Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 15

Na o Bua ka Tsela e Behelang ba Bang Mohlala o Motle?

Na o Bua ka Tsela e Behelang ba Bang Mohlala o Motle?

“Ho ba tshepahalang o be mohlala ho bueng.​—1 TIM. 4:12.

PINA YA 90 Le Kgothatsane

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke mang ya re fileng bokgoni ba ho bua?

 MODIMO wa rona ya lerato o re file bokgoni ba ho bua. Hanghang ka mora hore motho wa pele e leng Adama a boptjwe, o ile a kgona ho bua le Ntate wa hae ya lehodimong. O ile a eketsa mantswe ao a a tsebang ka hore a qape a mang a matjha. Adama o ile a sebedisa bokgoni ba ho qapa mantswe ha a ne a reha diphoofolo tsohle mabitso. (Gen. 2:19) Hape o ne a thabile haholo ha a bua le motho e mong ka lekgetlo la pele e leng mosadi wa hae e motle Eva.​—Gen. 2:22, 23.

2. Batho ba sebedisitse bokgoni ba ho bua hampe jwang nakong e fetileng le hona jwale?

2 Ho eso ye kae, batho ba ile ba qala ho sebedisa mpho ena ya ho bua hampe. Satane Diabolose o ile a thetsa Eva mme leshano leo le ile la etsa hore batho e be baetsadibe. (Gen. 3:1-4) Adama o ile a sebedisa mpho ya ho bua hampe ha a ne a beha Eva le Jehova molato ka lebaka la diphoso tsa hae. (Gen. 3:12) Kaine yena o ile a thetsa Jehova ka mora hore a bolaye ngwanabo e leng Abele. (Gen. 4:9) Ha morao Lameke e leng setloholo sa Kaine, o ile a etsa thothokiso e neng e bontsha ka moo batho ba neng ba rata ntwa ka teng mehleng ya hae. (Gen. 4:23, 24) Batho ba jwang mehleng ee? Ka dinako tse ding, baetapele ba dipolotiki ba bua dintho tse mpe ka bolokolohi. Hape dimovie tse ngata mehleng ena di sebedisa puo e ditshila. Bana ba sekolo ba utlwa puo e ditshila sekolong mme batho ba baholo ba e utlwa mosebetsing. Taba ya hore batho ba se ba tlwaetse ho bua puo e ditshila e re bontsha hore na lefatshe le se le senyehile hakae.

3. Keng e ka etsahalang re sa hlokomele, hona re tlo bua kang sehloohong see?

3 Re ka tlwaela ho utlwa batho ba bua puo e ditshila ebe le rona re a ba etsisa re sa hlokomele. Ka ha re Bakreste re batla ho thabisa Jehova, ka hoo ha re batle ho bua dintho tse mpe. Re batla ho sebedisa mpho ena e babatsehang ya ho bua ka tsela e nepahetseng e le hore re rorise Modimo. Sehloohong sena re tlo bua ka hore na re ka etsa seo jwang (1) tshimong, (2) dibokeng le (3) ha re bua le batho ba bang. A re qaleng ka ho bua ka hore na ke hobaneng ha Jehova a amehile ka tsela eo re buang ka yona.

JEHOVA O AMEHILE KA DINTHO TSEO RE DI BUANG

Dintho tseo o di buang di bontsha se ka pelong ya hao (Sheba serapa sa 4 le 5) *

4. Ho ya ka Malakia 3:16, ke hobaneng ha Jehova a amehile ka dintho tseo re di buang?

4 Bala Malakia 3:16. Ke hobaneng ha Jehova a ngola mabitso a batho ba buang dintho tse bontshang hore ba a mo tshaba le ho nahanisisa ka lebitso la hae ‘bukeng ya kgopotso’? Lebaka ke hobane dintho tseo re di buang di bontsha se ka dipelong tsa rona. Jesu o ile a re: “Molomo o bua ho tswa ho se tletseng pelong.” (Mat. 12:34) Dintho tseo re kgethang ho di bua di bontsha hore na re rata Jehova hakae. Hape Jehova o batla hore batho ba mo ratang ba thabele ho phela ka ho sa feleng lefatsheng le letjha.

