Mohanyetsi wa Kreste ke Mang?
Karabo ya Bibele
Mohanyetsi wa Kreste ha se motho a le mong feela kapa mokgatlo, hobane Bibele e re ho na le “bahanyetsi ba Kreste ba bangata.” (1 Johanne 2:18) Ho ena le hoo, polelo “mohanyetsi wa Kreste,” e tswang lentsweng la Segerike le bolelang “kgahlanong le (kapa ho ena le) Kreste,” le bua ka motho le ha e le ofe ya etsang dintho tse latelang:
Ya latolang hore Jesu ke Kreste (Mesia) kapa ke Mora Modimo.—1 Johanne 2:22.
Ya latolang hore Kreste ke Motlotsuwa wa Modimo.—Pesaleme ya 2:1, 2; Luka 11:23.
Ya iketsang eka ke Kreste.—Matheu 24:24.
Ya hlorisang balatedi ba Kreste, bao Jesu a nkang hore se etswang ho bona se etswa ho yena.—Diketso 9:5.
Eo ka leshano a bolelang hore ke Mokreste empa a etsa tlolo ya molao kapa bolotsana.—Matheu 7:22, 23; 2 Bakorinthe 11:13.
Bibele e re batho ba etsang dintho tseo, ke bahanyetsi ba Kreste hape ha e ba akaretsa e ba bitsa “mohanyetsi wa Kreste.” (2 Johanne 7) Mohanyetsi wa Kreste o qadile ho ba teng nakong ya baapostola mme o ntse a le teng le kajeno. Bibele e ile ya bolela esale pele ka seo.—1 Johanne 4:3.
O ka tseba bahanyetsi ba Kreste jwang?
Ba ruta dithuto tse fosahetseng ka Jesu. (Matheu 24:9, 11) Ka mohlala, batho ba rutang thuto ya Boraro bo Bong kapa ya hore Jesu ke Modimo ya Matla Ohle, ba hanyetsa dithuto tsa Jesu, ya ileng a re: “Ntate o moholo ho nna.”—Johanne 14:28.
Bahanyetsi ba Kreste ba latola seo Jesu a ileng a se bolela mabapi le tsela eo Mmuso wa Modimo o sebetsang ka yona. Ka mohlala, baetapele ba bang ba bodumedi ba re Kreste o sebedisa mebuso ya batho. Empa thuto ena e hanyetsana le seo Jesu a ileng a se bua ha a re: “Mmuso wa ka ha se karolo ya lefatshe lena.”—Johanne 18:36.
Ba re Jesu ke Morena wa bona, empa ha ba mamele ditaelo tsa hae, tse akarelletsang e reng ho bolelwe ditaba tse molemo tsa Mmuso.—Matheu 28:19, 20; Luka 6:46; Diketso 10:42.

