Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Botshepehi bo jwalo ka ankora e bolokang lenyalo la lona le tsitsitse nakong ya difefo

BANYALANI

1: Botshepehi

1: Botshepehi

BO BOLELANG?

Banna le basadi ba tshepahallanang, ba nka lenyalo la bona e le ntho ya ka ho sa feleng, mme seo se etsa hore ba ikutlwe ba sireletsehile lenyalong. Ka bobedi ba kgodisehile hore ba tla dula ba tshepahallana, le ha ba ka hlahelwa ke mathata a boima.

Banyalani ba bang ba dula mmoho hobane feela ba tseba hore lelapa, metswalle le basebetsimmoho ba ke ke ba thabela hore ba hlalane. Le ha ho le jwalo, ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore banyalani ba ratane ba be ba hlomphane.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Monna ha a a lokela ho tlohela mosadi wa hae.”—1 Bakorinthe 7:11.

“Haeba o tshepahalla molekane wa hao, o potlakela ho mo tshwarela le ho kopa tshwarelo. Ha o utlwiswe bohloko le ke dintho tse sa reng letho. O nka mathata e le tshitiso feela, e seng e le lebaka le ka etsang hore le hlalane.”—Micah.

KE HOBANENG HA SEE E LE SA BOHLOKWA?

Ha banyalani ba sa tshepahallaneng ba kopana le mathata, hangata ba re ‘re ne re sa tshwanelane,’ mme ba batla ditsela tsa ho arohana.

“Batho ba bangata ba nyalana ba tseba hore haeba dintho di sa ba tsamaele hantle, ba ka hlalana. Ha batho ba kena lenyalong ba se ba ntse ba nahana hore ho ka etsahala ba hlalane, ho a bonahala hore ha ba a ikemisetsa hore lenyalo la bona le atlehe.”—Jean.

SEO O KA SE ETSANG

ITLHAHLOBE

Ha o sa dumellane le molekane wa hao ka taba e itseng . . . 

  • Na o na le ho itshola hore na o mo nyalletseng?

  • Na o ipona o na le motho e mong?

  • Na o na le ho bua mantswe a kang “Ebile ke a tsamaya” kapa “Ke ilo iphumanela motho ya nratang”?

Haeba o arabile ka Ee ho e nngwe ya dipotso tsena, ena ke nako ya hore o leke ka matla ho tshepahalla molekane wa hao.

BUISANA LE MOLEKANE WA HAO

  • Na re ntse re ratana jwalo ka pele? Haeba ha ho jwalo, ho senyehile kae?

  • Re ka lokisa dintho jwang?

DINTHO TSE KA O THUSANG

  • Nako le nako ngolla molekane wa hao molaetsa o mo kgutshwane mme o mo bolelle hore o a mo rata

  • Bontsha hore o a mo rata ebile o a mo tshepahalla ka hore o behe dinepe tsa hae tafoleng ya hao ya moo o sebetsang teng

  • Buisana le molekane wa hao ka founo ha a le mosebetsing kapa le se mmoho

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Seo Modimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha eba le motho ya se arolang.”—Matheu 19:6.