Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

1 Bibele e ka o Thusa ho Qoba Mathata

1 Bibele e ka o Thusa ho Qoba Mathata

Keletso ya Bibele e buduletswe mme e “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho kgalemela, bakeng sa ho otlolla dintho.” (2 Timothea 3:16) Na seo ke nnete? Hlokomela kamoo bohlale ba Bibele bo thusitseng batho ba bang ho qoba mathata a boima bophelong le pele a mela ka metso.

HO NWA JWALA HO TLOLA

Delphine eo re buileng ka yena sehloohong se fetileng, o re tsela eo a neng a dula a tshwenyehile ka yona, e ile ya etsa hore a batle ho nwa jwala ho tlola. Bibele e hanela ho nwa jwala ho tlola, ebile e re: “O se ke wa ba hara ba nwang veine haholo.” (Liproverbia 23:20) Jwala bo sentse dikamano tsa batho ba bangata. Ba bang ba tshwerwe ke malwetse a itseng, athe ba dimilione ba a shwa selemo le selemo. Mathata ana a ne a ka qojwa haeba batho ba latela keletso e bohlale e ka Bibeleng.

Delphine yena o kgonne. O re: “Ke a hlokomela hore ho nwa jwala ho ne ho sa rarolle mathata aka. Ke ile ka sebedisa keletso e ho Bafilipi 4:6, 7 e reng : ‘Le se ke la tshwenyeha ka letho, empa . . . dikopo tsa lona tse matla di ke di tsebiswe Modimo.’ Bosiu ha ke ne ke tlelwa ke menahano e tshwenyang, ke ne ke etsa kopo e tiileng ho Jehova. Ke mo tshollela se ka pelong ya ka ha ke halefile, ke utlwile bohloko, ke bile ke nyahame. Ke mo kopa ka tiyo hore a nthuse ke fumane ditsela tsa ho tswa mathateng ana a ka. Ebe hoseng ha ke tsoha ke etsa bonnete ba hore ke kgaotsa ho nahana ka dintho tseo tse nyahamisang. Ho dula ke rapela Jehova, ho nthusitse ho tsepamisa monahano wa ka ho seo ke nang le sona e seng ho seo ke se nang sona. Ke entse qeto ya ho se hlole ke nwa jwala hohang. Ka hobane kgotso eo ke e fumaneng e bohlokwa haholo, ke ne ke sa batle ho lahlehelwa ke yona.”

BOITSHWARO BO BOBE

Boitshwaro bo bobe ke e nngwe ya dintho tse utlwisang bohloko le tse tlisang masisapelo. Empa melaomotheo ya Bibele e ka re thusa ho qoba le ho lemoha tse ding tsa dintho tse ka re tlisetsang mathata. Ka mohlala, dintho tse jwalo ka ho bapala ka maikutlo a motho a lerato le pornography. Samuel o re: “Ho ne ho le bonolo hore motho o iphumane o se o bapetse ka maikutlo a motho a lerato. Ka nako tse ding, o ne o tla fumana nna ke itjwetsa hore ke a ipapalla athe motho ke eo o se a nkehile jwale, ke ye ke utlwe ho le monate hore ha hoba jwalo.” Eitse ha Samuel a utlwa hore batho ba re o bapala ka maikutlo a banana le ha a sa ikemisetsa, yaba o se a etsa ka boomo. Empa mokgwa ona o ile wa mo tshwenya. Hona jwale o re: “Mokgwa ona o ne o le kotsi hobane o etsa hore motho a ikutlwe eka ke yena ke yena.”

Samuel o ile a bala sehlooho se seng se ngoletsweng batjha se websaeteng ya jw.org. Mme o ile a nahana ka Liproverbia 20:11 e reng: “Esita le ka diketso tsa hae moshanyana o iketsa hore a hlokomelwe mabapi le hore na mosebetsi wa hae o hlwekile mme o lokile.” Lengolo leo le mo thusitse jwang? Samuel o ile a hlokomela hore ho bapala ka maikutlo a motho a lerato, ho ne ho sa hlweka ebile ho sa loka. Hona jwale o re: “Ke ithutile hore motjha ya bapalang ka maikutlo a motho e mong a lerato, e ke ke ya ba molekane ya molemo lenyalong. Ke ile ka ipotsa hore na ebe mohlang ke nyetseng mona, molekane waka o tla ikutlwa jwang ha a bona ntse ke bonya le batho ba bong bo fapaneng. Seo se ile sa etsa hore ke hlokomele hore ka nnete mokgwa ona o mobe ebile o kotsi. Taba ya hore feela ho bonolo ho bapala ka maikutlo a motho a lerato ha ho bolele hore ke ntho e lokileng.” Samuel o ile a fetoha. Ho qoba mokgwa ona o nyontshang ho bile ho mo thusitse hore a hlole boitshwaro bo bobe.

Antonio le yena ke lehlatsipa la boitshwaro bo bobe: O ne a lemalletse pornography. Le hoja a ne a nyetse mosadi eo a neng a hlile a mo rata, o ile a inehela boitshwarong boo. O re ho nahanisisa ka lengolo la 1 Petrose 5:8, ho mo thusitse haholo. Le re: “Dulang le hlaphohetswe dikelellong, le lebele. Mohanyetsi wa lona, Diabolose, o tsamaya jwalo ka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” Antonio o re: “Ditshwantsho tse etseditsweng ho tsosa takatso ya ho etsa thobalano di tletse hohle mona mme di ka dula ka kelellong nako e telele. Temana eo e ile ya etsa hore ke nahanisise ka hore na hantlentle mohlodi wa diteko tse tshwanang le ena ke mang. Ke ile ka lokela ho lemoha hore mohlodi wa dintho tsena tse manyala ke Diabolose. Hona jwale ke a tseba hore ke Jehova feela ya ka nthusang hore ke dule ke ‘hlaphohetswe kelellong’ mme ke lwantshe teko ena monahanong, pelong le lenyalong laka.” Antonio o ile a fumana thuso eo a neng a hlile a e hloka yaba qetellong o kgona ho hlola boitshwaro boo bo bobe. Seo se mo thusitse hore a qobe le mathata a tebileng a neng a ka nna a mo hlahela.

Ho hlakile hore Bibele e fana ka keletso e ka re thusang ho qoba mathata a tebileng. Empa ho thweng ka mathata ao re ka reng a se a metse ka metso ho motho kapa a latellang motho? A re ke re boneng kamoo Lentswe la Modimo le ka boelang la re thusa kateng le tabeng ena.

Tataiso ya Bibele e ya sebetsa mme e ka re thusa ho qoba mathata a itseng a ka re hlahelang