Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE LEBETSE!

Bibele e Reng ka Madumedi a Nkang Lehlakore Ntweng e Ukraine?

Bibele e Reng ka Madumedi a Nkang Lehlakore Ntweng e Ukraine?

 Hlokomela hore na baetapele ba hlaheletseng ba bodumedi ba reng ka ntwa e Ukraine:

  •   “Moetapele wa kereke ya Orthodox e Russia e leng Patriarch Kirill ha a eso re letho ho bontsha hore o nyatsa ha Russia e hlasela Ukraine. . . . Kereke ya hae e dula e hasa mashano ka Ukraine mme mopresidente wa Russia e leng Putin o sebedisa mashano ana ho ikemela ha a hlasela Ukraine.”​—⁠EUobserver, March 7, 2022.

  •   “Patriarch Kirill . . . o dumellana ka hohlehohle le qeto ya Russia ya ho hlasela Ukraine ka ha o re tlhaselo eo ke tsela ya ho lwantsha sebe.”​—AP News, March 8, 2022.

  •   “Ka Mantaha, moetapele wa kereke ya Orthodox e Ukraine e leng Metropolitan Epiphanius wa Pele wa Kyiv, o ile a hlohonolofatsa batho ba Ukraine hore ‘ba lwantshe Russia.’ . . . [O] ile a boela a re ho bolaya masole a Russia ha se sebe.”​—Jerusalem Post, March 16, 2022.

  •   “Re le [Ukrainian Council of Churches and Religious Organizations (UCCRO)], re tshehetsa masole a naha ya Ukraine le batho bohle ba lwanelang ho sireletsa naha ya rona. Re hlohonolofatsa boiteko ba bona ba ho sireletsa Ukraine ho ba direng ebile re a ba rapella.”​—UCCRO a Statement, February 24, 2022.

 O nahanang ka taba ee? Na madumedi a reng a latela Jesu Kreste a lokela ho kgothalletsa ditho tsa ona hore di ye ntweng? Bibele e reng ka taba ee?

Histori ya bodumedi dintweng

 Histori e bontsha hore hangata madumedi a nnile a re ke ntho e amohelehang ho ya ntweng ebile a nnile a kgothalletsa batho hore ba ye ntweng ha ka nako e tshwanang a etsa eka a lwanela kgotso. Ka dilemolemo, Dipaki Tsa Jehova di nnile tsa pepesa boikaketsi boo. Hlokomela e meng ya mehlala e hlahang dingolweng tsa rona.

  •   Sehlooho se reng The Crusades​—A ‘Tragic Illusion’ (“Maikutlo a Fosahetseng ka Dintwa Tsa Bodumedi”) se ile sa hlalosa ka moo kereke ya Roma e Khatholike e ileng ya kenya letsoho dipolaong tse sehloho tsa batho ba bangata mme e re ka ho etsa jwalo e sebeletsa Modimo le Kreste.

  •   Sehlooho se reng The Catholic Church in Africa (“Kereke e Khatholike Kontinenteng ya Afrika”) se ile sa bontsha hore bodumedi ha bo a ka ba etsa letho ho thibela dintwa tsa merabe le dipolao tse neng di reretswe ho fedisa merabe e itseng.

  •   Sehlooho sa “Na Bodumedi bo Molato?” le sa “Karolo e Phethwang ke Bodumedi Dintweng Tsa Batho” le sa “Bodumedi bo Nka Lehlakore,” di ile tsa hlalosa ka moo baruti ba Khatholike, Orthodox le ba dikereke tsa Prostanta ba ileng ba tshehetsa mahlakore a mabedi a lwantshanang ka teng.

Na madumedi a Bokreste a lokela ho tshehetsa dintwa?

 Seo Jesu a se rutileng: “O rate moahelani wa hao jwalo ka ha o ithata.” (Matheu 22:39) “Tswelang pele ho rata dira tsa lona.”​—Matheu 5:44-47.

 Ipotse: Na madumedi a ka re a mamela taelo ya Jesu ya hore re ratane ha ka nako e tshwanang a kgothaletsa ditho tsa ona hore di ye ntweng di yo bolaya? Ho fumana karabo, bala sehlooho se reng “Bakreste ba Nnete le Ntwa” le se reng “Na Motho a ka Kgona ho Rata Dira Tsa Hae?

 Jesu o itse: “Mmuso wa ka ha se karolo ya lefatshe lena. Hoja mmuso wa ka e ne e le karolo ya lefatshe lena, bahlanka ba ka ba ka be ba lwanne hore ho se ke ha nehelanwa ka nna.” (Johanne 18:36) “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.”​—Matheu 26:47-52.

 Ipotse: Haeba Bakreste ba ne ba sa lokela ho lwana ho sireletsa Jesu, na ho na le lebaka le utlwahalang leo ba ka lwanang ka lona? Bala sehlooho se reng “Na Bokreste bo Dumellana le Ntwa?” ho bona ka moo ka botshepehi Bakreste ba pele ba ileng ba mamela dithuto tsa Jesu le ho latela mohlala wa hae.

Ho tla etsahalang ka madumedi a kgothaletsang dintwa?

 Bibele e ruta hore Modimo ha a amohele madumedi a reng a latela Jesu empa a sa mamele dithuto tsa hae.​—Matheu 7:21-23; Tite 1:16.

  •   Buka ya Tšenolo e re Modimo o nka madumedi a etsang jwalo a ikarabella ka dipolao tsa “bohle ba bolailweng lefatsheng.” (Tšenolo 18:21, 24) Ho fumana dintlha tse eketsehileng ka taba ena, bala sehlooho se reng What Is Babylon the Great? (“Babylona e Moholo ke Eng?”)

  •   Jesu o ile a re madumedi ohle a sa amohelweng ke Modimo a tla fediswa ka lebaka la diketso tsa ona tse mpe feela jwalo ka ha sefate se sebe se behang ditholwana tse mpe se “rengwa mme se lahlelwa mollong.” (Matheu 7:15-20) Ho ithuta hore na sena se tla etsahala jwang, bala sehlooho se reng “Bodumedi ba Bohata bo Haufi le ho Fela!

Photo credits, left to right: Photo by Sefa Karacan/Anadodu Agency/Getty Images; Maxym Marusenko/NurPhoto via Getty Images

a UCCRO e leng Ukrainian Council of Churches and Religious Organizations e entswe ka dikereke tse akareletsang tse 15 tse emetseng Orthodox, Khatholike ya Roma le ya Greece, Prostanta, dikereke tsa Fora, tsa Sejuda le tsa Mosleme.