Kosepele ya Matheu 27:1-66

  • Jesu o iswa ho Pilato (1, 2)

  • Judase o a iphanyeha (3-10)

  • Jesu o hlaha ka pela Pilato (11-26)

  • O songwa ka pela batho (27-31)

  • O kgokgothelwa palong Golgotha (32-44)

  • Jesu o a shwa (45-56)

  • Jesu o a patwa (57-61)

  • Lebitla le katwa ka thata (62-66)

27  Hoseng, baprista bohle ba baholo le baholo ba setjhaba ba rerisana hore ba bolaye Jesu.+  Ba mo fasa, ba mo kganna yaba ba mo isa ho mmusisi Pilato.+  Jwale ha Judase ya mo rekisitseng* a bona hore Jesu o ne a ahlotswe, a itshwabela yaba o kgutlisetsa dikotwana tsa silevera tse 30 ho baholo le baprista ba baholo a re:+  “Ke entse sebe ka ho rekisa* motho ya se nang molato.” Ba re: “Jwale rona re kena kae? Ke taba ya hao.”  Yaba o akgela dikotwana tsa silevera ka tempeleng, a tsamaya mme a iphanyeha.+  Empa baprista ba baholo ba nka dikotwana tseo tsa silevera ba re: “Molao ha o dumelle hore di tshelwe ka polokelong ya matlotlo e halalelang hobane di kgenathetse* madi a motho.”  Ka mora hore ba buisane, ba sebedisa tjhelete eo ho reka tshimo ya motho ya bopang ka letsopa, hore e be moo ba patelang baditjhaba teng.  Ka hona, tshimo eo ya bitswa Tshimo ya Madi+ ho fihlela letsatsing lena.  Jwale ha phethahala mantswe a ileng a buuwa ke moprofeta Jeremia a reng: “Ba nka dikotwana tsa silevera tse 30 e leng theko eo Baiseraele ba dumellaneng ho e patala bakeng sa hae, 10  ba fana ka tsona hore ba reke tshimo ya sebopi, ho ya ka moo Jehova* a neng a ntaetse ka teng.”+ 11  Jesu a ema ka pela mmusisi. Mmusisi a re ho yena: “Na o Morena wa Bajuda?” Jesu a re: “E, ke yena.”*+ 12  Empa ha a ka a araba ha a ntse a qoswa ke baprista ba baholo le baholo.+ 13  Pilato a re ho yena: “Na o a utlwa hore na ba o qosa ka dintho tse ngata hakae?” 14  Empa ha a ka a mo araba le ha e le ka lentswe le le leng, hoo mmusisi a ileng a makala haholo. 15  Ha e le Paseka, mmusisi o ne a tlwaetse ho lokollela setjhaba motshwaruwa eo se mo batlang.+ 16  Ka yona nako eo, ba ne ba tshwere monna e mong wa senokwane ya tsebahalang. Lebitso la hae e ne e le Barabase. 17  Ka hoo, ha ba bokane Pilato a re ho bona: “Le batla ke le lokollele mang, Barabase kapa Jesu eo ho thweng ke Kreste?” 18  Pilato o ne a bona hore ba tlisitse Jesu ho yena hobane ba le mona. 19  Ha a ntse a dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a mo romela molaetsa a re: “O se ke wa itshunyatshunya ditabeng tsa monna eo ya lokileng hobane ke lorile ka yena mme toro eo e ne e le bohloko haholo.” 20  Empa baholo le baprista ba baholo ba susumeletsa setjhaba ho kopa hore Barabase+ a lokollwe empa Jesu a bolawe.+ 21  Mmusisi a boela a re ho setjhaba seo: “Le batla ke le lokollele ofe ho baa ba babedi?” Sa re: “Barabase.” 22  Pilato a re ho bona: “Jwale ke etseng ka Jesu eo ho thweng ke Kreste?” Setjhaba sohle sa re: “Ha a kgokgothelwe palong!”*+ 23  A re: “Hobaneng? O entseng e mpe?” Empa sa hweletsa le ho feta sa re: “Ha a kgokgothelwe palong!”*+ 24  Ha Pilato a bona hore ha ho na letho leo a ka le etsang ebile ho tsoha moferefere, a nka metsi a hlapa matsoho ka pela setjhaba yaba o re: “Ha ke na molato mading a motho enwa. Ke taba ya lona.” 25  Yaba batho kaofela ba re: “Madi a hae a be hodima rona le bana ba rona.”+ 26  A ba lokollela Barabase empa a laela hore Jesu a shapuwe ka sephadi+ mme a fana ka yena ho masole hore a mo kgokgothele palong.+ 27  Jwale masole a mmusisi a isa Jesu ha mmusisi mme a bokella sehlopha sohle sa masole ho mo potapota.+ 28  Masole ao a mo hlobodisa seaparo se selelele, a mo apesa se sefubedu+ 29  yaba a loha korone ka meutlwa a mo rwesa yona mme a mo fa lehlaka ka letsohong la hae le letona. A kgumama ka pela hae, a mo soma a re: “Dumela, wena Morena wa Bajuda!” 30  Yaba a mo tshwela ka mathe,+ a nka lehlaka a mo otla ka lona hloohong. 31  Ha a qeta ho mo soma, a mo hlobodisa seaparo se sekareleta, a mo apesa diaparo tsa hae mme a mo etella pele hore a yo kgokgothelwa palong.+ 32  Yare ha masole a tswa a fumana monna e mong wa Saerene ya bitswang Simone. A qobella monna eo hore a jare palo eo Jesu a neng a tlo kgokgothelwa ho yona.