Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo

Bibele ena le melaomotheo ebile e re ruta melao ya boitshwaro e ka re thusang hore re dule re ratwa ke Modimo.

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova se kgothalletsa batho bohle ba ratang Jehova Modimo hore ba ithute nnete e hlahang ka Lentsweng la hae Bibele.

KGAOLO YA 1

Re Lokela ho Rata Modimo ka ho sa Feleng

Ho hlokahala boiteko e le hore setswalle sa rona le Modimo se dule se tiile. Re ka atleha ho etsa sena jwang?

KGAOLO YA 2

Eba le Letswalo le Letle Mahlong a Modimo

Modimo o file e mong le e mong letswalo e le hore le ka mo tataisa ho nka bohato bo nepahetseng bophelong.

KGAOLO YA 3

Kgetha Metswalle e Ratang Modimo

Metswalle e ka re susumelletsa ho etsa dintho tse mpe kapa tse ntle. Melaomotheo ya Bibele e ka re thusa jwang ha re kgetha metswalle?

KGAOLO YA 4

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Hlompha Bolaodi?

Re na le mabaka a utlwahalang a hore re hlomphe bolaodi ka lapeng, ka phuthehong le sebakeng seo re phelang ho sona.

KGAOLO YA 5

Re ka Dula re sa Tshwane le Batho ba sa Rateng Modimo Jwang?

Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae, ‘Ha le karolo ya lefatshe.’ Lefatshe leo ho buuwang ka lona mona, keng hona ke hobaneng ha Bakreste ba lokela hore ba se ke ba tshwana le batho ba sa rateng Modimo?

KGAOLO YA 6

Re Lokela ho Kgetha Boithabiso ba Mofuta Ofe?

Boithabiso ba mehleng ena bo tshwana le hantle le tholwana ela e nang le dikarolo tse hantle le tse bodileng. Keng e ka o thusa hore o kgethe dintho tse hantle mme o qobe tse seng hantle?

KGAOLO YA 7

Na Jwalo ka Modimo o Nka Bophelo e le ba Bohlokwa?

Ke melaomotheo efe ya Bibele e re thusang ho etsa diqeto ka bohlale mabapi le bophelo le madi?

KGAOLO YA 8

Jehova o Batla Hore Bahlanka ba Hae ba Hlweke

Ditekanyetso tsa Modimo tsa bohlweki di feta ho akarelletsang mmele ya rona, diaparo le matlo a rona. Di ama borapedi, boitshwaro, le menahano ya rona.

KGAOLO YA 9

“Balehelang Bohlola!”

Bohlola keng, hona ke jwang re ka bo balehelang?

KGAOLO YA 10

Lenyalo ke Mpho e Tswang ho Modimo

E meng ya melemo ya lenyalo ke efe? Ke jwang o ka kgethang molekane wa lenyalo ka hloko? Keng e ka thusang hore lenyalo e be le tshwarellang?

KGAOLO YA 11

Bophelo ba Lenyalo ka Mora Letsatsi la Letjhato

Lenyalo le leng le le leng le na le mathata a lona. Esita le banyalani ba nang le mathata a maholo ba ka kgona ho ba le lenyalo le tshwarellang.

KGAOLO YA 12

Bua “se Molemo Bakeng sa ho Haha”

leleme le ka etsa se molemo hape le ka boela la lematsa haholo. Jehova o re ruta ka moo re lokelang ho sebedisa mpho ya rona ya ho bua ka teng

KGAOLO YA 13

Na Mekete Yohle e Thabisa Modimo?

Mekete le matsatsi a phomolo, a bohlokwa bophelong ba batho. Keng e tla re thusa ho utlwisisa tsela eo Jehova a ikutlwang ka mekete ena?

KGAOLO YA 14

Tshepahala Dinthong Tsohle

A re hlahlobeng dikarolo tse nne tseo ho ka bang thata ho tsona hore re tshepahale le hore na ke melemo efe eo re ka e fumanang haeba re dula re tshepahala.

KGAOLO YA 15

Thabela Mosebetsi wa Hao

Mmopi wa rona o batla hore re thabele seo re se etsang. Jwale, keng e ka re thusang hore re thabele mosebetsi wa rona? Hape na ho na le mesebetsi eo Bakreste ba lokelang ho e qoba?

KGAOLO YA 16

Hanyetsa Diabolose

Re phela lefatsheng le laolwang ke Satane. Ke jwang re ka atamelang haufi le Modimo mme ra itshireletsa kgahlanong le sera sa hae?

KGAOLO YA 17

Dula o Ratwa ke Modimo

Mongodi e mong wa Bibele o ile a kgothalletsa Bakreste hore ba: ‘Ikahe tumelong ya bona e halalelang ka ho fetisisa.’ O ka haha tumelo ya hao jwang?

Dintlha Tse Hlahang Qetellong ya Buka

Tlhaloso ya mantswe le dipolelo tse hlahang bukeng ya Ka moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo.