Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O se ke wa Ahlola Motho ho ya Kamoo a Shebahalang Kateng

O se ke wa Ahlola Motho ho ya Kamoo a Shebahalang Kateng

DON ke e mong wa Dipaki Tsa Jehova ya dulang Canada mme o etsa boiteko bo kgethehileng ba ho pakela batho ba dulang seterateng. Ha a bua ka e mong wa bona, Don o re: “Peter e ne e le e mong wa banna ba ditshila ka ho fetisisa eo nkileng ka kopana le yena. O ne a tena batho hape a sa batle ha ba mo atamela. O ne a boetse a hana thuso ya bona.” Leha ho le jwalo, Don o ile a qeta dilemo tse fetang 14 a ntse a leka ho thusa monna enwa a sa fele pelo.

Ka letsatsi le leng, Peter o ile a botsa Don a re: “Ke hobaneng ha o tshwenyehile ka nna? Batho ha ba na taba le nna. Ke hobaneng ha wena o nkgathalla?” Ka bohlale, Don o ile a sebedisa mangolo a mararo ho leka ho finyella pelo ya Peter. Don o ile a qala ka ho botsa Peter hore na o ne a tseba hore Modimo o na le lebitso, yaba o mo kopa hore a ipalle lona ho Pesaleme ya 83:18. Kamora moo o ile a mo bontsha hore na ke hobaneng ha a mo kgathalla, yaba o re Peter a bale lengolo la Baroma 10:13, 14, le hlalosang hore “e mong le e mong ya ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” Qetellong Don o ile a bala lengolo la Matheu 9:36 mme kamora moo, a kopa Peter hore a ipalle lona. Temana eo e re: “Ha a bona bongata [Jesu] a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile mme bo qhalakane jwaloka dinku tse se nang modisa.” A tletse dikeledi ka mahlong, Peter o ile a botsa Don a re: “Na le nna ke e mong wa dinku tseo?”

Peter o ile a qala ho fetoha. O ile a hlapa, a kuta ditedu tsa hae, a ba a apara diaparo tse hlwekileng tseo Don a mo fileng tsona. Ho tloha moo ho ya pele, Peter o ile a dula a hlwekile.

Peter o ne a e na le dayari. Qalong o ne a ngola dintho tse bohloko, empa hamorao o ile a ngola dintho tse thabisang. Ka letsatsi le leng o ile a ngola a re: “Kajeno ke ithutile lebitso la Modimo. Hona jwale ha ke rapela, ke rapela Jehova. Ho a thabisa ho tseba lebitso la hae. Don o re Jehova e ka ba Motswalle wa ka, eo kamehla a ikemiseditseng ho mmamela le eo nka buang le yena ntho e nngwe le e nngwe.”

Peter o ile a ngola mantswe a ho qetela ao a neng a a lebisitse ho ngwanabo le ausi wa hae. O ile a re ho bona:

“Kajeno ke a kula. Ke nahana hore ke hobane ke se ke tsofetse haholo. Empa le ha nka shwa, ke a tseba hore ke tla bona motswalle wa ka [Don] hape Paradeiseng. Haeba le bala molaetsa ona, seo se bolela hore ha ke sa phela. Haeba le bona monna eo le sa mo tsebeng lefung la ka, le bue le yena, hape ke kopa le bale buka ena e nyenyane e putswa [o ne a bua ka buka eo a ileng a e fumana kgale, e bitswang “’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng,” e neng e sebediswa ho ruta batho Bibele]. * E re ke tla boela ke bona motswalle waka hape Paradeiseng. Ke dumela sena ka pelo ya ka yohle. Ngwanabo lona, Peter.”

Kamora lepato, ausi wa Peter ya bitswang Ummi o ile a hlalosa a re: “Dilemo tse ka bang tse pedi tse fetileng, Peter o ile a buisana le nna. Ke ne ke qetetse kgale ho mmona a thabile ka tsela eo. O ne a bile a bososela.” Ummi o ile a re ho Don: “Kaha buka eo e ile ya finyella pelo ya ngwaneso, e tlameha e be e ya ikgetha, kahoo ke tla e bala.” Ummi o ile a dumela ho ithute Bibele le e mong wa Dipaki Tsa Jehova ba sebedisa buka ya moraorao ya Ha e le Hantle ke Eng seo Bibele e se Rutang?

Le rona re ka kgaotsa ho ahlola batho ho ya kamoo ba shebahalang kateng, re ba bontshe lerato mme re be le mamello ho batho ba mefuta yohle. (1 Tim. 2:3, 4) Haeba re etsa jwalo re tla kgona ho thusa batho ba tshwanang le Peter, ba nang le dipelo tse ntle le hoja batho ba bang ba ba nyonya. Re ka kgodiseha hore kaha Modimo “o bona seo pelo e leng sona,” o tla hulela ba dipelo di ntle ho yena.—1 Sam. 16:7; Joh. 6:44.

^ par. 7 E hatisitswe ke Dipaki Tsa Jehova, empa hona jwale ha e sa hatiswa.