Kosepele ya Luka 4:1-44

  • Diabolose o leka Jesu (1-13)

  • Jesu o qala ho ruta Galilea (14, 15)

  • Batho ba Nazaretha ba hana ho dumela ho Jesu (16-30)

  • Jesu o ntlong ya thapelo Kapernauma (31-37)

  • Mohwehadi wa Simone le batho ba bang ba a fodiswa (38-41)

  • Letshwele le fumana Jesu a dutse moo a leng mong (42-44)

4  Jesu a tloha nokeng ya Jordane. O ne a tletse moya o halalelang o ileng wa mo tataisetsa lefeelleng.+  Yaba o qeta matsatsi a 40 moo a sa je. Ka mora matsatsi ao, a utlwa a lapile yaba Diabolose o a tla ho tla mo leka.+  Diabolose a re ho yena: “Haeba o mora wa Modimo, bolella lejwe lena hore le fetohe bohobe.”  Empa Jesu a re: “Mangolo a re: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’”+  Ka hoo, Diabolose a mo isa hodimo thabeng mme a mo bontsha mebuso yohle ya lefatshe ka nako le motsotso.+  Yaba Diabolose o re ho yena: “Ke tla o fa matla a ho laola mebuso ena kaofela le kganya ya yona hobane ke ya ka+ mme nka e fa mang kapa mang eo ke batlang ho mo fa yona.  Jwale haeba o ka nthapela,* ke tla o fa yona kaofela.”  Jesu a re ho yena: “Mangolo a re: ‘Ke Jehova* Modimo wa hao eo o lokelang ho mo rapela ebile ke yena feela eo o lokelang ho mo sebeletsa.’”+  Diabolose a mo isa Jerusalema, a mo emisa hodima tora* ya tempele yaba o re ho yena: “Haeba o mora wa Modimo, itihele fatshe+ 10  etswe Mangolo a re: ‘O tla romela mangeloi a hae ho wena hore a o sireletse. 11  A tla o jara ka matsoho e le hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.’”+ 12  Jesu a re ho yena: “Ho itswe: ‘O se ke wa leka Jehova* Modimo wa hao.’”+ 13  Ha Diabolose a qetile ho mo leka, a mo tlohela yaba o emela hore monyetla o mong o hlahe.+ 14  Jesu a kgutlela Galilea+ a tletse matla a moya o halalelang. Diketso tsa hae tse ntle tsa tsebahala dibakeng tsohle tse haufi le moo. 15  A qala ho ruta ka matlung a bona a thapelo* mme batho bohle ba ne ba mo hlompha. 16  Yaba Jesu o ya Nazaretha+ moo a holetseng teng. A kena ka tlung ya thapelo* ka letsatsi la Sabatha+ jwalo ka ha a ne a tlwaetse yaba o a ema e le hore a bale. 17  A nehwa moqolo wa moprofeta Esaia, a o bula yaba o bala moo ho ngotsweng mantswe a reng: 18  “Moya wa Jehova* o hodima ka hobane o nkgethetse* hore ke bolelle bafutsana ditaba tse monate. O nthometse hore ke phatlalatse tokoloho ho batshwaruwa, ke bule mahlo a ba sa boneng, ke lokolle ba hateletsweng+ 19  le ho phatlalatsa selemo sa Jehova* sa ho hlohonolofatsa batho.”+ 20  Yaba o phutha moqolo oo, o o busetsa ho mohlanka wa ntlo ya thapelo* mme o dula fatshe. Bohle ba ka tlung ya thapelo ba ne ba mo shebile ka hloko. 21  Jwale a re ho bona: “Kajeno lengolo lena leo le sa tswa le utlwa le phethahetse.”+ 22  Kaofela ba mo bua hantle le ho tsota dintho tse monate tseo a di buang+ ba re: “Na ha se mora wa Josefa eo?”+ 23  Yaba o re ho bona: “Ke a tseba hore le tla qotsa mantswe ana: ‘Ngaka iphekole,’ ebe le re ho nna: ‘Dintho tseo re utlwileng hore di etsahetse Kapernauma+ di etse le mona heno.’ 24  Ka nnete ke a le bolella hore moprofeta ha a amohelwe ha habo.