Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 4

Ho Kwata ho Etsa Hore Motho a Bolaye

Ho Kwata ho Etsa Hore Motho a Bolaye

Ka mora hore Adama le Eva ba lelekwe serapeng sa Edene, ba ile ba ba ba le bana ba bangata. Mora wa bona wa pele, Kaine, o ne a lema, empa wa bobedi Abele yena e ne e le modisa.

Ka letsatsi le leng Kaine o ile a etsetsa Jehova sehlabelo, le Abele a etsa sehlabelo. Na o a tseba hore sehlabelo keng? Ke mpho e kgethehileng. Jehova o ile a thabela sehlabelo sa Abele, empa ha aa ka a thabela sa Kaine. Kaine o ile a kwata haholo. Jehova o ile a bolella Kaine hore bohale ba hae bo tla etsa hore a etse ntho e nngwe e mpe. Empa ha aa ka a mamela.

Kaine o ile a re ho Abele: ‘A re ye masimong.’ Ha ba ntse ba le moo masimong, Kaine o ile a otla Abele, a ba a mo bolaya. Jehova o ile a etsang? O ile a lelekela Kaine hole le lelapa labo. A etsa hore a se ke a hlola a kgutla.

Re ithutang ho see? Re ka nna ra kwata ha re bona dintho di sa etswe ka tsela eo re batlang ka yona. Haeba re kwata kapa batho ba bang ba bona hore re kwatile, re lokela ho kgaotsa ho kwata e le hore re se ke ra etsa ntho e mpe.

Jehova o tla dula a hopola Abele hobane Abele o ile a etsa dintho tse ntle. Modimo o tla tsosa Abele ha a etsa hore lefatshe e be paradeise.

“Etsa kgotso le moreno pele, mme jwale, ha o kgutlile, o nyehele mpho ya hao.”—Matheu 5:24