Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 44

Tempele ya Jehova

Tempele ya Jehova

Ka mora hore Solomone e be morena wa Iseraele, Jehova o ile a re: ‘Keng eo o ka ratang hore ke o fe yona?’ Solomone a re: ‘Ke sa le monyenyane, mme ha ke tsebe seo ke se etsang. Ke kopa o mphe bohlale e le hore nka hlokomela setjhaba sa hao.’ Jehova a re: ‘Kaha o kopile bohlale eseng maruo, ke tla etsa hore o be monna ya bohlale ka ho fetisisa lefatsheng. Hape ke tla etsa hore o be morui. Mme haeba o mmamela, o tla phela nako e telele.’

Yaba Solomone o qala ho haha tempele. A sebedisa kgauta, silevera, mapolanka le majwe a betlilweng hantle. Banna le basadi ba dikete ba nang le bokgoni ba thusa mosebetsing wa ho haha tempele. Ka mora dilemo tse supileng, tempele e ne e se e le boemong ba hore e nehelwe ho Jehova. Ho ne ho e na le aletare moo, mme ho yona ho e na le mahlabelo. Yaba Solomone o kgumama ka pela aletare mme a rapela, a re: ‘Oho Jehova, tempele ena ha e kgolo ebile ha e ntle ho lekana bakeng sa hao, empa ka kopo, amohela borapedi ba rona mme o mamele dithapelo tsa rona.’ Jehova o ile a ikutlwa jwang ka tempele le thapelo eo ya Solomone? Hang ha Solomone a qeta ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, mme wa tjhesa mahlabelo a aletareng. Seo se ne se bontsha hore Jehova o amohetse tempele eo. Kahoo, Baiseraele ba thaba ha ba bona seo.

Batho bohle ba Iseraele le dibakeng tse ding tse hole ba ne ba tseba ka bohlale ba Morena Solomone. Ba ne ba tla ho yena ho tla kopa thuso ha ba na le mathata. Le mofumahadi wa Sheba o ile a tla, mme a mo botsa dipotso tse thata. Ha a utlwa tsela eo Solomone a arabang dipotso tsa hae ka yona, a re: ‘Ke ne ke sa dumele seo batho ba mpolellang sona ka wena, empa jwale ke a bona hore o bohlale ho feta kamoo ba neng ba bua kateng. Jehova Modimo wa hao o o hlohonolofaditse.’ Baiseraele ba ne ba phela ka kgotso ba bile ba thabile. Empa dintho di ne di le haufi le ho fetoha.

“Bonang! ho hong ho fetang Solomone ho teng mona.”—Matheu 12:42