5. (a) Dintho tseo re di buang di amana jwang le tshebeletso ya rona? (b) Ho ya ka setshwantsho, re lokela ho hlokomela eng mabapi le dintho tseo re di buang?

5 Dintho tseo re di buang di ka etsa hore Jehova a amohele tshebeletso ya rona. (Jak. 1:26) Batho ba bang ba sa rateng Modimo ba bua ka tsela e bontshang hore ba bohale, ha ba nahanele ebile ba a ikgohomosa. (2 Tim. 3:1-5) Ho hang ha re batle ho tshwana le bona! Re batla ho thabisa Jehova ka dintho tseo re di buang. Le ha ho le jwalo, na Jehova o ne a ka thaba haeba re bua ka tsela e mosa ha re le dibokeng le ha re le tshimong empa re bua le ba malapa a rona ka tsela e sa nahaneleng moo batho ba bang ba sa re boneng kapa ba sa re utlweng?​—1 Pet. 3:7.

6. Keng e ileng ya etsahala ka lebaka la tsela eo Kimberly a neng a bua ka yona?

6 Ha re bua dintho tse hantle, re bontsha batho ba bang hore re sebeletsa Jehova. Re thusa batho bao re phelang le bona hore ba bone ka ho hlaka phapang e teng “pakeng tsa ya sebeletsang Modimo le ya sa kang a mo sebeletsa.” (Mal. 3:18) Moradiwabo rona Kimberly o ile a bona ha sena se etsahala. * Titjhere ya hae e ile ya re a etse mosebetsi wa sekolo le ngwanana eo a kenang tlelase le yena. Ka mora hore ba sebetse ha mmoho, ngwanana eo o ile a hlokomela hore Kimberly ha a tshwane le bana ba bang. O ne a le mosa, a sa bue hampe ka batho ba bang ebile a sa bue dintho tse ditshila. Boitshwaro ba Kimberly bo ile ba kgahla ngwanana eo mme o ile a qala ho ithuta Bibele le yena. Jehova o thaba haholo ha a utlwa re bua ka tsela e etsang hore batho ba batle ho ithuta ka yena.

7. O ikemiseditse ho sebedisa mpho eo Modimo a o fileng yona jwang?

7 Kaofela ha rona re batla ho bua ka tsela e tla tlotlisa Jehova le e tla etsa hore re be metswalle le Bakrestemmoho. Ka hoo, a re bueng ka dintho tseo re ka di etsang e le hore re tswele pele re le “mohlala ho bueng.”

EBA MOHLALA O MOTLE TSHIMONG

Re thabisa Jehova ha re bua le batho ka tsela e mosa tshimong (Sheba serapa sa 8 le 9)

8. Jesu o re behetse mohlala ofe tseleng eo a neng a bua ka yona ha a ne a le lefatsheng?

8 Bua ka mosa le ka tlhompho ha batho ba bang ba o halefisa. Ha Jesu a ne a le lefatsheng batho ba ne ba re ke letahwa, o ja haholo, o sebeletsa Diabolose, ha a boloke Sabatha ebile ha a hlomphe Modimo. (Mat. 11:19; 26:65; Luka 11:15; Joh. 9:16) Ho ntse ho le jwalo, Jesu o ile a bua le bona ka mosa. Ha batho ba bang ba bua le rona hampe, re lokela ho etsisa Jesu ka hore re bue le bona ka mosa. (1 Pet. 2:21-23) Ha ho bonolo hore re be mosa ha batho ba bang ba bua le rona hampe. (Jak. 3:2) Jwale re ka thuswa keng?

9. Ke eng e ka re thusang hore re laole tsela eo re buang ka yona ha re etsa mosebetsi wa boboledi?

9 Leka hore o se ke wa halefa ha mongantlo a o buisa hampe. Morabo rona Sam o re: “Ke leka ho nahana ka moo motho eo ke buang le yena a hlokang ho tseba nnete ka Modimo le ho hopola hore a ka kgona ho fetoha.” Ka dinako tse ding mongantlo a ka halefiswa ke hore re fihlile ka nako e mpe. Haeba re bua le motho ya kwatileng, re ka etsa seo Moradiwabo rona Lucia a se etsang. Re ka etsa thapelo e kgutshwanyane mme ra kopa Jehova hore a re thuse re kgobe matshwafo e le hore re bue ka tsela e mosa le e nang le tlhompho.

10. Ho ya ka 1 Timothea 4:13, re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

10 Eba titjhere e hlwahlwa. Le hoja Timothea a ne a bolela ditaba tse molemo ka tsela e atlehang, o ne a ntse a lokela ho ntlafatsa tsela eo a rutang ka yona. (Bala 1 Timothea 4:13.) Re ka ba matitjhere a hlwahlwa jwang ha re etsa mosebetsi wa boboledi? Re lokela ho lokisetsa hantle. Ho thabisang ke hore re na le dithulusi tse fapaneng tse ka re thusang hore re be matitjhere a hlwahlwa. O ka fumana dintlha tse ka o thusang bukaneng ya Ikemisetse ho Bala le ho Ruta le karolong ya “Eba Mafolofolo Mosebetsing wa Boboledi,” ho Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona. Na o sebedisa dingolwa tsee ka botlalo? Ha re lokisetsa hantle re kgona ho kgoba matshwafo le ho ba sebete ha re bua le batho ba bang.

11. Bakreste ba bang ba thusitswe keng hore e be matitjhere a hlwahlwa?

11 Re ka boela ra ba matitjhere a hlwahlwa ka hore re shebe tsela eo batho ba bang ka phuthehong ba rutang ka yona le ho ithuta ho bona. Morabo rona Sam eo re buileng ka yena, o dula a ipotsa hore na keng e etsang hore bara le baradibabo rona ba bang e be matitjhere a hlwahlwa. O sheba tsela eo ba rutang ka yona ebe o leka ho ba etsisa. Moradiwabo rona Talia o sheba ka moo barababo rona ba nang le boiphihlelo ba fanang ka dipuo tsa phatlalatsa ka teng. Sena se mo thusa hore a arabe dipotso tseo batho ba tlwaetseng ho di botsa tshebeletsong ya tshimo.

EBA MOHLALA O MOTLE DIBOKENG

Re rorisa Jehova ha re bina ho tswa pelong dibokeng (Sheba serapa sa 12 le 13)

12. Batho ba bang ba thatafallwa ke ho etsang?

12 Kaofela ha rona re ka kgona ho nka karolo ha re le dibokeng ka hore re bine le ho fana ka dikarabo tse lokiseditsweng hantle. (Pes. 22:22) Batho ba bang ba thatafallwa ke ho bina kapa ho arabela dibokeng. Na le wena o a thatafallwa? Haeba ho jwalo, o ka thuswa ke ho ithuta hore na ba bang ba ile ba thuswa keng hore ba se ke ba tshaba ho bina kapa ho arabela dibokeng.

13. Keng e ka o thusang hore o bine ka pelo yohle ha o le dibokeng?

13 Bina ka pelo yohle. Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re binang dipina tsa Mmuso dibokeng ke ho rorisa Jehova. Moradiwabo rona Sara ha a inke e le motho ya tsebang ho bina. Le ha ho le jwalo, o batla ho rorisa Jehova ka ho mo binela. Ka hoo, ha a lokisetsa diboka o lokisetsa le dipina. O bina dipina tseo ebe o leka ho bona hore na mantswe a tsona a amana jwang le dintlha tse tla tshohlwa dibokeng. O re: “Sena se nthusa hore ke amehe haholo ka mantswe a pina ho ena le ho tshwenyeha ka hore na ke tseba ho bina kapa tjhe.”

