DIPOTSO TSA BIBELE DI A ARAJWA

Babilona e Moholo ke Eng?

Sesotho (South Africa)
Babilona e Moholo ke Eng?
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/502015210/univ/art/502015210_univ_sqr_xl.jpg
ijwbq sehlooho 94

Babilona e Moholo ke Eng?

Babilona e Moholo ke Eng?

Karabo ya Bibele

 Buka ya Tshenolo e hlalosa “mosadi” eo e leng “letekatse le leholo” ya nang le “lebitso le sa tsejweng: ‘Babilona e Moholo.’” (Tshenolo 17:1, 3, 5) Mosadi enwa o emela madumedi oohle a bohata a teng lefatsheng a ‘kgethileng ho dumela leshano ho ena le ho dumela nnete e tswang ho Modimo.’ a (Baroma 1:25) Le hoja madumedi ana a fapane ka dintho tse ngata, kaofela ha wona a kgelosa batho hore ba se ke ba rapela Modimo wa nnete, e leng Jehova .—Deuteronoma 4:35

Dintlha tse re thusang ho tseba Babilona e Moholo

  1.   Babilona e Moholo e emela ntho e itseng. Buka ya Tshenolo e sebedisa ‘ditoro,’ tseo Johanne a ileng a ba le tsona ho bapisa dintho. Ka hoo ho a utlwahala hore re ka dumela hore Babilona e Moholo ha se mosadi wa sebele empa o emela ntho e itseng. (Tshenolo 1:1) Ho ekelletsa moo, o ‘dula hodima metsi a mangata,’ a emelang “batho, ditjhaba, matshwele, merabe le dipuo tse fapaneng.” (Tshenolo 17:1, 15) Ha hona mosadi ya ka kgonang ho etsa jwalo.

  2.   Babilona e Moholo ke mokgatlo wa lefatshe lohle. O bitswa “motse o moholo o busang marena a lefatshe.” (Tshenolo 17:18) O na le tshusumetso lefatsheng lohle.

  3.   Babilona e Moholo ke mokgatlo wa bodumedi e seng wa dipolotiki kapa wa kgwebo. Babilona ya mehleng ya pele e ne e le motse wa bodumedi o tummeng ka ho sebedisa ‘mantswe a boloi’ le “boloi.” (Esaia 47:1, 12, 13; Jeremia 50:1, 2, 38) Ha e le hantle bodumedi ba baahi ba motse oo, e ne e le bo fosahetseng bo hanyetsang Modimo wa nnete Jehova. (Genese 10:8, 9; 11:2-4, 8) Ka boikgohomoso babusi ba Babilona ba ile ba iphahamisetsa Jehova le borapedi ba hae. (Esaia 14:4, 13, 14; Daniele 5:2-4, 23) Ka ho tshwanang Babilona e Moholo o tsebahala ka “boloi.” Sena se bontsha hore ke mokgatlo wa bodumedi.—Tshenolo 18:23.

     Babilona e Moholo hase mokgatlo wa dipolotiki hobane “marena a lefatshe” a llela timetso ya hae. (Tshenolo 17:1, 2; 18:9) E boetse hase mokgatlo wa kgwebo hobane Bibele e mo kgetholla ho “borakgwebo ba lefatshe.”—Tshenolo 18:11, 15.

  4. Photograph taken by courtesy of the British Museum

    Lejwe le bontshang setshwantsho sa morena wa Babilona Nabonidase le matshwao a medimo ya boraro-bo bong Sin, Ishtar, le Shamash

  5.   Babilona e Moholo ke tshwantshetso e nepahetseng ya bodumedi ba bohata. Ho ena le hore bo rute batho ho atamela haufi le Modimo wa nnete, Jehova, ha e le hantle bo etsa hore batho ba rapele medimo e meng. Bibele e bitsa sena “botekatse” ba moya. (Levitike 20:6; Exoda 34:15, 16) Madumedi a bohata a tswela pele ho ruta dithuto tse neng di rutwa Babilona ya mehleng ya pele. Dithuto tsena di akarelletsa thuto ya boraro bo bong, ho se shwe ha moya le ho sebedisa ditshwantsho borapeding. Borapedi ba madumedi ana bo boetse bo akarelletsa ho rata lefatshe. Bibele e bontsha sena e le ho se tshepahale.—Jakobo 4:4.

     Bibele e nepile ha e bua ka maruo le ho ithorisa ha Babilona e Moholo ha e re, o “apere diaparo tse pherese le tse kgubedu”, o “ikgabisitse ka kgauta, diperela le majwe a bohlokwa.” (Tshenolo 17:4) Babilona e Moholo ke mohlodi wa “dintho tse nyontshang tsa lefatshe,” kapa dithuto le diketso tse hlomphollang Modimo. (Tshenolo 17:5) Ditho tsa bodumedi ba bohata ke “batho, ditjhaba, matshwele, merabe le dipuo tse fapaneng” tse tshehetsang Babilona e Moholo.—Tshenolo 17:15.

 Babilona e Moholo o ikarabella ka lefu la “bohle ba bolailweng lefatsheng.” (Tshenolo 18:24) Haesale bodumedi ba bohata bo hlohlelletsa dintwa le diketso tsa bokgukguni. Hape bo hlolehile ho ruta batho nnete ka Jehova Modimo ya lerato. (1 Johanne 4:8) Taba ena e entse hore ho be le tshollo ya madi e ngata.

Modimo o ikutlwa jwang ka Babilona e Moholo?

 Mahlong a Modimo “dibe tsa hae di ngata ebile di fihla lehodimong.” (Tshenolo 18:4, 5) Ka lebaka la ho bua mashano ka yena le ho se tshware balatedi ba bona hantle, Modimo o halefetse bodumedi ba bohata.

Ho tla etsahalang ka Babilona e Moholo?

 Bibele ha e bua ka Babilona e Moholo e re“Modimo o o ahlotse”. (Tshenolo 18:20) Ka puo ya tshwantshetso Bibele e ile ya bua esale pele hore Modimo o tla fedisa bodumedi ba bohata. (Tshenolo 18:8) O tla susumetsa sebata se sefubedu se tshwantshetsang mekgatlo ya dipolotiki e matla hore se fedise bodumedi ba bohata ka ho feletseng. (Tshenolo 17:16, 17) “Babilona motse o moholo o tla lahlelwa tlase ka sekgahla se jwalo mme o ke ke wa hlola o fumanwa.” (Tshenolo 18:21) Ka hoo batho ba batlang ho kgahlisa Modimo ba lokela ho ‘tswa hara bona,’ mme ba ikarole ho bodumedi ba bohata.—2 Bakorinthe 6:14-17.

a Sheba sehlooho se reng “How Can I Find the True Religion?