*+ 33  Ha masole a fihla Golgotha, e bolelang Sebaka sa Lehata,+ 34  a mo fa veine e tswakilweng le nyooko* hore a e nwe.+ Empa ka mora ho e latswa, a hana ho e nwa. 35  A mo kgokgothela palong yaba a aba diaparo tsa hae ka ho lahla lotho+ 36  mme a dula moo a mo kata. 37  Ka hodima hlooho ya hae a beha boto e ngotsweng hore na o qoseditsweng. E ne e re: “Enwa ke Jesu Morena wa Bajuda.”+ 38  Jwale mashodu a mabedi a ne a kgokgothetswe dipalong pela hae, le leng ka ho le letona, le leng ka ho le letshehadi.+ 39  Batho ba fetang ka tsela ba mo nyefola,+ ba sisinya dihlooho ba re:+ 40  “O itse o tla heletsa tempele o be o e hahe ka matsatsi a mararo.+ Ipholose he! Haeba o mora wa Modimo, theoha palong eo o kgokgothetsweng ho yona!”*+ 41  Baprista ba baholo, bangodi le baholo le bona ba qala ho mo soma ba re:+ 42  “O pholositse ba bang, yena o sitwa ho ipholosa. Haeba ke Morena wa Iseraele,+ ha a theohe palong eo a kgokgothetsweng ho yona* mme re tla dumela ho yena. 43  O tshepile Modimo, jwale haeba Modimo o a mo rata, ha a mo pholose+ ka ha o ile a re: ‘Ke Mora Modimo.’”+ 44  Esita le mashodu a neng a kgokgothetswe dipalong tse pela hae a ile a mo rohaka jwalo.+ 45  Ka 12 motshehare* lefifi la aparela naha yohle ka dihora tse tharo.*+ 46  Hoo e ka bang ka hora ya boraro mantsiboya,* Jesu a hweletsa a re: “Eli, Eli, lama sabakthani?” e bolelang: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng?”+ 47  Ha batho ba emeng moo ba utlwa a tjho jwalo ba re: “Monna enwa o bitsa Elia.”+ 48  E mong wa bona a matha hanghang yaba o nka sepontjhe o se kenya ka hara veine e bodila, a se hloma lehlakeng yaba o a mo fa hore a nwe.+ 49  Empa ba bang kaofela ba re: “Mo tlohele re bone hore na Eli o tla tla a mo pholose.” 50  Jesu a boela a hweletsa yaba o a shwa.*+ 51  Kgaretene ya sehalalelo+ ya taboha ka lehare+ ho tloha hodimo ho ya tlase,+ lefatshe la sisinyeha, mafika a petsoha. 52  Mabitla a buleha yaba ditopo tse ngata tsa bahalaledi ba neng ba shwele* di a tswa 53  mme batho ba bangata ba di bona (Ka mora hore Jesu a tsoswe, batho ba neng ba le mabitleng ba kena motseng o halalelang). 54  Empa ha molaodi wa sesole le ba neng ba katile Jesu le yena ba bona tshisinyeho ya lefatshe le dintho tse etsahalang, ba tshoha haholo ba re: “Ka nnete monna enwa e ne e le Mora Modimo.”+ 55  Hape basadi ba bangata ba neng ba feleheditse Jesu ha a tloha Galilea e le hore ba mo sebeletse, ba ne ba shebeletse ba le hojana.+ 56  Hara bona ho ne ho ena le Maria Magdalena, Maria mme wa Jakobo le Jose ha mmoho le mme wa Jakobo le Johanne.*+ 57  Motshehare wa mantsiboya ha fihla monna e mong ya ruileng wa Arimathea, ya bitswang Josefa, ya neng a fetohile morutuwa wa Jesu.+ 58  A ya ho Pilato a kopa setopo sa Jesu+ yaba Pilato o laela hore a se fuwe.+ 59  Josefa a nka setopo seo, a se phuthela ka lesela la line e hlwekileng ya boleng bo botle+ 60  yaba o se beha ka lebitleng leo+ a neng a sa tswa le tjheka lefikeng. A beha lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tsamaya. 61  Maria Magdalena le Maria e mong ba sala ba dutse moo ka pela lebitla.+ 62  Letsatsing le hlahlamang e leng la Sabatha,*+ baprista ba baholo le Bafarisi ba bokana ka pela Pilato ba re: 63  “Mohlomphehi, re hopotse hore raleshano yane ha a sa ntse a phela o ile a re: ‘Ke tla tsoswa ka mora matsatsi a mararo.’+ 64  Laela hore lebitla la hae le katwe ho fihlela letsatsing la boraro e le hore barutuwa ba hae ba se ke ba mo utswa+ yaba ba re ho batho: ‘O tsositswe bafung!’ Jwale leshano lena la ho qetela le tla ba lebe ho feta la pele.” 65  Pilato a re ho bona: “Nkang balebedi, le kate lebitla leo ka hohle ka moo le ka kgonang.” 66  Ka hoo, ba ya mme ba sireletsa lebitla ka ho tiisa lejwe le ho beha balebedi.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ekileng.”
Kapa: “eka.”
Ka Segerike: “ke theko ya.”
Ka Segerike: “Ke wena ya tjhong.” Ke mokgabopuo o bontshang ho dumela.
Kapa: “Mo bolaele palong.”
Kapa: “Mo bolaele palong.”
Seno se babang.
Ka Segerike: “Ka hora ya botshelela.”
Ka Segerike: “ho fihlela ka hora ya borobong.”
Ka Segerike: “hora ya borobong.”
Ka Segerike: “o nehela moya.”
Ka Segerike: “robetse.”
Ka Segerike: “bara ba Zebedea.”
Ka Segerike: “ka mora Tokisetso.”