HO DUMELA HO MODIMO

Etsisa Tumelo ya Bona

Sesotho (South Africa)
Etsisa Tumelo ya Bona
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/1011585/univ/art/1011585_univ_sqr_xl.jpg

Etsisa Tumelo ya Bona​—⁠Mehlala ya Batho ba Hlahang ka Bibeleng e a Phediswa

Lethathamo la dihlooho tsena le etsa hore re nahane ka banna le basadi ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba bontsha tumelo e matla jwalo ka ha eka ba phela mehleng ya rona. a Mehlala ya bona ya tumelo e ka o thusa hore le wena o be le tumelo e matla le hore o be motswalle ya haufi le Modimo.

Lethathamo le leng la divideo le nang le sehlooho se reng Etsisa Tumelo ya Bona le ka boela la o thusa hore o ithute dintho tse ngata ka tumelo ya batho bana ba hlahang ka Bibeleng.

a E le ho o thusa hore o nahane ka diketsahalo tsena le hore o ipone o le moo, dihlooho tsena di akarelletsa dintlha tse sa hlaheng ka Bibeleng. Ho entswe dipatlisiso e le ho netefatsa hore ditlaleho tsena di dumellana le Bibele, histori le dintho tse fumanweng ke baepolli.

Creation to the Flood

Enoke—‘O Ile a Kgahlisa Modimo’

Haeba o lokela ho hlokomela lelapa kapa o hloleha ho emela se lokileng, o ka ithuta mohlaleng o bontshang tumelo wa Enoke.

The Days of the Patriarchs

Sara: “O Mosadi ya Nang le Ponahalo e Ntle”

Dikgosana tsa Faro Egepeta di bona botle ba Sara empa se ileng sa etsahala se ka nna sa o makatsa.

Modimo o ne a mo Bitsa “Kgosatsana”

Ke hobaneng ha lebitso lee le letjha le ne le tshwanela Sara?

Jobo—“Nke ke ka Tlosa Botshepehi ba ka ho Nna!”

Pale ya Jobo e hlahang ka Bibeleng e ka re thusa jwang hore hlole mathata ao re kopanang le ona?

Jobo​—Jehova o ile a Matlafatsa Jobo

Satane o tla re halefela haeba re tshepahala jwalo ka Jobo, empa ha re tshepahala re tla thabisa Ntate wa rona ya re ratang Jehova!

The Exodus and the Days of the Judges

Miriame​—“Binelang Jehova”!

Miriame moprofeta o susumelletseha ho etella pele basadi ba Iseraele ho bina pina ya tlholo Lewatleng le Lefubedu. Re ithuta ho ba le sebete, tumelo le boikokobetso paleng ya hae.

The Days of Kings and Prophets

Jonathane​—“Ha ho se ka Sitisang Jehova”

Jonathane le mohlanka wa hae ba hlasela Bafilista mme ho ntse ho buuwa ka taba eo le kajeno.

Davida and Jonathane​—“Wa Tlamahana le Moya wa Hae”

Ho tlile jwang hore batho bana ba babedi ba hodisitsweng ka ditsela tse sa tshwaneng ebile ba sa lekane ka dilemo e be metswalle? Mohlala wa bona o ka o thusa jwang ha o etsa metswalle kajeno?

Elia​—O ile a Mamella ho isa Qetellong

Mohlala wa Elia wa ho bontsha mamello o re thusa hore re matlafatse tumelo ya rona ha re hlahelwa ke mathata.

The First Century

Maria Magdalena​—“Ke Bone Morena!”

Mosadi enwa ya tshepahalang e leng molatedi wa Jesu ke yena motho wa pele wa ho bona ha Jesu a tsositswe. O ile a fuwa boikarabelo ba bohlokwa ba hore a bolelle ba bang ditaba tsena tse thabisang.