+ 25  Mohlala, ke a le bolella, ho ne ho ena le bahlolohadi ba bangata Iseraele mehleng ya Elia ha lehodimo le ne le kwetswe ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng mme tlala e aparetse naha kaofela.+ 26  Empa Elia o ile a rongwa ho mohlolohadi e mong wa Sarepta naheng ya Sidone+ eseng ho e mong wa bahlolohadi bao. 27  Hape ho ne ho ena le balepera ba bangata Iseraele mehleng ya moprofeta Elisha empa ha fodiswa Naamane wa Siria feela.”+ 28  Bohle ba neng ba le ka tlung ya thapelo ba ileng ba utlwa ditaba tsena ba halefa.+ 29  Yaba ba a ema ba mo potlakisetsa ka ntle ho motse, ba mo isa selomong sa thaba eo motse wa bona o neng o ahilwe hodima yona e le hore ba mo dihele. 30  Empa a feta hara bona yaba o a itsamaela.+ 31  A theohela motseng wa Galilea o bitswang Kapernauma. Ka Sabatha o ne a ruta batho+ 32  mme ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka yona+ hobane ha a bua ho ne ho utlwahala hore o fuwe matla ke Modimo. 33  Ka tlung ya thapelo ho ne ho ena le motho ya nang le modemona yaba o a hweletsa o re:+ 34  “O batlang ho rona Jesu wa Monazaretha?+ Na o tlo re fedisa? Ke tseba hantle hore na o mang, o Mohlanka ya Halalelang wa Modimo.”+ 35  Empa Jesu a kgalemela modemona eo ka thata a re: “Thola, o tswe ho yena!” Ka hoo, modemona eo a akgela motho eo fatshe hara bona yaba o tswa ho yena o sa mo ntsha kotsi. 36  Batho bohle ba makala yaba ba re: “A ko utlwe feela hore na mantswe a hae a matla hakae. Le bademona ba a mo mamela ebe ba tswa ho batho.” 37  Ka hoo, ditaba tsa hae tsa nna tsa hasana dibakeng tsohle tse haufi le moo. 38  Jesu a tswa ka tlung ya thapelo a ya ha Simone. A fumana mohwehadi wa Simone* a tshwerwe ke feberu e bohale yaba ba kopa Jesu hore a mo thuse.+ 39  Ka hoo, a ema pela hae a mo fodisa. Hanghang mohwehadi wa Simone a tsoha yaba o ba etsetsa dijo. 40  Empa ha letsatsi le dikela, batho bohle ba neng ba ena le bakudi ba tshwerweng ke mafu a sa tshwaneng ba tlisa bakudi bao ho yena. O ne a ba fodisa ka ho ba beha matsoho.+ 41  Hape o ile a ntsha bademona bathong ba bangata. Bademona bao ba ne ba hweletsa ba re: “O Mora wa Modimo.”+ Empa o ile a ba kgalemela ka matla, a sa ba dumelle ho bua+ hobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.+ 42  Ha e eba motshehare a tloha a ya moo a leng mong+ empa batho ba qala ho mo tsoma. Ha ba mo fumana ba leka ho mo thiba hore a se ke a ba siya. 43  Empa a re ho bona: “Ke tlameha ho ya metseng e meng ke hase molaetsa ona o monate wa Mmuso wa Modimo hobane ke rometswe ho etsa jwalo.”+ 44  Ka hoo, a ya matlung a thapelo a Judea ho ya ruta.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Leetsi le sebedisitsweng mona, ka Segerike le bontsha hore Diabolose o ne a batla ketso e le nngwe feela ya borapedi.
Kapa: “lehora; qhoweng.”
Kapa: “disinagogeng tsa bona.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Ka Segerike: “ntlotseditse.”
Ka Segerike: “sinagoge.”
E leng mme wa mosadi wa Simone.