Zakaria 13:1-9

13  “Letsatsing leo, ditloholo tsa Davida le baahi ba Jerusalema ba tla tjhekelwa sediba hore ba hlwekiswe sebeng le diketsong tsa bona tse ditshila.”+ 2  Jehova wa mabotho o re, “Letsatsing leo, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho tse rapelwang naheng ena+ mme di ke ke tsa hlola di hopolwa. Ke tla tlosa baprofeta naheng ena+ le ba hlohlelletsang batho hore ba etse dintho tse sa hlwekang. 3  Haeba motho a ka boela a profeta, ntate wa hae le mme wa hae ba mo tswetseng ba tla re ho yena, ‘O tla shwa hobane o buile leshano ka lebitso la Jehova.’ Ntate wa hae le mme wa hae ba mo tswetseng ba tla mo hlaba hobane a ile a profeta.+ 4  Letsatsing leo, baprofeta bohle ba tla swabela dipono tsa bona ha ba profeta ebile ba ke ke ba apara diaparo tsa boya tse kgethehileng+ e le hore ba thetse batho. 5  E mong le e mong wa bona o tla re, ‘Nna ha ke moprofeta. Ke molemi feela. Ke ile ka rekwa ke monna e mong ke sa le motjha.’ 6  Ha motho e mong a ka mo botsa a re, ‘Maqeba aa a pakeng tsa mahetla a hao* ke a eng?’ O tla re, ‘Ke ile ka otlwa ka tlung ya metswalle ya ka.’”*  7  Jehova wa mabotho o re, “Wena sabole, hlasela modisa wa ka,+O hlasele motho eo ke tlwaelaneng le yena. Otla modisa,+ dinku* di qhalane.+ Ke tla kgalemela ba nkwang e se ba bohlokwa.”  8  Jehova o re, “Naheng yohle,Batho ba bangata ba tla bolawa mme ba fediswe. Ke ba mmalwa feela ba tla sala ho yona.  9  Ba setseng, ke tla ba fetisa mollong,Ke ba hlwekise jwalo ka ha ho hlwekiswa sileveraKe be ke ba hlahlobe jwalo ka ha ho hlahlojwa kgauta.+ Ba tla bitsa lebitso la kaMme ke tla ba araba. Ke tla re, ‘Ke batho ba ka,’+Bona ba tla re, ‘Jehova ke Modimo wa rona.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Ka Seheberu: “pakeng tsa matsoho a hao?” E leng sefubeng kapa ka mokokotlong.
^ Kapa: “ba nthatang.”
^ Kapa: “mohlape.”