Lengolo la Pele le Yang ho Timothea 2:1-15

  • Le rapelle batho ba mefuta yohle (1-7)

    • Modimo o mong le mmuelli o mong (5)

    • Tefo e hlokahalang e le hore batho bohle ba lopollwe sebeng (6)

  • Ditaelo tse fuwang banna le basadi (8-15)

    • Le apare ka tsela e bontshang hore le a itlhompha (9, 10)

2  Pele ho tsohle, ke le eletsa hore le rapelle batho ba mefuta yohle, le ba kopele thuso, le ba etsetse dithapelo tse matla le be le ba lebohele ho Modimo. 2  Hape le rapelle marena le bohle ba maemong a phahameng+ e le hore re ka phela bophelo bo kgutsitseng re bile re ena le kgotso ha re ntse re sebeletsa Modimo ka botshepehi le ka mafolofolo dinthong tsohle.+ 3  Ha re etsa jwalo, re etsa ntho e ntle e thabisang Modimo, Mopholosi wa rona+ 4  eo thato ya hae e leng hore batho ba mefuta yohle ba pholohe+ le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ya nnete. 5  Ka ha ho na le Modimo a le mong+ le mmuelli a le mong+ pakeng tsa Modimo le batho.+ Mmuelli eo ke Kreste Jesu+ 6  ya ileng a fana ka bophelo ba hae e le tefo e neng e hlokahala e le hore batho bohle ba lopollwe sebeng.+ Batho ba tla bua ka taba ena ka nako e loketseng. 7  Ke ka lebaka leo Modimo a nkgethileng hore ke be moapostola+ le hore ke bolele le ho ruta batho ba ditjhaba nnete+ le hore ba be le tumelo. Ke bua nnete, ha ke bue leshano. 8  Ka hona, ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba tshepahalang ba dule ba rapela,+ ba se ke ba halefa+ kapa ba pheha kgang le batho ba bang.+ 9  Basadi le bona ba ikgabise ka ho apara hantle* le ka tsela e bontshang hore ba a itlhompha le hore ba na le kelello. Ba se ke ba ikgabisa ka ho loha meloho e feteletseng, ka kgauta, diperela kapa diaparo tse turang haholo.+ 10  Ho ena le hoo, ba ikgabise ka diketso tse lokileng e leng yona tsela ya ho ikgabisa e tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.+ 11  Mosadi a thole* mme a ikokobetse ha a rutwa.+ 12  Ha ke dumelle mosadi ho ruta kapa ho laola monna empa a dule a thotse.*+ 13  Etswe Adama o ile a boptjwa pele yaba ho boptjwa Eva.+ 14  Hape ha se Adama ya ileng a thetswa empa ke mosadi ya ileng a thetswa+ mme a etsa sebe. 15  Le ha ho le jwalo, o tla sireletswa ke ho ba le bana+ ha feela a* dula a ena le tumelo, a le lerato, a halalela a bile a ena le kelello.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “ka tsela e hlomphehang.”
^ Kapa: “a kgutse.”
^ Kapa: “a kgutsitse.”
^ Ka Segerike: “ba.”