Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 1

Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Jwang?

Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Jwang?

Kaofela ha rona re batla ho tseba hore na ke hobaneng ha re utlwa bohloko, re hlokahala le hore na bokamoso bo tla ba jwang. Re boetse re tshwenyehile ka hore na re tla fumana mosebetsi le hore na re ka etsang e le hore malapa a rona a dule a thabile. Batho ba bangata ba hlokometse hore Bibele e ka ba thusa ho araba dipotso tsa bohlokwa tseo ba nang le tsona mme ya ba fa dikeletso tse hantle tseo ba ka di sebedisang bophelong. Na o a dumela hore Bibele e ka thusa motho e mong le e mong?

1. Ke dipotso dife tse ding tseo Bibele e di arabang?

Bibele e araba dipotso tsena tsa bohlokwa: Bophelo bo bile teng jwang? Ke hobaneng ha re phela? Ke hobaneng ha batho ba se nang molato ba utlwa bohloko? Ho etsahalang ha motho a hlokahala? Haeba motho e mong le e mong o batla hore ho be le kgotso, ke hobaneng ha ho na le dintwa tse ngata hakaale? Na lefatshe lee le tla fela? Bibele e re kgothalletsa ho batla dikarabo tsa dipotso tsena mme batho ba dimilione ba kgotsofalletse dikarabo tseo ba di fumaneng Bibeleng.

2. Bibele e ka re thusa jwang hore re dule re thabile?

Bibele e fana ka keletso ya bohlokwa. Ka mohlala, e ruta malapa hore na ke jwang a ka thabang e le ka nnete. E a re bolella hore na ke eng seo re ka se etsang ha re na le mathata le hore na ke jwang re ka thabelang mosebetsi wa rona. O tla ithuta dintho tseo Bibele e di rutang mabapi le dihlooho tsena o be o ithute dintho tse ding tse eketsehileng ha re ntse re ithuta buka ena ha mmoho. Qetellong o ka nna wa dumela hore “Lengolo lohle [ntho e nngwe le e nngwe e ka Bibeleng] le . . . molemo.”​—2 Timothea 3:16.

Buka ena ha e nkele Bibele sebaka. Ho ena le hoo, e o kgothalletsa hore o ipalle Bibele ka bowena. Ka hoo, re o kgothalletsa hore o bale Mangolo a hlahang dikgaolong tsa buka ena mme o a bapise le seo o ithutang sona.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na Bibele e thusitse batho ba bang jwang, o ka etsang hore o thabele ho e bala le hore na ke hobaneng ha ho le hantle ho thuswa ho e utlwisisa.

3. Bibele e ka re thusa

Bibele e tshwana le kganya e matla. E ka re thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng hape e ka re bolella hore na ho tla etsahalang nakong e tlang.

Bala Pesaleme ya 119:105 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Mongodi wa pesaleme ena o ne a ikutlwa jwang ka Bibele?

  • Wena o ikutlwa jwang ka Bibele?

4. Bibele e ka araba dipotso tsa rona

Mme e mong o ile a hlokomela hore Bibele e kgona ho araba dipotso tsa bohlokwa tseo a kileng a ipotsa tsona ka dilemo tse ngata. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Mme ya videong ee o ne a ipotsa dipotso dife?

  • Ho ithuta Bibele ho ile ha mo thusa jwang?

Bibele e re kgothalletsa ho botsa dipotso. Bala Matheu 7:7 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Ke dipotso dife tseo o nang le tsona tseo Bibele e ka kgonang ho di arabela?

5. O ka thabela ho bala Bibele

Batho ba bangata ba thabela ho bala Bibele ebile ba fumana molemo o moholo ho tswa ho yona. Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Videong ee, batjha ba ne ba ikutlwa jwang ka ho bala?

  • Le hoja ba ne ba sa rate ho bala, ke hobaneng ha ba se ba rata ho bala Bibele?

Bibele e ka re kgalemela, ya re tshedisa le ho re fa tshepo. Bala Baroma 15:4 ebe le buisana ka potso ena:

  • Na o batla ho tseba haholwanyane ka tshepo le matshediso ao ho buuwang ka ona temaneng ee?

6. Batho ba bang ba ka re thusa ho utlwisisa Bibele

Ntle le ho ipalla Bibele, batho ba bangata ba hlokometse hore ho buisana le batho ba bang ka Bibele ho ba thusitse haholo. Bala Liketso 8:26-31 ebe le buisana ka potso e latelang:

Monna wa Moethiopia o ne a hloka thuso e le hore a utlwisise Mangolo. Batho ba bangata kajeno ba fumane ho le molemo hore ba buisane ka Bibele le batho ba bang.

BATHO BA BANG BA RE: “Ho ithuta Bibele ke tshenyo ya nako.”

  • Wena o ka reng? Hona hobaneng?

KAKARETSO

Bibele e fana ka keletso e ka re thusang bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi, e arabela dipotso tsa bohlokwa mme e a re tshedisa ebile e re fa tshepo.

Re Ithutileng?

  • Ke keletso efe eo re ka e fumanang ka Bibeleng?

  • Tse ding tsa dipotso tseo Bibele e di arabang ke dife?

  • Ke eng seo o ka ratang ho ithuta sona ka Bibeleng?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Bona ka moo Bibele e ileng ya thusa ntate eo esale a na le bothata ba ho laola maikutlo a hae ho tloha bongwaneng.

Ka Moo Bophelo ba ka bo ileng ba Fetoha ka Teng (2:53)

Hlahloba keletso e sebetsang eo Bibele e fanang ka yona mabapi le malapa.

“Dintlha Tse 12 Tse ka Thusang Malapa Hore a Atlehe” (Fadimehang! No. 2 2018)

Ithute ka moo Bibele e lokisang mohopolo o fosahetseng ka teng oo batho ba nang le ona mabapi le hore na mmusi wa lefatshe lena ke mang.

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele?​—Video e Felletseng (3:14)