Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TSEBA NNETE KA MANGELOI HO KA O THUSA JWANG?

Seo e Leng Nnete ka Mangeloi

Seo e Leng Nnete ka Mangeloi

Na o ka rata ho tseba nnete ka mangeloi, hore na a tswa hokae le hore na a etsang? Bibele ke yona feela e ka fanang ka dikarabo tsa dipotso tsena. (2 Timothea 3:16) A re ke re utlweng hore na e reng:

  • Jwalo ka ha Modimo e le Moya, mangeloi le ona ke moya, mme ha a na “nama le masapo” jwalo ka batho. Mangeloi a tshepahalang a phela mahodimong haufiufi le Modimo.​—Luka 24:39; Matheu 18:10; Johanne 4:24.

  • Ka dinako tse ding mangeloi a nnile a hlaha ka sebopeho sa batho lefatsheng ho etsa mosebetsi o itseng. Ebe ka mora ho phetha dikabelo tse fapaneng, a nke sebopeho sa moya hape mme a kgutlele lehodimong.​—Baahloli 6:11-23; 13:15-20.

  • Le hoja ho bonahala e ka mangeloi a hlahella e le banna ka Bibeleng, esita le ha a ne a hlaha ho batho lefatsheng, re ke ke ra kgona ho tseba hore na ha e le hantle mangeloi ke basadi kapa ke banna. Ntho eo re e tsebang feela ke hore ha a nyale ebile ha a be le bana. Mangeloi a bopilwe ke Jehova ke kahoo Bibele e a bitsang “bara ba Modimo wa nnete.”​—Jobo 1:6; Pesaleme ya 148:2, 5.

  • Ha Bibele e bua ka “maleme a batho le a mangeloi,” seo se bontsha hore mangeloi le ona a na le puo ya ona. Le hoja Modimo a ile a sebedisa mangeloi ho bua le batho, le ka mohla ha a re dumella hore re a rapele kapa re a etsetse ketso le ha e le efe ya borapedi.​—1 Bakorinthe 13:1; Tšenolo 22:8, 9.

  • Palo ya mangeloi e balwa ka dimiriade tsa dimiriade e leng dibilione. *​—Daniele 7:10; Tšenolo 5:11.

  • Mangeloi “a matla ka bonatla” ho feta batho ebile a na le bohlale bo fetang ba batho hole. Se makatsang le ho feta ke hore a lebelo le tshosang!—Pesaleme ya 103:20; Daniele 9:20-23.

  • Ho sa tsotellehe matla ao mangeloi a nang le ona, a na le meedi mme ho na le dintho tseo a sa di tsebeng.​—Matheu 24:36; 1 Petrose 1:12.

  • Mangeloi a bopilwe a na le botho, makgabane a ikgethang le bolokolohi ba ho ikgethela. Ke ka lebaka leo le ona jwalo ka batho, a ka ikgethelang ho etsa se setle kapa se sebe. Empa ka maswabi, a mang a ikgethetse ho fetohela Modimo.​—Juda 6.

^ par. 8 Miriade ke 10 000. Mme miriade e le nngwe ha o e atisa ka e nngwe, e ba dimilione tse 100. Ke kahoo lengolo la Tshenolo le buang ka “dimiriade tsa dimiriade” tsa mangeloi. Seo se bolela dimilione tse makgolo, mohlomong esita le ho fihla ho dibilione tsa mangeloi!