Malakia 4:1-6

  • Elia o tla tla pele letsatsi la Jehova le fihla (1-6)

    • ‘Letsatsi la ho loka le tla tjhaba’ (2)

4  Jehova wa mabotho o re: “Ho tla letsatsi le tjhesang jwalo ka mollo,+ ha bohle ba ikgohomosang le ba etsang dintho tse mpe ba tla tshwana le ditlhaka. Letsatsi leo le tla ba fedisa, le ba siye ba se na motso kapa lekala. 2  Empa lona ba hlomphang* lebitso la ka, le tla tjhabelwa ke letsatsi la ho loka leo mahlasedi* a lona a fodisang. Le tla tlolatlola jwalo ka manamane a nonneng.” 3  Jehova wa mabotho o re: “Letsatsing leo ke hlaselang ba kgopo, le tla ba hatakela hobane ba tla ba jwalo ka lerole tlasa maoto a lona. 4  Hopolang Molao oo ke o fileng mohlanka wa ka Moshe. Le hopole dikahlolo le ditaelo tseo ke ileng ka di fa Baiseraele bohle Horebe hore ba di mamele.+ 5  Ke le romela moprofeta Elia+ pele letsatsi la Jehova le leholo le le tshosang le fihla.+ 6  O tla etsa hore dipelo tsa bontate di tshwane le tsa bana ba bona+ le hore dipelo tsa bana di tshwane le tsa bontate ba bona e le hore ke se ke ka tla otla lefatshe, ka le fedisa.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Ka Seheberu: “tshabang.”
^ Ka Seheberu: “mapheo.”