Buka ya Bobedi ya Dikronike 1:1-17

  • Solomone o kopa ho ba bohlale (1-12)

  • Maruo a Solomone (13-17)

1  Solomone mora wa Davida ya eba morena ya matla. Jehova Modimo wa hae o ne a ena le yena mme a etsa hore a be matla haholo.+ 2  Solomone a bitsa Baiseraele bohle, balaodi ba ba dikete le ba ba makgolo, baahlodi le dikgosana tsohle tsa Baiseraele le dihlooho tsa malapa. 3  Solomone le phutheho yohle ba ya sebakeng se phahameng Gibeone.+ Ke moo tente ya pokano ya Modimo wa nnete e neng e le teng e leng tente eo Moshe mohlanka wa Jehova a neng a e entse lefeelleng. 4  Davida o ne a latile Areka ya Modimo wa nnete Kiriathe-jearime+ mme a e tlisitse sebakeng seo a neng a e lokiseditse sona. O ne a e etseditse tente Jerusalema.+ 5  Aletare ya koporo+ eo Bezalele+ mora wa Uri mora wa Hure a neng a e entse e ne e behilwe ka pela tabernakele ya Jehova. Solomone le phutheho yohle ba ne ba rapela ka pela yona.* 6  Solomone a etsa dinyehelo moo ka pela Jehova mme a etsa dinyehelo tsa setjheso tse 1 000 aletareng ya koporo+ e tenteng ya pokano. 7  Bosiung boo, Modimo a hlaha ho Solomone a re ho yena: “Mpolelle hore na o batla ke o fe eng.”+ 8  Solomone a re ho Modimo: “O ile wa bontsha ntate wa ka Davida hore o mo rata haholo*+ mme wa etsa hore ke mo hlahlame boreneng.+ 9  Jehova Modimo, e se eka ntho eo o e tshepisitseng ntate wa ka Davida e ka phethahala+ hobane o nkentse morena wa batho ba bangata jwalo ka lerole la lefatshe.+ 10  Mphe bohlale le tsebo+ e le hore nka etella setjhaba sena pele* ka ha ha ho motho ya ka kgonang ho ahlola setjhaba sena sa hao se seholo.”+ 11  Modimo a re ho Solomone: “Ka ha sena ke seo o se batlang mme ha o a kopa maruo, ho hlomphuwa kapa hore ba o hloileng ba shwe ebile ha o a kopa hore o phele nako e telele* empa o kopile bohlale le tsebo e le hore o ahlole setjhaba sa ka seo ke o entseng morena wa sona,+ 12  ke tla o fa bohlale le tsebo, ke o fe le maruo le tlotla tseo ho se nang morena ya kileng a ba le tsona pele ho wena le tseo ho se nang morena ya tla ba le tsona ka mora hao.”+ 13  Solomone a tloha sebakeng se phahameng Gibeone+ ka pela tente ya pokano, a ya Jerusalema mme a busa Iseraele. 14  Solomone a nna a eketsa dikariki tsa hae tsa ntwa le dipere.* O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse 1 400 le dipere* tse 12 000.+ O ne a di behile metseng ya dikariki tsa ntwa+ le haufi le morena Jerusalema.+ 15  Morena a etsa hore silevera le kgauta tse Jerusalema di be ngata jwalo ka majwe+ le hore difate tsa kedare di be ngata jwalo ka difate tsa sikamora tse Shefela.+ 16  Dipere tsa Solomone di ne di tswa Egepeta+ mme borakgwebo ba morena ba ne ba reka sehlopha* sa dipere ka theko e tshwanang.+ 17  Kariki ka nngwe e tswang Egepeta e ne e rekwa ka dikotwana tsa silevera tse 600 mme pere yona e rekwa ka tse 150. Ba ne ba di romela ho marena ohle a Bahethe le a Siria.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “ba ne ba botsa Modimo moo.”
^ Kapa: “wa bontsha ntate wa ka Davida lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “e le hore nka tswa ka pela setjhaba sena le hore nka kena.”
^ Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”
^ Kapa: “bapalami ba dipere.”
^ Kapa: “bapalami ba dipere.”
^ Kapa mohlomong: “di ne di tswa Egepeta le Kue. Borakgwebo ba morena ba ne ba di reka Kue,” mohlomong ho buuwa ka Sisilia.