Numere 20:1-29

  • Miriame o shwella Kadeshe (1)

  • Moshe o otla lefika mme o etsa sebe (2-13)

  • Baedomo ba hana ha Baiseraele ba feta (14-21)

  • Lefu la Arone (22-29)

20  Ka kgwedi ya pele, setjhaba sohle sa Baiseraele sa fihla lefeelleng la Zine mme sa dula Kadeshe.+ Ke hona moo Miriame+ a ileng a shwella teng mme a patwa teng. 2  Jwale ho ne ho se na metsi bakeng sa setjhaba+ yaba se ikopanya hore se hanyetse Moshe le Arone. 3  Setjhaba sa qabana le Moshe+ sa re: “Hoja ra shwa ha bana ba bo rona ba ne ba shwella ka pela Jehova. 4  Ke hobaneng ha le tlisitse phutheho ya Jehova lefeelleng lee hore re tlo shwella moo le diphoofolo tsa rona?+ 5  Ke hobaneng ha le re ntshitse Egepeta la re tlisa sebakeng see se sebe?+ Ha se sebaka seo re ka lemang peo ho sona, difeie,* difate tsa morara le dikgarenate ebile ha ho na metsi a nowang.”+ 6  Moshe le Arone ba tloha ka pela phutheho ba tla monyako wa tente ya pokano, ba fihla ba kgumama ba inamisitse dihlooho yaba kganya ya Jehova e qala ho bonahala ho bona.+ 7  Yaba Jehova o re ho Moshe: 8  “Nka molamu ebe wena le abuti wa hao Arone le bokella setjhaba. Le bue le lefika e le hore le fane ka metsi setjhaba se ntse se shebile. Metsi a tla tswa lefikeng, le a fe setjhaba le diphoofolo tsa sona e le hore di nwe.”+ 9  Ka hoo, Moshe a nka molamu ka pela Jehova+ feela jwalo ka ha a ne a mo laetse. 10  Yaba Moshe le Arone ba bitsetsa phutheho ka pela lefika. Moshe a re ho yona: “Mamelang lona marabele! Re le ntshetse metsi lefikeng lee?”+ 11  Moshe a phahamisa letsoho a otla lefika habedi ka molamu wa hae. Metsi a tswa a le mangata yaba setjhaba se nwa metsi le diphoofolo tsa sona.+ 12  Ha morao Jehova a re ho Moshe le Arone: “Ka ha ha le a ka la bontsha tumelo ho nna le ho nkgalaletsa ka pela setjhaba sa Iseraele, le ke ke la kenya phutheho ena naheng eo ke tla e fa yona.”+ 13  Ana ke metsi a Meriba*+ moo Baiseraele ba ileng ba qabana le Jehova, hoo a ileng a ikgalaletsa hara bona. 14  Ka mora moo, Moshe a romela baromuwa hore ba ye ho morena wa Edomo+ ha ba le Kadeshe ba re: “Ngwaneno Iseraele+ o re, ‘O tseba hantle ditsietsi tsohle tse re hlahetseng. 15  Bontate ba rona ba ile ba ya Egepeta+ mme ra dula Egepeta ka dilemo* tse ngata+ mme Baegepeta ba re tshwara hampe le bontate ba rona.+ 16  Qetellong ra hweletsa ho Jehova+ yaba o a re utlwa mme a romela lengeloi+ ho re ntsha Egepeta mme ke rona bana re Kadeshe, motse o qetellong ya naha ya hao. 17  Re kopa o re dumelle hore re fete naheng ya hao. Re ke ke ra feta hara masimo a hao kapa hara dirapa tsa hao tsa morara ebile re ke ke ra nwa metsi a didiba tsa hao. Re tla tsamaya Tseleng ya Morena* re sa kgelohele ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi ho fihlela re fetile naheng ya hao.’”+ 18  Le ha ho le jwalo, morena wa Edomo a re ho bona: “Le se ke la feta naheng ya ka. Haeba le ka feta ke tla le hlasela.” 19  Baiseraele ba re ho yena: “Re tla nyoloha ka tsela e kgolo mme haeba rona le diphoofolo tsa rona re nwa metsi a hao, re tla a patala.+ Ha re batle letho le leng haese hore re fete re itsamaela ka maoto.”+ 20  Ho ntse ho le jwalo a re: “Le se ke la feta.”+ Yaba morena wa Edomo o a tswa ho tla kopana le bona a ena le batho ba bangata le lebotho la sesole* le matla. 21  Morena wa Edomo a hana ho dumella Baiseraele hore ba fete naheng ya hae. Ka hoo Baiseraele ba mo tlohela.+ 22  Setjhaba sohle sa Iseraele sa tloha Kadeshe mme sa fihla Thabeng ya Hore.+ 23  Ha Moshe le Arone ba le Thabeng ya Hore, qetellong ya naha ya Edomo, Jehova a re ho bona: 24  “Arone o tla shwa.*+ A ke ke a kena naheng eo ke tla e fa Baiseraele hobane ka bobedi ba lona le fetohetse taelo ya ka mabapi le metsi a Meriba.+ 25  Nka Arone le mora wa hae Eleazare mme o ba nyollele Thabeng ya Hore. 26  O hlobodise Arone diaparo*+ tsa hae o di apese mora wa hae Eleazare+ mme Arone o tla shwella moo.” 27  Ka hoo, Moshe a etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse mme ba hlwa Thaba ya Hore setjhaba sohle se ba shebile. 28  Jwale Moshe a hlobodisa Arone diaparo tsa hae mme a di apesa mora wa hae Eleazare. Ka mora moo, Arone a shwella moo ka hodima thaba.+ Yaba Moshe le Eleazare ba theoha thabeng. 29  Ha setjhaba sohle se bona hore Arone o shwele, Baiseraele bohle ba llela Arone ka matsatsi a 30.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “difeiga.”
^ E bolelang “Ho Qabana.”
^ Ka Seheberu: “matsatsi.”
^ E leng tsela e kgolo.
^ Ka Seheberu: “le letsoho.”
^ Ka Seheberu: “o tla nkelwa ho batho ba habo.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.
^ E leng tsa boprista.