Kosepele ya Johanne 18:1-40

  • Judase o rekisa Jesu (1-9)

  • Petrose o sebedisa sabole (10, 11)

  • Jesu o iswa ho Anase (12-14)

  • Petrose o latola Jesu ka lekgetlo la pele (15-18)

  • Anase o botsa Jesu dipotso (19-24)

  • Petrose o latola Jesu ka lekgetlo la bobedi le la boraro (25-27)

  • Jesu o hlaha ka pela Pilato (28-40)

    • “Mmuso wa ka ha se wa lefatshe lena” (36)

18  Ha Jesu a qeta ho bua dintho tsena, a ya ka nqane ho Phula ya Kidrone*+ le barutuwa ba hae moo ho neng ho ena le serapa. A kena serapeng seo le barutuwa ba hae.+  Le Judase ya neng a mo rekisitse* o ne a tseba sebaka seo hobane Jesu o ne a atisa ho ya moo le barutuwa ba hae.  Judase a tla le masole le balebedi ba tswang ho baprista ba baholo le Bafarisi ba nkile mabone le dibetsa.+  Ka ha Jesu o ne a tseba dintho tsohle tse tlo mo hlahela, a ba atamela a re: “Le batla mang?”  Ba re: “Re batla Jesu wa Monazaretha.”+ A re ho bona: “Ke nna enwa.” Judase ya neng a mo rekisitse* o ne a ena le bona.+  Eitse ha Jesu a re ho bona: “Ke nna enwa,” ba tjhetjhela morao, ba wela fatshe.+  A ba botsa hape a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu wa Monazaretha.”  Jesu a re: “Ke le boleletse hore ke nna enwa. Haeba le batla nna, tlohelang banna bana.”  O ne a tjho jwalo ho phethahatsa mantswe a hae a reng: “Ho bao o mphileng bona ha ho a lahleha le ya mong.”+ 10  Ka ha Simone Petrose o ne a nkile sabole, a e tsomula a hlatha lekgoba la moprista ya phahameng ka yona, a le kgaola tsebe e tona.+ Lebitso la lekgoba leo e ne e le Malkuse. 11  Empa Jesu a re ho Petrose: “Kgutlisetsa sabole selateng.+ Ke lokela ho nwa senwelo seo Ntate a mphileng sona.”+ 12  Yaba sehlopha sa masole, mookamedi wa sesole le balebedi ba tswang ho Bajuda ba tshwara Jesu mme ba mo fasa matsoho. 13  Ba mo isa ho Anase pele ka ha e ne e le ntate wa mosadi wa Kaifase.+ Kaifase e ne e le yena moprista ya phahameng selemong seo.+ 14  Kaifase ke yena ya ileng a eletsa Bajuda hore ho ne ho le molemong wa bona hore motho a le mong a shwele setjhaba.+ 15  Simone Petrose a latela Jesu a ena le morutuwa e mong.+ Ka ha moprista ya phahameng o ne a tseba morutuwa eo, morutuwa eo a kena le Jesu lebaleng la moprista ya phahameng. 16  Petrose yena o ne a eme ka ntle monyako. Morutuwa eo ya tsejwang ke moprista ya phahameng a tswa a bua le ngwanana ya lebelang monyako yaba Petrose o dumellwa ho kena. 17  Jwale ngwanana eo a re ho Petrose: “Na ha o e mong wa barutuwa ba monna eo?” A re: “Ha ke yena.”+ 18  Ka ha ho ne ho bata, makgoba le balebedi ba ne ba orile mollo wa mashala. Petrose o ne a orile mollo oo le bona. 19  E mong wa baprista ba baholo a hloma Jesu dipotso ka barutuwa ba hae le ka dithuto tsa hae. 20  Jesu a re: “Ke rutile moo batho bohle ba mametseng. Ke ne ke ruta ka matlung a thapelo* le ka tempeleng,+ moo Bajuda kaofela ba phuthehang, ho se letho leo ke le buelang lekunutung. 21  Ke hobaneng ha o ntlhoma dipotso? Botsa batho bao ke neng ke ba ruta hobane ke bona ba tsebang dithuto tsa ka.” 22  E mong wa balebedi a otla Jesu+ lerameng yaba o re: “Ke yona tsela ya ho araba moprista e moholo ee?” 23  Jesu a re ho yena: “Haeba ke buile hampe, mpolelle hore na ke buile hampe kae. Haeba ke nepile, o nkotlelang?” 24  Anase a re Jesu a iswe ho moprista ya phahameng Kaifase a ntse a fasitswe matsoho.+ 25  Ha Simone Petrose a ntse a orile mollo, ba re ho yena: “Na ha o e mong wa barutuwa ba hae?” A latola a re: “Ha ke yena.”+ 26  E mong wa makgoba a moprista ya phahameng, ya amanang le monna eo Petrose a ileng a mo kgaola tsebe+ a re: “Ke o bone serapeng o ena le yena.” 27  Empa Petrose a latola hape. Hang ha a qeta ho latola, mokoko wa lla.+ 28  Ba mo tlosa ha Kaifase ba mo isa ntlong ya mmusisi.+ Ha ba fihla moo, ha ba a ka ba kena ka tlung hobane ba sa batle ho silafala+ e le hore ba tle ba je dijo tsa Paseka. 29  Pilato a tla ho bona ka ntle mme a re: “Le qosa monna eo kang?” 30  Ba re ho yena: “Re ka be re sa tlisa monna enwa ho wena hoja e ne e se setlokotsebe.”* 31  Pilato a re ho bona: “Ikahloleleng yena ka molao wa lona.”+ Bajuda ba re: “Molao ha o re dumelle ho bolaya motho.”+ 32  E ne e le hore ho phethahale boprofeta ba Jesu ha a ne a bolela hore na o tla shwa jwang.+ 33  Pilato a kgutlela ka tlung, a bitsa Jesu a re ho yena: “Na o Morena wa Bajuda?”+ 34  Jesu a re: “Na o botsa hobane o nahana jwalo kapa hobane o utlwile batho ba bang ba tjho?” 35  Pilato a re: “Nna ha ke Mojuda. Ke batho ba heno le baprista ba baholo ba o tlisitseng ho nna. O entseng?” 36  Jesu a re:+ “Mmuso wa ka ha se wa lefatshe lena.+ Hoja e ne e le wa lefatshe lena, bahlanka ba ka ba ka be ba lwanne e le hore Bajuda ba se ke ba ntshwara.+ Empa Mmuso wa ka ha se wa lefatshe lena.” 37  Pilato a re ho yena: “O bolela hore o morena?” Jesu a re: “E, ke yena.*+ Ke tletse lefatsheng ho tla pakela nnete.+ Batho bohle ba ratang nnete ba a mmamela.” 38  Pilato a re: “Nnete ke eng?” Ka mora ho tjho jwalo, a kgutlela ho Bajuda ka ntle a re ho bona: “Ke mo fumane a se molato.+ 39  Le tlwaetse ho re ke le lokollele motho ka Paseka.+ Na ha le batle hore ke le lokollele Morena wa Bajuda?” 40  Ba hweletsa ba re: “Lokolla Barabase eseng monna enwa!” Barabase e ne e le leshodu.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “molapo o phoroselang wa mariha wa Kidrone.”
Kapa: “ekile.”
Kapa: “ekile.”
Ka Segerike: “disinagogeng.”
Kapa: “hoja o ne a sa tlola molao.”
Ka Segerike: “Ke wena ya tjhong.” Ke mokgabopuo o bontshang ho dumela.