Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e re fa Tshepo ya Sebele ka Bokamoso

Bibele e re fa Tshepo ya Sebele ka Bokamoso

NKA hore o tsamaya bosiu lefifing. Le hoja e le kgale letsatsi le se le diketse, ha o a tshoha hohang hobane o na le totjhe e matla haholo. Ha o e shebisa fatshe, o kgona ho bona ntho e ka pela hao hantle. Athe ha o e shebisa pele teng, kganya ya yona e hlakileng e phunyelletsa le ho ya fihla sebakeng se holenyana.

Ka tsela e itseng, re ka re Bibele e tshwana le totjhe. Jwalo ka ha re se re bone dihloohong tse fetileng, Bibele e ka re thusa ho sebetsana le mathata a letsatsi le letsatsi lefatsheng lena le sa tsitsang. Empa e ntse e ka re thusa le dinthong tse ding. E boetse e re kgantshetsa lesedi hore re bone bokamoso, e leng se etsang hore re tsamaye tseleng ya bophelo e re isang thabong le kgotsofalong ya ka ho sa feleng. (Pesaleme ya 119:105) Empa seo se ka etsahala jwang?

A re ke re tshohleng ditsela tse pedi tseo ka tsona Bibele e ka re fang tshepo bakeng sa bokamoso: 1 E etsa hore re be le sepheo bophelong, hape 2 e re ruta hore na ke jwang re ka bang le setswalle sa ka ho sa feleng le Mmopi wa rona.

1 HO BA LE SEPHEO BOPHELONG

Ke nnete hore Bibele e fana ka dikeletso tse ka re thusang ho sebetsana le mathata a rona, empa e etsa se fetang seo. Ho ena le hore e re thuse ho lebisa tlhokomelo dinthong tse re tshwenyang feela, e boetse e re thusa ho bona hore na ke hobaneng ha re lokela ho ba batho ba fanang. Ha re utlwisisa lebaka la seo feela, jwale re tla ba le sepheo bophelong.

Nka ka mohlala molaomotheo ona wa Bibele o reng: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Na o sa hopola mohla o neng o thusa motho ya hlokang? Kapa mohlomong o kile wa mamela ka hloko ha motswalle wa hao a o tshollela maikutlo a hae. Na ha o a ka wa utlwa o finyelletse ho hong ka ho etsa hore motho eo a thabele letsatsi la hae?

Re thaba haholo ha re fana re sa lebella hore re kgutlisetswe ho hong. Ke ka hona mongodi e mong a kileng a re: “Ho ke ke ha etsahala hore o se ke wa fumana se fetang seo o faneng ka sona, ha feela o ne o fana o sa lebella ho buseletswa ho hong.Ka sebele, ha re itella ba bang ka ho ba fa se itseng haholoholo batho bao re tsebang hantle hore ba kojwana di mahetleng, re tla fumana moputso. Re tla utlwisisa lebaka la ho fana. Ka nnete re sebetsa mahetla a bapile le Mmopi wa rona, ya nkang hore ka ho etsa ketso ena e mosa, re a mo adima. (Liproverbia 19:17) O nka seo re se etsetsang batho ba boemo bo tlaase e le sa bohlokwa haholo, ebile o re tshepisa hore moputso wa rona e tla ba bophelo bo sa feleng paradeiseng e leng tshepo e thabisang ka bokamoso.—Pesaleme ya 37:29; Luka 14:12-14. *

Ka hodimo ho tsohle, Bibele e re ruta hore re tla ba le sepheo bophelong ha re rapela Modimo wa nnete Jehova. E boetse e re kgothalletsa hore re mo rorise, re mo hlomphe re be re mo mamele. (Moeklesia 12:13; Tšenolo 4:11) Ha re etsa jwalo, re finyella ntho e tsotehang ka ho fetisisa le eo re ka nahanisisang ka yona: Re thabisa Mmopi wa rona. Ke ka hona a reng ho e mong le e mong wa rona: “Hlalefa mme o thabise pelo ya ka.” (Liproverbia 27:11) Ako nahane feela, ha re etsa diqeto re sebedisa melaomotheo ya Bibele, re thabisa pelo ya Ntate wa rona ya lerato ya lehodimong. Hobaneng? Hobane o a re kgathalla ebile o batla hore re fumane melemo e mengata ka ho latela tataiso ya hae. (Esaia 48:17, 18) Ruri ha ho na ntho ya bohlokwa ho feta ho ba le sepheo bophelong le ho rapela Mmusi wa dintho tsohle. Ka ho etsa jwalo, re tla be re phela ka tsela e thabisang pelo ya Jehova!

2 HO ETSA SETSWALLE LE MMOPI WA RONA

Bibele e boetse e re ruta hore re etse setswalle le Mmopi wa rona. E re: “Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona.” (Jakobo 4:8) Ka dinako tse ding, re ka nna ra ipotsa hore na ehlile ho a kgonahala ho ba metswalle ya Mmopi ya matla ohle. Empa Bibele e re fa kgodiseho ya hore haeba re ‘batla Modimo,’ “ka sebele [re tla] mo fumana” hobane “[ha] a . . . hole le e mong le e mong wa rona.” (Liketso 17:27) Keletso ena ya Bibele ya hore re be metswalle ya Modimo, ke ya bohlokwa bakeng sa bokamoso ba rona. Ebe ke ka tsela efe?

Ako nahane ka sena: Ho sa tsotellehe boiteko boo re ka bo etsang, ha ho na motho ya nang le matla a ho balehela sera se seholo ka ho fetisisa, e leng lefu. (1 Bakorinthe 15:26) Le ha ho le jwalo, Jehova ke Modimo wa ka ho sa feleng. Ka ha le ka mohla a ke ke a shwa, o batla hore metswalle ya hae le yona e se ke ya shwa. Ke ka hona a reng ho yona: “E se eka dipelo tsa lona di ka phela ka ho sa feleng.”—Pesaleme ya 22:26.

O ka ba le setswalle sa ka ho sa feleng le Modimo jwang? Ka ho tswela pele o ithuta ka yena Lentsweng la hae e leng Bibele. (Johanne 17:3; 2 Timothea 3:16) Batla thuso ya hae e le hore o kgone ho utlwisisa Mangolo. Bibele e re re “nne [re] kope Modimo” hore a re fe bohlale mme e re tshepisa hore o tla re fa. * (Jakobo 1:5) Qetellong, ikemisetse ho kenya tshebetsong sohle seo o ithutang sona Bibeleng mme o e dumelle hore e be “lebone la leoto la [hao]” le “lesedi tseleng ya [hao]” hona jwale le ka ho sa feleng.—Pesaleme ya 119:105.

^ par. 8 E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng mabapi le tshepiso ya Modimo ya ho re fa bophelo bo sa feleng Paradeiseng, sheba kgaolo ya 3 bukeng ya, Bibele e re Rutang? e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova.

^ par. 13 Dipaki Tsa Jehova di ka thabela ho ithuta Bibele le wena e le hore o kgone ho utlwisisa Mangolo a Bibele ka botlalo. E le hore o bone hore na di etsa sena jwang, re kopa hore o ke o shebelle video e reng Ho Etsahala Eng Thutong ya Bibele? O ka e fumana websaeteng ho jw.org/jw-ssa.

Jehova ke Modimo wa ka ho sa feleng, o batla hore metswalle ya hae e se ke ya shwa