Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 21

Ditaba Tse Molemo di Bolelwa Jwang?

Ditaba Tse Molemo di Bolelwa Jwang?

Haufinyane Jehova o tla sebedisa Mmuso wa hae ho fedisa mathata ohle ao re nang le ona. Ditaba tsena di monate hoo ho hlokahalang hore motho e mong le e mong a di tsebe. Jesu o batla hore balatedi ba hae ba bolelle batho ba bang molaetsa ona. (Matheu 28:19, 20) Dipaki Tsa Jehova di phetha taelo eo Jesu a faneng ka yona jwang?

1. Lengolo la Matheu 24:14 le phethahala jwang kajeno?

Jesu o ile a bolela e sale pele a re: “Ditaba tsena tse molemo tsa Mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona.” (Matheu 24:14) Rona Dipaki Tsa Jehova re thabela ho etsa mosebetsi ona wa bohlokwa. Re bua le batho ka Bibele lefatsheng lohle ka dipuo tse fetang 1 000. Mosebetsi ona o moholo o hloka ho hlophiswa ebile o hloka batho ba sebetsang ka thata. O ne o ke ke wa kgoneha ntle le thuso ya Jehova.

2. Ke boiteko bofe boo re bo etsang hore re rute batho Bibele?

Re bua le batho ka Bibele hohle moo re ba fumanang teng. Jwalo ka Bakreste ba mehleng ya pele, le rona re bolela “ka ntlo le ntlo.” (Liketso 5:42) Ka tsela ena re bua le batho ba dimilione selemo le selemo. Ka ha ha se hangata re fumanang batho malapeng, re boetse re bua le bona ka Bibele hohle moo re kopanang le bona. Re dula re batla menyetla ya ho bolella batho ba bang ka Jehova le ka seo a batlang ho se etsetsa batho.

3. Ke bo mang ba nang le boikarabelo ba ho bua le batho ka Bibele?

Bakreste bohle ba nnete ba na le boikarabelo ba ho bua le batho ka Bibele. Re nka boikarabelo bona e le ba bohlokwa. Re etsa sohle seo re ka se kgonang ho bua le batho ka Bibele hobane re a tseba hore ho etsa jwalo ho ka pholosa bophelo ba bona. (Bala 1 Timothea 4:16.) Ha re patallwe ho etsa mosebetsi ona, ka ha Bibele e re: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Matheu 10:7, 8) Ha se batho bohle ba mamelang molaetsa wa rona. Empa re tswela pele re bolela hobane ha re etsa jwalo, re mamela Jehova ebile re a mo thabisa.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na Dipaki Tsa Jehova di etsang e le hore di rute batho Bibele lefatsheng lohle le hore na Jehova o di thusa jwang.

4. Re sebetsa ka thata e le hore re bue le batho ka Bibele

Rona Dipaki Tsa Jehova re leka ka hohle ho bua le batho ka Bibele hohle moo re kopanang le bona. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Ke eng e o kgahlang ka boiteko ba ho ruta batho Bibele boo Dipaki Tsa Jehova di bo etsang?

Bala Matheu 22:39 le Baroma 10:13-15 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

  • Mosebetsi wa rona wa ho ruta batho Bibele o bontsha jwang hore re rata batho ba bang?

  • Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba rutang batho Bibele? (Sheba temana ya 15.)

5. Re basebetsimmoho le Modimo

Ho na le mehlala e mengata e bontshang hore Jehova o tshehetsa mosebetsi wa rona. Ka mohlala, mantsiboyeng a mang morabo rona Paul ya dulang New Zealand o ile a kopana le mme e mong ha a ntse a etsa mosebetsi wa ho bolela ka ntlo le ntlo. Hoseng ha letsatsi leo, mme eo o ne a ile a rapela a sebedisa lebitso la Modimo, e leng Jehova, a kopa hore ho be le motho ya mo etelang. Morabo rona Paul o re: “Dihora tse tharo ha morao ke ile ka kokota lemating la hae.”

Bala 1 Bakorinthe 3:9 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Mehlala e tshwanang le oo wa New Zealand e bontsha jwang hore Jehova o tataisa mosebetsi wa ho wa ho ruta batho Bibele?

Bala Liketso 1:8 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Ke hobaneng ha re hloka thuso ya Jehova e le hore re phethe mosebetsi wa rona?

Na o ne o tseba?

Beke le beke dibokeng tsa rona tsa hara beke re fumana kwetliso e re thusang ho ruta batho Bibele. Haeba o kile wa ba teng dibokeng tseo, o ikutlwa jwang ka kwetliso eo re e fumanang?

6. Re mamela taelo ya Modimo ya hore re rute batho Bibele

Mehleng ya baapostola bahanyetsi ba ile ba leka ho thibela balatedi ba Jesu hore ba rute batho ka Modimo. Bakreste ba mehleng eo ba ile ba lwanela tokelo ya bona ya ho bolela ka hore ba thehe ka molao ho bolelwa ha ditaba tse molemo. (Bafilipi 1:7) Dipaki Tsa Jehova di etsa se tshwanang le kajeno. a

Bala Liketso 5:27-42 ebe le buisana ka potso e latelang:

MOTHO A KA NNA A RE: “Ke hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di tsamaya ka ntlo le ntlo?”

  • O ka mo araba jwang?

KAKARETSO

Jesu o laetse balatedi ba hae hore ba rute batho Bibele lefatsheng lohle. Jehova o thusa batho ba hae ho etsa mosebetsi ona.

Re Ithutileng?

  • Mosebetsi wa ho ruta batho Bibele o etswa jwang lefatsheng lohle?

  • Ke hobaneng ha re ka re mosebetsi wa ho ruta batho Bibele o bontsha hore re a ba rata?

  • Na o nahana hore mosebetsi wa ho ruta batho Bibele o a thabisa? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Bona ka moo Dipaki Tsa Jehova di buang le batho ka teng ka molaetsa wa Bibele ditoropong tse kgolo.

Ho Bolela ka Diteroli Toropong ya Paris (5:11)

Dipaki Tsa Jehova di entse eng ho thusa batho ba tswang dinaheng tse ding?

Ho Ruta Batho ba Tswang Dinaheng Tse Ding Molaetsa wa Bibele (5:59)

Utlwa hore na mme e mong ya qetang nako e ngata a ruta batho Bibele o re keng e mo thabisang ka ho etsa mosebetsi ona.

Ke Thabetse Hore Ebe ke ile ka Kgetha Mosebetsi Ona (6:29)

Ithute ka tse ding tsa diqeto tseo makgotla a di entseng e le hore ho be bonolo hore re rute batho molaetsa wa Bibele.

“Baboledi ba Mmuso ba Isa Dinyewe Tsa Bona Kgotla” (Mmuso wa Modimo o a Busa!, kgaolo ya 13)

a Modimo ke yena ya laetseng hore ho rutwe batho Bibele. Ka hoo Dipaki Tsa Jehova ha di hloke tumello ya mebuso ya batho hore di etse mosebetsi ona.