Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Mora kapa moradi wabo rona ya ratehang:

Kaofela re a tseba hore Bibele e bua ka bophelo ba batho ba sa tshwaneng. Boholo ba bona ke banna le basadi ba tshepahalang ba ileng ba thulana le mathata a tshwanang le a rona. Ba ne ba e na le “maikutlo a jwaloka a rona.” (Jakobo 5:17) Ba bang ba ne ba imetswe ke mathata le matshwenyeho. Ba bang bona ba ne ba kgopisitswe ke beng ka bona kapa badumedi mmoho le bona. Ba seng bakae bona ba ne ba imetswe ke matswalo a molato ka lebaka la diphoso tsa bona.

Na batho bao ba ile ba lahla Jehova ka ho feletseng? Tjhe. Ba bangata ba ne ba tshwana le mopesaleme ya ileng a rapela a re: “Ke hlahlathetse jwaloka nku e lahlehileng. Batla mohlanka wa hao, etswe ha ke a lebala ditaelo tsa hao.” (Pesaleme ya 119:176) Na le wena o kile wa bua mantswe a kang aa?

Ha ho mohla Jehova a lebalang barapedi ba hae ba arohileng mohlapeng. Ho e na le hoo, o a ba bitsa mme hangata o sebedisa badumedi mmoho le bona. Ka mohlala, a re ke re hlahlobe kamoo Jehova a ileng a thusa mohlanka wa hae Jobo kateng, ha a ne a aparetswe ke ditsietsi tse akarelletsang mathata a ditjhelete, ho hlokahallwa ke bana ba hae le ho tshwarwa ke lefu le bohloko. Jobo o ile a ba a mamella ho hlajwa ka mantswe ke batho ba neng ba lokela ho mo tshehetsa. Empa ha aa ka a furalla Jehova le hoja a ile a fifallwa ke pono ka nakwana. (Jobo 1:22; 2:10) Jehova o ile a thusa Jobo jwang hore a hlaphohelwe?

E nngwe ya ditsela tseo Jehova a ileng a mo thusa ka tsona ke ka ho sebedisa modumedi mmoho le yena, e leng Elihu. Elihu o ile a mamela Jobo ka hloko ha a mo phetlela sefuba, mme ka mora moo a bua le yena. Ebe o ile a reng? Na o ile a nyatsa Jobo kapa a leka ho mo kgothatsa ka tsela e mo hlabisang dihlong? Na Elihu o ne a inka a le betere ho feta Jobo? Le hanyenyane! Moya wa Modimo o ile wa mo susumetsa hore a re: “Nna ke seo o leng sona ho Modimo wa nnete; le nna, ke bopilwe ka letsopa.” Yaba o kgothatsa Jobo o re: “Ha ho ntho e tshabehang ka ho nna e tla o tshosa, ha ho kgatello ya ka e tla ba boima hodima hao.” (Jobo 33:6, 7) Ho e na le hore a imetse Jobo le ho feta, ka lerato Elihu o ile a ithaopela ho mo eletsa le ho mo kgothatsa.

Kgodiseha hore re ngotse bukana ena re e na le boikutlo bo kang boo ba Elihu. Re ile ra qala ka ho mamela maikutlo a bahweletsi ba seng bakae ba seng ba sa kopanele le phutheho, mme ra nahanisisa ka maemo a bona. (Liproverbia 18:13) Yaba re batla tataiso ka Mangolong, ra kopa thuso ya Jehova ka thapelo ha re ntse re hlahloba ditemana tse bontshang kamoo Jehova a ileng a thusa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng kateng ha ba ne ba tobane le mathata a tshwanang le a hao. Qetellong re ile ra sebedisa mehlala eo le ya batho ba mehleng ena ho etsa bukana ena. Re o kopa ka mofuthu hore o ke o e bale. Ruri re o rata haholo.

Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova