Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 1

Kopa Thuso ho Modimo Hore o Thabe Lenyalong

Kopa Thuso ho Modimo Hore o Thabe Lenyalong

“Ya ba bopileng tshimolohong o ba entse e le e motona le e motshehadi.” —Matheu 19:4

Jehova * Modimo ke yena ya thehileng lenyalo la pele. Bibele e re bolella hore o ile a etsa mosadi wa pele mme a “mo tlisa ho monna.” Adama o ile a thaba hoo a ileng a re: “Qetellong enwa ke lesapo la masapo a ka le nama ya nama ya ka.” (Genese 2:22, 23) Jehova o ntse a batla hore batho ba nyalaneng ba thabe.

Ha o kena lenyalong, o ka nna wa nahana hore ntho e nngwe le e nngwe e tla tsamaya hantle. Empa ha e le hantle, esita le monna le mosadi ba ratanang e le kannete ba tla ba le mathata mona le mane. (1 Bakorinthe 7:28) Bukaneng ena, o tla fumana melao ya Bibele, eo haeba o e sebedisa e ka o tlisetsang thabo lenyalong le lelapeng la hao.​—Pesaleme ya 19:8-11.

1 AMOHELA BOIKARABELO BOO JEHOVA A O FILENG BONA

SEO BIBELE E SE BUANG: Monna ke hlooho ya lelapa.​—Baefese 5:23.

Haeba o monna, Jehova o lebeletse hore o hlokomele mosadi wa hao ka mosa. (1 Petrose 3:7) O entse mosadi hore e be motlatsi wa hao mme o batla hore o mo tshware ka tlhompho le lerato. (Genese 2:18) O lokela ho rata mosadi wa hao hoo o ikemiseditseng ho etelletsa dintho tseo a di ratang ka pele ho tsa hao.​—Baefese 5:25-29.

Haeba o mosadi, Jehova o lebeletse hore o hlomphe monna wa hao ka ho tebileng mme o mo thuse ho phetha boikarabelo ba hae. (1 Bakorinthe 11:3; Baefese 5:33) Tshehetsa diqeto tseo a di etsang mme o sebedisane le yena ka pelo ya hao yohle. (Bakolose 3:18) Ha o etsa jwalo, o tla ba motle mahlong a monna wa hao le a Jehova.—1 Petrose 3:1-6.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Botsa molekane wa hao hore na o ka etsang hore o be monna kapa mosadi ya molemo. Mamela ka hloko, mme o etse seo o ka se kgonang hore o ntlafatse

  • Eba le mamello. Ho tla nka nako hore ka bobedi le ithute ho etsa dintho tse thabisang molekane e mong

2 AMEHA E LE KANNETE KA MAIKUTLO A MOLEKANE WA HAO

SEO BIBELE E SE BUANG: Ela hloko hore na molekane wa hao o rata dintho dife. (Bafilipi 2:3, 4) Tshwara molekane wa hao ka lerato, o hopole hore Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba “be bonolo ho bohle.” (2 Timothea 2:24) ‘Ya buang a sa nahane o jwaloka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke phodiso.’ Kahoo, kgetha mantswe ka hloko. (Liproverbia 12:18) Moya wa Jehova o tla o thusa hore o bue ka mosa le lerato.​—Bagalata 5:22, 23; Bakolose 4:6.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Rapella hore o kgobe matshwafo mme o dule o butse kelello pele le tshohla ditaba tse tebileng le molekane wa hao

  • Nahana ka hloko ka seo o tla se bua le kamoo o tla se bua kateng

3 NKA HORE LE THIMI E SEBETSANG MMOHO

SEO BIBELE E SE BUANG: Ha o kena lenyalong, o fetoha “nama e le nngwe” le molekane wa hao. (Matheu 19:5) Empa le ntse le le batho ba babedi mme le ka ba le maikutlo a sa tshwaneng. Kahoo, le lokela ho ithuta ho momahana kelellong le maikutlong. (Bafilipi 2:2) Ho ba le bonngwe ke habohlokwa ha le etsa diqeto. Bibele e re: “Ka [puisano] merero e tiiswa ka thata.” (Liproverbia 20:18) Dumellang melao ya Bibele ho le tataisa ha le etsa diqeto tsa bohlokwa hammoho.​—Liproverbia 8:32, 33.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Tshollela molekane wa hao maikutlo, eseng feela ho mo phetela taba kapa kgopolo e itseng

  • Buisana le molekane wa hao pele o itlama ho etsa dintho tse itseng

^ par. 4 Jehova ke lebitso la Modimo jwalokaha le hlaha ka Bibeleng.