Na Mathata a Moruo a Tla ke a Fele?
Dinaheng tse ngata, batho ba ipelaetsa ka lebaka la mathata a moruo a teng. Mathata ana a ile a mpefala le ho feta nakong ya sewa sa COVID-19. Nakong eo, ho ile ha eba le merusu ka lebaka la di lockdown, kgaello ya dintho le kgaello ya ditshebeletso tsa bophelo bo botle. Ho ile ha bonahala phapang e kgolo pakeng tsa barui le mafutsana.
Na mathata a moruo a aparetseng lefatshe a tla ke a fele? E. Bibele e bontsha seo Modimo a tla se etsa ho rarolla mathata ao re tobaneng le ona.
Mathata a moruo ao Modimo a tla a rarolla
Bothata: Batho ba hlolehile ho etsa hore boemo ba moruo bo kgotsofatse ditlhoko tsa batho bohle.
Tharollo: Modimo o tla fedisa mebuso ya batho mme e nkelwe sebaka ke Mmuso wa hae. Mmuso oo o tla busa lefatshe lohle o le lehodimong.—Daniele 2:44; Matheu 6:10.
Phello: Ka ha mmuso wa Modimo o tla busa lefatsheng lohle, o tla laola lefatshe ka tsela e phethahetseng. Ho ke ke ha hlola ho eba le bofutsana kapa mathata a moruo. (Pesaleme 9:7-9, 18) Ho e na le hoo, batho ba tla thabela mosebetsi wa matsoho a bona mme ba phele bophelo bo kgotsofatsang le malapa a bona. Bibele e tshepisa sena: “Ba tla haha matlo mme ba dule ho ona, ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona. Ba ke ke ba haha matlo ebe motho e mong o dula ho ona, ba ke ke ba lema ebe ho ja batho ba bang.”—Esaia 65:21, 22.
Bothata: Batho ha ba kgone ho qoba diketsahalo tse bakang mathata le bofutsana.
Tharollo: A sebedisa Mmuso wa hae, Modimo o tla fedisa dintho tsohle tse etsang hore batho ba tshohe ba be ba ikutlwe ba sa sireletseha.
Phello: Tlasa tlhokomelo ya Modimo, batho ha ba sa tla hlola ba hlahelwa ke maemo a etsang hore bona kapa malapa a bona ba hloke dintho tsa bohlokwa bophelong. Ka mohlala, dintwa, dikgaello tsa dijo le mafu a sewa di ke ke tsa hlola di eba teng. (Pesaleme 46:9; 72:16; Esaia 33:24) Modimo o re: “Setjhaba sa ka se tla dula sebakeng se nang le kgotso, dibakeng tse sireletsehileng le dibakeng tse nang le kgutso.”—Esaia 32:18.
Bothata: Hangata batho ba meharo le ba inahanang bobona ba hatella batho ba bang.
Tharollo: Bafo ba Mmuso wa Modimo ba tla ithuta ho rata ba bang e le ka nnete ho e na le ho inahana bobona feela.—Matheu 22:37-39.
Phello: Tlasa Mmuso wa Modimo, e mong le e mong o tla bontsha lerato le jwalo ka la Modimo, hobane “ha a itjhebe boyena feela.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) Bibele e re: “Di ke ke tsa lematsa batho kapa tsa baka tshenyo thabeng yohle ya ka e halalelang hobane hohle lefatsheng batho ba tla tseba Jehova, a Jwalo ka ha metsi a kwahela lewatle.”—Esaia 11:9.
Bibele e bontsha hore re phela mehleng ya bofelo le hore haufinyane Modimo o tla phethahatsa tshepiso ya hae ya ho fedisa mathata ohle a moruo. b (Pesaleme 12:5) Ha re ntse re emetse seo, melaomotheo ya Bibele e ka o thusa ho sebetsana le mathata a moruo ao o tobaneng le ona hona jwale. Ka mohlala, sheba dihlooho tse reng, “O ka Phela ka Tjhelete e Nyenyane Jwang?” le se reng, “E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete.”
a Lebitso la Modimo ke Jehova jwalo ka ha Bibele e bolela.—Pesaleme 83:18.
b E le ho tseba hore na ke hobaneng ha o ka tshepa Bibele, sheba sehlooho se reng, “Bibele e Nepahetse Dinthong Tsohle.”

