Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hokae Moo o ka Fumanang Tataiso eo o ka e Tshepang e Tla o Thusa Hore o Phele ha Monate?

Ke Hokae Moo o ka Fumanang Tataiso eo o ka e Tshepang e Tla o Thusa Hore o Phele ha Monate?

Jwalo ka ha re ithutile sehloohong se fetileng, re hlokometse hore batho ba bangata ba leka ho phela bophelo bo monate ka ho tshepa dintho tse jwalo ka ho dumela hore bophelo bo rerilwe esale pele, ho batla thuto e phahameng, ho rua le ho ba batho ba lokileng. Haeba o etsa dintho tsena e le hore o dule o phele ha monate, ho tshwana le ha o ya sebakeng seo o sa se tsebeng o sebedisa mmapa o fosahetseng. Na see se bolela hore ha ho na tataiso eo re ka e sebedisang bakeng sa bokamoso ba rona? Ha ho jwalo.

HO FUMANA TATAISO MOHLODING O TSHEPAHALANG

Ha re etsa diqeto, hangata re kopa thuso ho motho ya hodileng kapa ya bohlale ho re feta. Ka tsela e tshwanang, re ka fumana tataiso eo re ka e tshepang ka bokamoso ba rona ho motho ya moholo ka ho fetisisa le ya bohlale ho re feta. Re ka fumana tataiso eo bukeng e ileng ya ngolwa dilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng. Buka eo e halalelang e bitswa Bibele.

Ke hobaneng ha o ka tshepa Bibele? Hobane Mongodi wa yona o moholo ebile o bohlale ka ho fetisisa bokahohleng. O hlaloswa e le “Moholoholo wa Matsatsi” eo esale a le teng “ho tloha nakong e sa lekanyetswang ho isa nakong e sa lekanyetswang.” (Daniele 7:9; Pesaleme ya 90:2) Ke yena “Mmopi wa mahodimo, Yena Modimo wa nnete, Mmopi wa lefatshe le Moetsi wa lona.” (Esaia 45:​18) O a re bolella hore lebitso la hae ke Jehova.​—Pesaleme ya 83:18.

Ka ha Bibele e ngotswe ke Mmopi wa batho bohle, ha hona moo e bontshang hore batho ba morabe o itseng kapa ba setso se itseng ba bohlokwa ho feta batho ba bang. Ka mehla keletso ya yona e a sebetsa mme e thusitse batho ba bangata lefatsheng lohle. E fumaneha ka dipuo tse ngata mme batho ba bangata ba na le yona ho feta buka le ha e le efe. * Sena se bolela hore batho ba bangata ba ka kgona ho e utlwisisa ha bonolo ebile e ka kgona ho ba tataisa. Taba ena e dumellana hantle le seo Bibele e se buang:

“Modimo ha a leeme, empa setjhabeng se seng le se seng motho ya mo tshabang le ya sebetsang ho loka o a amoheleha ho yena.”​—LIKETSO 10:​34, 35.

Jwalo ka motswadi ya lerato ya thusang bana ba hae, Jehova ke Ntate ya lerato ya batlang ho re thusa a sebedisa Lentswe la hae Bibele. (2 Timothea 3:​16) Re ka tshepa Lentswe la hae hobane ke yena ya re bopileng ebile o tseba se ka re thabisang.

O lokela ho etsang e le hore o thabele bophelo bo jwalo? Fumana karabo sehloohong se latelang.

^ par. 6 E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka ho fetolelwa le ho ajwa ha Bibele e ya ho www.jw.org/st-za mme o shebe tlasa DITHUTO TSA BIBELE > HISTORI LE BIBELE.

^ par. 16 Ho fumana dintlha tse eketsehileng sheba kgaolo ya 9 bukeng ya Bibele​—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? E hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova. E fumaneha websaeteng ya rona ya Watchtower Online Library.