Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

TORA YA HO LEBELA No. 1 2023 | Bibele e ka Thusa Batho ba Nang le Kgatello ya Maikutlo

Batho ba bangata ba na le kgatello ya maikutlo. Kgatello ena ya maikutlo e ama batjha le batho ba baholo, ba ruileng kapa ba sa ruang, ba merabe yohle le madumedi ohle. Kgatello ya maikutlo ke eng hona e ama batho jwang? Makasine ena e bua ka bohlokwa ba ho fumana thuso ya dingaka le hore na Bibele e ka thusa batho ba nang le kgatello ya maikutlo jwang.

 

Batho ba Bangata ba na le Kgatello ya Maikutlo

Kgatello ya maikutlo e ka tshwara batho bohle ho akareletsa ba banyenyane le ba baholo. Bona ka moo dikeletso tsa Bibele di ka o thusang ka teng ha o ena le kgatello ya maikutlo.

Modimo o a o Tsotella

Keng e ka o kgodisang hore Jehova Modimo o utlwisisa tsela eo o ikutlwang ka yona ho feta motho le ha e le ofe?

1 | Thapelo “Lahlelang Dintho Tsohle Tse le Tshwenyang ho Yena”

Na o ka rapela Modimo ka ntho le ha e le efe e o tshwenyang? Thapelo e ka thusa batho ba tshwenyehang jwang?

2 | ‘Mangolo a a re Tshedisa’

Bibele e tshepisa hore haufinyane re ke ke ra hlola re utlwa bohloko.

3 | Dipale Tsa Batho ba ka Bibeleng di ka o Thusa

Dipale tsa banna le basadi ba ka Bibeleng ba neng ba ena le maikutlo a tshwanang le a rona di ka re thusa haeba re utlwa eka ke rona feela ba nang le bothata ba ho tshwenyeha.

4 | Bibele e Fana ka Dikeletso Tse ka re Thusang

Bona ka moo ho nahana ka ditemana tsa Bibele le ho ipehela dintho tseo o ka kgonang ho di etsa ho ka o thusang ho sebetsana le kgatello ya maikutlo.

O ka Thusa Batho ba Nang le Kgatello ya Maikutlo Jwang?

O ka thusa motswalle wa hao ya nang le kgatello ya maikutlo ka hore o mo tshehetse.