Exoda 22:1-31

  • Melao eo Baiseraele ba neng ba lokela ho e latela (1-31)

    • Ka boshodu (1-4)

    • Ka tshenyo ya dijalo (5, 6)

    • Ka ho patala le mabapi le dintho tseo motho a neng a ena le tsona (7-15)

    • Ka ho qhekanyetsa (16, 17)

    • Ka borapedi le ho tshwara setjhaba ka toka (18-31)

22  Haeba motho a utswa poho kapa nku mme a e hlaba kapa a e rekisa, bakeng sa poho e le nngwe a patale ka dipoho tse hlano mme bakeng sa nku e le nngwe a patale ka dinku tse nne.+ 2  (Haeba leshodu+ le fumanwa le thuha mme le otlwa le bile le shwa, motho ya le bolaileng a ke ke a ba le molato wa madi. 3  Empa haeba seo se etsahala motshehare, motho ya le bolayang o tla ba le molato wa madi.) Leshodu le patalle molato wa lona. Haeba le se na letho, le tla rekiswa bakeng sa dintho tseo le di utswitseng. 4  Haeba diphoofolo tseo leshodu leo le di utswitseng di fumanwa ho lona di ntse di phela ebang ke poho kapa ke tonki kapa ke nku, le di patale habedi. 5  Haeba motho a fudisa diphoofolo tsa hae tshimong kapa serapeng sa morara mme a di tlohela hore di fule tshimong ya motho e mong, a patale motho eo ka dijalo tse ntle ka ho fetisisa tsa tshimo ya hae kapa ka ditholwana tse ntle ka ho fetisisa tsa serapa sa hae sa morara. 6  Ha mollo o fihla difateng tsa meutlwa mme o tjhesa mangata kapa koro* e eso kotulwe kapa tshimo, motho ya o qadileng a patale dintho tse tjheleng. 7  Haeba motho a fa wa habo tjhelete kapa dintho tse itseng hore a di boloke ho yena mme di utsuwa ntlong ya hae, ha leshodu le fumanwa, le patale dintho tseo habedi.+ 8  Haeba leshodu le sa fumanwe, monga ntlo a tliswe ka pela Modimo wa nnete+ ho bona hore na ebe ha se yena ya utswitseng* thepa ya wa habo. 9  Neng kapa neng ha motho a qosa e mong ka hore o nkile dintho tsa hae ebang ke poho, tonki, nku, seaparo kapa ntho le ha e le efe e lahlehileng, ka bobedi ba hlahe ka pela Modimo wa nnete+ e le hore ho tsebahale hore na monga dintho ke mang. Modimo o tla bolela hore na ke mang ya molato mme motho eo a patale wa habo habedi.+ 10  Haeba motho a fa wa habo tonki, poho, nku kapa phoofolo le ha e le efe hore a e hlokomele mme e shwa kapa e holofala kapa mashodu a e nka ho se na motho ya shebileng, 11  ba le babedi ba ye ho baahlodi mme motho ya neng a fuwe phoofolo hore a e hlokomele a hlapanye ka pela Jehova hore ha a nka thepa ya wa habo mme monga yona a amohele hore ho jwalo. Motho eo a se ke a di patala.+ 12  Empa haeba diphoofolo di utswitswe ho yena, a patale monga tsona. 13  Haeba e harotswe ke phoofolo e hlaha, a e tlise e le bopaki. A ke ke a patala ntho e harotsweng ke phoofolo e hlaha. 14  Empa haeba motho a adima phoofolo ho wa habo mme e holofala kapa e shwa monga yona a le siyo, motho ya e adimmeng a e patale. 15  Haeba monga yona a le teng, a ke ke a e patala. Haeba e ne e hirilwe, e patalwe ka tjhelete eo e neng e hirilwe ka yona. 16  Haeba monna a qhekanyetsa morwetsana* ya sa lebeletswang mme a robala le yena, a mo ntshetse mahadi mme e be mosadi wa hae.+ 17  Haeba ntate wa hae a hana ho mo fa yena, monna eo o ntse a lokela ho patala tjhelete e lekanang le ya ho ntsha mahadi. 18  O se ke wa tlohela moloi* hore a phele.+ 19  Mang kapa mang ya etsang thobalano le phoofolo a bolawe.+ 20  Mang kapa mang ya etsetsang medimo e meng mahlabelo haese Jehova feela a bolawe.+ 21  Le se ke la tshwara baditjhaba hampe kapa la ba hatella+ hobane le lona le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta.+ 22  Le se ke la hlorisa mohlolohadi le ha e le ofe kapa kgutsana.*+ 23  Haeba o ka ba hlorisa ebe ba llela ho nna, ke tla utlwa sello sa bona,+ 24  ke tla halefa haholo mme ke tla le bolaya ka sabole. Basadi ba lona e tla ba bahlolohadi mme bana ba lona e tla ba ba se nang bontate. 25  Haeba o adima motho ya futsanehileng* tjhelete setjhabeng sa ka, ho yena o se ke wa tshwana le motho ya batlang tswala ha a adimana ka tjhelete. O se ke wa mo patadisa tswala.+ 26  Haeba o nka seaparo sa wa heno hore a tle a o patale,+ o se kgutlisetse ho yena ha letsatsi le dikela. 27  Ke sona feela seaparo sa hae. Ke seaparo sa hae se kwahelang mmele* wa hae. O tla robala ka eng?+ Ke tla mo utlwa ha a llela ho nna ka ha ke na le kutlwelobohloko.*+ 28  O se ke wa rohaka Modimo+ kapa wa rohaka kgosana* ya setjhaba sa heno.+ 29  Le se ke la tsilatsila ho etsa mahlabelo ka dintho tsa lona tse ngata tseo le di kotutseng le ka dintho tse tsholohang dihatelong* tsa lona.+ Le mphe matsibolo a bara ba lona.+ 30  Sena ke seo o lokelang ho se etsa ka poho ya hao le ka nku ya hao:+ E tla qeta matsatsi a supileng le mme wa yona. O mphe yona ka letsatsi la borobedi.+ 31  Le be batho ba halalelang ho nna+ mme le se ke la ja nama ya ntho le ha e le efe e harotsweng ke phoofolo e hlaha.+ Empa le e akgelle dintja.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “ya behileng letsoho hodima.”
^ Lentswe la Seheberu le sebedisitsweng mona le bolela mosadi ya eso ka a etsa thobalano.
^ Mona Seheberu se bua ka moloi wa mosadi.
^ Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”
^ Kapa: “hlorileng.”
^ Ka Seheberu: “nama.”
^ Kapa: “mosa.”
^ Kapa: “mmusi.”
^ E leng oli kapa veine.