang le ha mesebetsi ya bona e se ya maemo.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?

Re rata kapa re sa rate, re na le boikarabelo bophelong. Ho sebetsa ka thata ho ka o tswela molemo lefatsheng lena le tletseng batho ba botswa.—Moeklesia 3:13.

“Ke ithutile hore ha o sebetsa ka thata o a kgotsofala ebile o ikutlwa o le motho wa bohlokwa. Sena se etsa hore ke rate mosebetsi wa ka. Ho feta moo, ho sebetsa ka thata ho tla etsa hore o be le botumo bo botle.”—Reyon.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ka mofuta o mong le o mong wa ho sehla ho ba le molemo.”—Liproverbia 14:23.

SEO O KA SE ETSANG

Mehato e latelang e ka o thusa hore o thabele mosebetsi wa hao.

Ithute ho etsa mosebetsi wa hao hantle. Sebetsa ka thata ho sa tsotellehe hore na o etsa mosebetsi wa lapeng, wa sekolo kapa mosebetsi wa boiphediso. Ha o se o tseba mosebetsi wa hao, batla ditsela tsa ho ntlafatsa ho ona, jwalo ka ho sebetsa kapele. Ka mantswe a mang, o tla thabela mosebetsi wa hao le ho feta haeba o o tseba hantle.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Na o bone motho ya nang le tsebo mosebetsing wa hae? O tla ema ka pela marena; a ke ke a ema ka pela batho feela ba tlwaelehileng.”—Liproverbia 22:29.

Sheba dintho tsa bohlokwa. Hangata ha o jara boikarabelo ba hao, o thusa batho ba bang. Ka mohlala, ha o thusa ba lelapa ka mosebetsi wa ka tlung, o ba fokoletsa mosebetsi.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

Etsa ho fetang se lebeletsweng. Ho etsa se fetang se lebeletsweng ho bolela hore ha o etse feela seo o tlamehang ho se etsa. Ka tsela eo, o etsa dintho hobane o rata, eseng hobane o qobellwa.—Matheu 5:41.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ketso e molemo ya hao e se ke ya eba jwalo ka ha eka ke ka ho qobellwa, empa e be ya boithatelo ba hao.”—Filemone 14.

Lekalekanya dintho. Batho ba sebetsang ka thata ha ba botswa ebile ha ba ipolaye ka mosebetsi. Ba lekalekanya dintho ka hore ba thabele ho sebetsa le hoba le nako ya ho phomola.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabedi le ho lelekisa moya.”—Moeklesia 4:6.