Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 27

Ba Ile ba Fetohela Jehova

Ba Ile ba Fetohela Jehova

Ka mora nakwana Baiseraele ba le lehwatateng, Kora, Dathane, Abirame le banna ba bang ba 250 ba ile ba fetohela Moshe. Ba ile ba re ho yena: ‘Re utlwile ho lekane ke wena! Ke hobaneng ha e lokela ho ba wena moetapele wa rona le Arone e lokela ho ba moprista ya phahameng? Le rona Jehova o a re sebedisa, ha a sebedise wena le Arone feela.’ Jehova ha aa ka a thabiswa ke seo. O ile a nka hore ba fetohela yena!

Moshe o ile a re ho Kora le batshehetsi ba hae: ‘Hosane le tle tabernakeleng le nkile dipane tsa mollo tse nang le dibano. Jehova o tla re bontsha hore na o kgetha mang.’

Ka le hlahlamang, Kora le banna ba 250 ba ile ba ya tabernakeleng ho ya kopana le Moshe. Ba fihla ba tjhesa dibano jwalokaha eka ke baprista. Jehova o ile a re ho Moshe le Arone: ‘Ikaroleng ho Kora le banna ba hae.’

Le hoja Kora a ile a ya ho Moshe tabernakeleng, Dathane, Abirame le ba malapa a bona ba ile ba hana ho ya. Jehova o ile a re Baiseraele ba emelle hole le tente ya Kora, ya Dathane le ya Abirame. Kahoo, ba ikarola hanghang. Dathane, Abirame le ba malapa a bona ba ema ka pela ditente tsa bona. Ka tshohanyetso, lefatshe la ahlama mme la ba kwenya! Tabernakeleng teng, mollo wa theoha lehodimong mme wa tjhesa Kora le banna ba hae ba 250.

Jehova o ile a re ho Moshe: ‘Nka molamu wa moetapele wa moloko o mong le o mong mme o ngole lebitso la hae ho wona. Empa molamung wa moloko wa Levi, o ngole lebitso la Arone. O kenye melamu eo kaofela ka tabernakeleng. Molamu wa motho eo ke tla mo kgetha o tla mela dipalesa.’

Ka le hlahlamang, Moshe o ile a ntsha melamu eo mme a e bontsha baetapele ba setjhaba. Molamu wa Arone o ne o metse dipalesa ebile o e na le dialmonde tse butswitseng. Ke yona tsela eo Jehova a ileng a bontsha ka yona hore o kgethile Arone hore ebe moprista ya phahameng.

“Mamelang ba etellang pele hara lona mme le ipehe tlase.”​—Baheberu 13:17