14. Ha o le dihlong, o ka thuswa keng hore o arabele dibokeng?

14 Arabela ka mehla. Batho ba bang ba thatafallwa ke ho arabela. Moradiwabo rona Talia eo re buileng ka yena o re: “Ke tshoha haholo ha ke tlameha ho bua hara batho. Ka hoo ho thata hore ke arabele.” Le ha ho le jwalo, seo ha se etse hore Moradiwabo rona Talia a se ke a arabela. Ha a lokisetsa diboka, o dula a hopola hore karabo ya pele e lokela ho ba e kgutshwanyane le e arabang potso ka ho toba. O re: “Sena se bolela hore ha ho na bothata ha karabo ya ka e le kgutshwanyane ebile e le e tobang taba hobane ke yona eo morabo rona ya kgannang Tora ya ho Lebela a e batlang.”

15. Re lokela ho hopolang ka dikarabo tseo re fanang ka tsona dibokeng?

15 Ka dinako tse ding esita le Bakreste ba seng dihlong ba ka nna ba se ke ba arabela. Hobaneng? Moradiwabo rona Juliet o re: “Ka dinako tse ding ha ke arabele hobane ke tshaba hore karabo ya ka e bonolo haholo le hore ha se ya bohlokwa.” Le ha ho le jwalo, re lokela ho hopola hore Jehova o batla hore re arabele ho latela maemo le bokgoni ba rona. * O ananela boiteko boo re bo etsang ba ho mo rorisa dibokeng le hoja ka dinako tse ding re tshoha ha re tlameha ho arabela.

EBA MOHLALA O MOTLE TSELENG EO O BUANG KA YONA

16. Ke dintho dife tseo re lokelang ho qoba ho di bua?

16 Qoba ho bua “puo e nyefolang.” (Baef. 4:31) Re ithutile dirapeng tse fetileng hore Mokreste ha a lokela ho bua puo e ditshila. Le ha ho le jwalo, ho na le puo e nyefolang empa e le e potelletseng eo re lokeng ho e qoba. Ka mohlala, ha re a lokela ho bua dintho tse mpe ka batho ba ditso tse ding, morabe kapa dinaha tse ding. Hape ha re a lokela ho bua dintho tse ka utlwisang batho ba bang bohloko. Morabo rona e mong o re: “Ka dinako tse ding ke ne ke bua dintho tseo ke neng ke nka hore di a tshehisa ebile ha di na bothata empa ha e le hantle e le dintho tse utlwisang motho e mong bohloko. Ka dilemo tse ngata mosadi wa ka o ile a nthusa haholo moo re leng bang haeba ke ile ka bua dintho tse utlwisang yena le batho ba bang bohloko.”

17. Ho ya ka Baefese 4:29, re ka kgothatsa ba bang jwang?

17 Kgothatsa ba bang. Potlakela ho babatsa batho ba bang ho ena le ho ba tshwayatshwaya diphoso kapa ho tletleba. (Bala Baefese 4:29.) Baiseraele ba ne ba na le dintho tse ngata tseo ba ka di ananelang empa ba ne ba dula ba tletleba. Ha re dula re tletleba, re tla etsa hore le batho ba bang ba tletlebe. Hopola hore tlaleho e mpe ya dihlwela tse leshome e ile ya etsa hore ‘bara bohle ba Iseraele ba . . . korotlele Moshe.’ (Num. 13:31–14:4) Ka lehlakoreng le leng, ha re babatsa batho ba bang, seo se tla ba kgothalletsa hore ba nne ba etse dintho tse ntle. Re kgodisehile hore ka ha metswalle ya moradi wa Jafeta e ile ya mo babatsa, seo se ile sa mo thusa hore a dule a etsa mosebetsi wa hae. (Baahl. 11:40) Moradiwabo rona Sara eo re buileng ka yena o re: “Ha re babatsa batho ba bang re ba thusa hore ba bone hore Jehova o a ba rata le hore ke ba bohlokwa mokgatlong wa hae.” Ka hoo, batla menyetla ya ho babatsa Bakrestemmoho.

