Ho ba le Kgotso ho sa Tsotellehe Dintwa le Diketsahalo Tse Sehloho

Ho ba le Kgotso ho sa Tsotellehe Dintwa le Diketsahalo Tse Sehloho

Gary eo e kileng ya e ba lesole o re: “Pele ke ithuta Bibele ke ne ke sa tsebe hore na ke hobaneng ha ho e na le bokgopo, ho hloka toka le mathata a mangata lefatsheng. Hona jwale ke na le kgotso ya kelello. Ke a tseba hore Jehova Modimo o tla etsa hore lefatshe e be sebaka se sireletsehileng.”

Gary ha se yena feela ya ikutlwang ka tsela ena. Hlokomela ka moo Bibele e ileng ya thusa le ba bang ka teng.

BIBELE E RE: “Jehova, o molemo ebile o ikemiseditse ho tshwarela.”—Pesaleme ya 86:5.

SEE SE THUSA JWANG: “Temana ena e nkgodisa hore Jehova o mohau. Ke a tseba hore o ikemiseditse ho ntshwarela ka hore ke ile ka kenya letsoho ntweng nakong e fetileng.”—Wilmar, wa Colombia.

BIBELE E RE: “Ke bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha. Dintho tsa kgale di ke ke tsa hopolwa, kapa tsa le utlwisa bohloko.”—Esaia 65:17.

SEE SE THUSA JWANG: “Ke na le menahano e sithabetsang, e mpakelang kgatello ya maikutlo ka lebaka la dintho tse nketsahalletseng ha ke ne ke le sesoleng. Temana ena e nkgopotsa hore haufinyane Jehova o tla nthusa ho lebala ka ho feletseng dintho tse bohloko tse ileng tsa /ntlhahela. Nke ke ka hlola ke di hopola. Ke ntho e thabisang haholo!”—Zafirah, wa America.

BIBELE E RE: “Ha a busa, ba lokileng ba tla eketseha, kgotso e tla ba ngata ha feela kgwedi e ntse e le teng.”—Pesaleme ya 72:7.

SEE SE THUSA JWANG: “Ke dula ke nahana ka mantswe ao. Haufinyane dintwa le dintho tse bohloko tseo e di bakang di tla fela mme re ke ke ra hlola re tshwenyeha ka tshireletseho ya baratuwa ba rona.”—Oleksandra, wa Ukraine.

BIBELE E RE: “Bafu ba hao ba tla phela. . . . Tsohang mme le hweletse le thabile, lona ba ahileng leroleng.”—Esaia 26:19.

SEE SE THUSA JWANG: “Boholo ba ditho tsa lelapa leso di ile tsa bolawa nakong eo ho neng ho fediswa morabe wa rona wa Matutsi. Temana ena e-ya nkgodisa hore ke tla boela ke ba bona hape. Ke labalabela ho utlwa ba bua ba thabile nakong e tlang ha ba se ba tsositswe!”—Marie, wa Rwanda.

BIBELE E RE: “Ho setse nakwana e seng kae mme batho ba kgopo ha ba sa tla hlola ba e ba teng . . . Le ha ho le jwalo, lefatshe e tla ba lefa la ba bonolo, ba tla thaba haholo hobane ho tla be ho rena kgotso.”—Pesaleme ya 37:​10, 11.

SEE SE THUSA JWANG: “Le hoja ntwa e se e fedile, ho ntse ho e na le ho hloka toka le batho ba kgopo. Ditemana tsena di nthusitse haholo. Jehova o bona dintho tsohle ebile o utlwisisa boemo ba ka. O tshepisa hore haufinyane o tlo fedisa bohloko bohle mme re ke ke ra hlola re utlwa bohloko.”—Daler, wa Tajikistan.

Batho ba faneng ka maikutlo makasineng ena, ke karolo ya batho ba di-milione bao e leng Dipaki tsa Jehova ba thusitsweng ke Bibele hore ba fumane kgotso. Ba ithutile ho hlola lehloyo leo ba neng ba e na le lona ho merabe e meng kapa ditjhaba tse ding. (Baefese 4:​31, 32) Dipaki tsa Jehova ha di nke lehlakore dipolotiking ebile ha di kenelle diketsahalong tse sehloho.—Johanne 18:36.

Dipaki tsa Jehova di tshehetsana jwalo ka lelapa. (Johanne 13:35) Ka mohlala, Oleksandra eo re buileng ka yena pejana, yena le ngwanabo ba ile ba tlameha ho balehela naheng e nngwe ka lebaka la ntwa. O re: “Hang ha re fihla naheng e nngwe, re ile ra bona Dipaki tsa Jehova di le teng sebakeng seo ho re amohela. Tshehetso ya bona e ile ya re thusa hore re tlwaele ho phela naheng e ntjha re le baphaphathehi.”

Dipaki tsa Jehova di o memela Dibokeng tsa tsona moo o tla ithuta ka molaetsa wa kgotso o hlahang ka Bibeleng le ka moo o ka o sebedisang ka teng. Kena ho jw.org/st-za ho fumana sebaka se haufi le wena kapa o kope ho ithuta Bibele mahala le sebedisa bukana ya O ka Thaba ka ho sa Feleng!