Levitike 1:1-17

  • Nyehelo ya setjheso (1-17)

1  Jehova a bitsa Moshe mme a bua le yena tenteng ya pokano+ a re: 2  “Ere ho Baiseraele,* ‘Haeba e mong wa lona a tlisetsa Jehova nyehelo e tswang diphoofolong tse ruuwang, e lokela ho tswa mohlapeng+ wa dikgomo, wa dinku kapa wa dipodi. 3  Haeba nyehelo ya hae e le nyehelo ya setjheso e tswang mohlapeng wa dikgomo, a tlise e tona e phetseng hantle.+ A e tlise ka ho rata+ ka pela Jehova monyako wa tente ya pokano. 4  A behe letsoho hloohong ya nyehelo ya setjheso mme e tla amohelwa e le hore a tshwarelwe dibe. 5  Pohwana e hlajwe ka pela Jehova. Bara ba Arone e leng baprista,+ ba tla hlahisa madi ka pela Modimo mme ba a fafatse mahlakoreng ohle a aletare+ e monyako wa tente ya pokano. 6  Nyehelo ya setjheso e lokela ho buuwa mme e kgabelwe dikotwana.+ 7  Bara ba Arone e leng baprista ba behe mashala a tukang aletareng+ ebe ba beha patsi hodima ona. 8  Bara ba Arone e leng baprista ba tla beha dikotwana tseo tsa nyehelo+ ha mmoho le hlooho le mafura a potolohileng diphio* hodima patsi e mollong o aletareng. 9  Mala a yona le ditlhakwana tsa yona di tla hlatsuwa ka metsi. Moprista a etse hore kaofela ha yona e kubelle aletareng e le nyehelo ya setjheso e leng nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*+ 10  Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e tswa mohlapeng+ wa dinku le dipodi, diramong tse nyenyane kapa dipoding, a tlise e tona e phetseng hantle.+ 11  E hlabelwe lehlakoreng le ka leboya la aletare ka pela Jehova. Bara ba Arone e leng baprista ba fafatse madi a yona mahlakoreng ohle a aletare.+ 12  E kgabelwe dikotwana mme moprista a e behe hodima patsi e mollong o aletareng ha mmoho le hlooho le mafura a yona a potolohileng diphio.* 13  Mala le ditlhakwana tsa yona di hlatsuwe ka metsi, moprista a e hlahise kaofela ka pela Modimo mme a etse hore e kubelle aletareng. Ke nyehelo ya setjheso e leng nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.* 14  Empa haeba a fana ka dinonyana e le nyehelo ya setjheso ho Jehova, a fane ka maebana kapa maebanakgorwana.+ 15  Moprista a a hlahise aletareng mme a a phunye molaleng. A etse hore a kubelle aletareng empa madi a ona a ntshetswe lehlakoreng la aletare. 16  A ntshe kila le masiba a ona mme a di lahlele ka thoko ho aletare, ka botjhabela moo ho qhallwang molora.*+ 17  A a sehe pela mapheo empa a sa a arole dikarolo tse pedi. Moprista a etse hore a kubelle aletareng hodima patsi e mollong. Ke nyehelo ya setjheso e leng nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
^ Kapa: “mohlehlo.”
^ Ka Seheberu: “kgathollang.”
^ Kapa: “mohlehlo.”
^ Ka Seheberu: “kgathollang.”
^ Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tshetsweng ke mafura a mahlabelo.
^ Ka Seheberu: “kgathollang.”