18. Ho ya ka Pesaleme ya 15:1, 2, ke hobaneng ha re lokela ho bua nnete, hona see se akarelletsang?

18 Bua nnete. Re ke ke ra thabisa Jehova haeba re bua leshano hobane o hloile mefuta yohle ya leshano. (Liprov. 6:16, 17) Le hoja batho ba bangata mehleng ena ba nka hore ho bua leshano ho tlwaelehile, re qoba ho le bua hobane Jehova o re le fosahetse. (Bala Pesaleme ya 15:1, 2.) Re qoba ho bua leshano le ho fana ka dintlha tse sa fellang ka boomo e leng se ka etsang hore batho ba fihlele qeto e fosahetseng.

Jehova o a thaba ha re fetola lesebo hore e be moqoqo o kgothatsang (Sheba serapa sa 19)

19. Keng hape eo re lokelang ho e qoba?

19 Qoba ho bua batho ba bang hampe. (Liprov. 25:23; 2 Bathes. 3:11) Moradiwabo rona Juliet eo re buileng ka yena o hlalosa hore na o ikutlwa jwang ha batho ba bang ba bua ba bang hampe. O re: “Lesebo le a nyahamisa ebile le etsa hore ke se ke ka tshepa motho ya sebang. Hape ke a ipotsa hore na keng e tla etsa hore motho eo a se ke a seba ka nna ho batho ba bang.” Haeba o hlokomela hore moqoqo wa lona o fetoha lesebo, o fetole ka hore o bue ka ntho e kgothatsang.​—Bakol. 4:6.

20. O ikemiseditse ho sebedisa mpho ya ho bua jwang?

20 Re lokela ho sebetsa ka thata hore re bue ka tsela e tla thabisa Jehova, ka ha re phela lefatsheng leo batho ba bangata ba buang puo e ditshila. Hopola hore ho bua ke mpho e tswang ho Jehova ebile o batla ho bona hore na re e sebedisa jwang. O tla re hlohonolofatsa ha re leka ho bua ka tsela e tla tlisa thoriso ho yena ha re le tshimong, dibokeng le ha re qoqa le batho ba bang. Ha Jehova a fedisa lefatshe lena le kgopo, ho tla ba bonolo hore re mo tlotlise ka dintho tseo re di buang. (Juda 15) Ha o ntse o emetse nako eo hore e fihle, ikemisetse ho dula o thabisa Jehova ka “dipolelo tsa molomo wa [hao].”​—Pes. 19:14.

PINA YA 121 Re be le Boitshwaro

^ Jehova o re file mpho e babatsehang e leng ya bokgoni ba ho bua. Ka maswabi, batho ba bangata ha ba sebedise mpho ena ka tsela eo Jehova a e batlang. Keng e ka re thusang hore re dule re bua dintho tse kgothatsang le tse thabisang Jehova lefatsheng lee le kgopo? Re ka bua dintho tse thabisang Jehova jwang ha re le tshimong, dibokeng le ha re bua le batho ba bang? Sehlooho sena se tla araba dipotso tsena.

^ Mabitso a mang a fetotswe.

^ Sheba sehlooho se reng, “Rorisa Jehova Hara Phutheho” se ho Tora ya ho Lebela ya January 2019 e le hore o fumane dintlha tse ding tse buang ka ho arabela.

^ DITSHWANTSHO: Morabo rona o araba mongantlo ya halefileng hampe; morabo rona ha a bine ka dibokeng mme moradiwabo rona o ntse a seba.