Habakuke 2:1-20
2 Ke tla nne ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela,+Ke eme hodima lerako le sireletsang motse.
Ke tla emela ho utlwa hore na o batla hore ke rengKe be ke inahane hore na ke tla reng ha ke kgalemelwa.
2 Jehova a nkaraba a re:
“Ngola dintho tseo o di boleletsweng ponong, o di ngole ka tsela e hlakileng hodima matlapa+E le hore batho ba di balang ba se ke ba thatafallwa ho di bala.+
3 Pono ena e sa emetse nako ya yona.
E haufi le ho phethahala, e tla fela e phethahale.*
Le ha e ka bonahala eka e a dieha,* o nne o e lebelle.*+
Jwang kapa jwang e tla phethahala.
E ke ke ya siuwa ke nako.
4 Bonang motho ya ikgohomosang.
Ha a loka ho tloha pelong.
Empa ya lokileng o tla phela ka lebaka la botshepehi* ba hae.+
5 Veine e etsa hore motho a etse dintho tse se nang kelello.
Ka hoo, motho ya ikgohomosang a ke ke a atleha.
O meharo jwalo ka Lebitla.*
O tshwana le lefu, ha a kgotsofale.
O ntse a bokella ditjhaba kaofelaLe ho hapa batho bohle.+
6 Batho bana kaofela ba tla mo soma ba sebedisa maele, mekgabopuo le dilotho.+
Ba tla re:
‘Ho madimabe ya ipokellang ka dintho tseo e seng tsa hae,Ya ntseng a eketsa sekoloto sa hae.
Ho tla ba tjee ho fihlela neng?
7 Batho bao o ba kolotang ba tla o tsometsa ba o tsohele matla.
Ba tla o tsukutla ha bohlokoBa be ba o tlatlape.+
8 Batho ba bang kaofela ba tla o tlatlapa+Hobane o tlatlapile ditjhaba tse ngata,Wa bolaya batho ba bangata,Wa senya naha,Wa ripitla metse le ho bolaya baahi ba yona.+
9 Ho madimabe motho ya ithuisang ka bolotsana molemong wa ba ntlo ya haeE le hore a ka beha sehlaha sa hae hodimodimoHore a pholohe tlokotsi.
10 O tlotlolotse ba ntlo ya hao ka merero ya hao.
O itshitetswe ka ho timetsa ditjhaba tse ngata.+
11 Etswe lejwe le tla hweletsa le le lerakong,Lepolanka le arabe le le marulelong.
12 Ho madimabe motho ya hahang motse ka tshollo ya madi,Ya o tiisang ka dintho tse sa lokang.
13 Ke morero wa Jehova wa mabotho hore batho ba sehlele dintho tse tla fediswa ka molloLe hore ditjhaba di sebeletse lefeela.+
14 Etswe batho bohle ba tla tseba matla a Jehova.
Tsebo eo e tla ba ngata jwalo ka ha metsi a kwahetse lewatle.+
15 Ho madimabe motho ya halefileng,Ya fang metswalle ya hae jwala e le hore e tahweA tsebe ho e bona ha e hlobotse.
16 O tla kgotsofatswa ka ho tlotlollwa ho ena le ho roriswa.
Nwa le wena, o senolehe hore ha o a bolla.*
Kopi e ka letsohong le letona la Jehova e tla pota e be e fihle ho wena.+
O tla tlotlollwa ho ena le ho roriswa.
17 O tla ripitlwa ka tsela eo o ripitlileng Lebanone ka yona.Tshenyo e ileng ya tshosa dibata le wena e tla o fihlelaHobane o bolaile batho,O sentse naha,O ripitlile metse le ho bolaya baahi ba yona.+
18 Seemahale se entsweng ke motho se na le molemo ofe?
Motho o a se tshepa le hoja a iketseditse sona.
Ya se rapelang o lahlehile hobane o nahana hore se tla mo tataisa.
Empa ha se na thuso ho hang,Ha se bue le ho bua.+
19 Ho madimabe ya reng ho patsi: “Tsoha!”
Kapa ya reng ho lejwe: “Phahama o re rupele!”
Di kwahetswe ka kgauta le silevera+Ebile ha di heme le ho hema.+
20 Empa Jehova o ka tempeleng ya hae e halalelang.+
Lona bohle ba lefatsheng, le thole ka pela hae.’”+

