Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ya Esaia

Dikgaolo

Lethathamo la Tse ka Hare

  • 1

    • Ntate le bara ba hae ba marabele (1-9)

    • Jehova o hloile borapedi bo sa etsweng ka pelo yohle (10-17)

    • ‘A re lokiseng ditaba’ (18-20)

    • Motse wa Sione o tla tsosoloswa e le motse o tshepahalang hape (21-31)

  • 2

    • Thaba ya Jehova e phahame (1-5)

      • Disabole di etswa mehoma (4)

    • Letsatsi la Jehova le tla kokobetsa ba ikgohomosang (6-22)

  • 3

    • Baetapele ba Juda ba kgelosa setjhaba (1-15)

    • Baradi ba Sione ba bonyang ba a ahlolwa (16-26)

  • 4

    • “Basadi ba supileng ba tla tshwara monna a le mong” (1)

    • “Dijalo tseo Jehova a di medisang di tla atleha” (2-6)

  • 5

    • Pina e buang ka tshimo ya Jehova ya morara (1-7)

    • Bomadimabe bo tla tlela tshimo ya Jehova ya morara (8-24)

    • Modimo o halefela batho ba hae (25-30)

  • 6

    • Esaia o bona Jehova ka tempeleng (1-4)

      • “O a halalela, o a halalela, o a halalela Jehova” (3)

    • Molomo wa Esaia o a hlwekiswa (5-7)

    • Esaia o a rongwa (8-10)

      • “Ke nna enwa. Roma nna” (8)

    • “E tla ba ho fihlela neng Jehova?” (11-13)

  • 7

    • Molaetsa o yang ho Morena Akaze (1-9)

      • Sheare-jashube (3)

    • Pontsho e amanang le Emanuele (10-17)

    • Ditlamorao tsa ho se tshepahale (18-25)

  • 8

    • Boprofeta ba hore Asiria e tla hlaselwa (1-8)

      • Mahere-shalale-hashe-baze (1-4)

    • Le se ke la tshaba​—“Modimo o na le rona!” (9-17)

    • Esaia le bana ba hae ba jwalo ka dipontsho (18)

    • Tshepang molao, eseng bademona (19-22)

  • 9

    • Ho ba le lesedi le leholo Galilea (1-7)

      • “Kgosana ya Kgotso” e a tswalwa (6, 7)

    • Modimo o ahlola Iseraele (8-21)

  • 10

    • Modimo o ahlola Iseraele (1-4)

    • Asiria ke molamu oo Modimo a o sebedisang ho ntsha bohale ba hae (5-11)

    • Asiria e a otlwa (12-19)

    • Ba phonyohileng ba Jakobo ba tla kgutla (20-27)

    • Modimo o tla ahlola Asiria (28-34)

  • 11

    • Lekala la Jese le busa ka toka (1-10)

      • “Phiri e tla phomola le konyana” (6)

      • “Hohle lefatsheng batho ba tla tseba Jehova” (9)

    • Ba setseng ba tla kgutla (11-16)

  • 12

    • Pina ya teboho (1-6)

      • “Jah Jehova ke matla a ka” (2)

  • 13

    • Kahlolo e tobisitsweng ho Babilona (1-22)

      • Letsatsi la Jehova le haufi (6)

      • Bamede ba tla hlola Babilona (17)

      • Babilona e ke ke ya hlola e eba le baahi (20)

  • 14

    • Baiseraele ba tla kgutlisetswa naheng ya habo bona (1, 2)

    • Morena wa Babilona o a sonngwa (3-23)

      • Ya kganyang o tla wa ho tswa lehodimong (12)

    • Jehova o tla thuhakanya Moasiria (24-27)

    • Phatlalatso e tobisitsweng ho Filistia (28-32)

  • 15

    • Phatlalatso e tobisitsweng ho Moabe (1-9)

  • 16

    • Molaetsa wa ho ahlolwa ha Moabe o tswela pele (1-14)

  • 17

    • Phatlalatso e tobisitsweng ho Damaseka (1-11)

    • Jehova o kgalemela ditjhaba ka matla (12-14)

  • 18

    • Molaetsa wa ho ahlolwa ha Ethiopia (1-7)

  • 19

    • Phatlalatso e tobisitsweng ho Egepeta (1-15)

    • Egepeta e tla tseba Jehova (16-25)

      • Aletare ya Jehova Egepeta (19)

  • 20

    • Pontsho ya dintho tse tla etsahalla Egepeta le Ethiopia (1-6)

  • 21

    • Phatlalatso e tobisitsweng lefeelleng la lewatle (1-10)

      • Ke dula ke eme hodima tora ya ho lebela (8)

      • “Babilona o wele.” (9)

    • Phatlalatso e tobisitsweng ho Duma le ho lehwatata (11-17)

      • “Molebedi, bosiu bo tla sa neng?” (11)

  • 22

    • Phatlalatso e tobisitsweng Kgohlong ya Pono (1-14)

    • Eliakime o nkela Motsamaisi Shebna sebaka (15-25)

      • Sepekere sa tshwantshetso (23-25)

  • 23

    • Phatlalatso e tobisitsweng ho Tire (1-18)

  • 24

    • Jehova o horula naha (1-23)

      • Jehova ke Morena Sione (23)

  • 25

    • Batho ba Modimo ba hlohonolofatswa haholo (1-12)

      • Mokete wa Jehova wa veine ya boleng bo phahameng (6)

      • Lefu le tla fediswa (8)

  • 26

    • Pina e buang ka poloko le tshepo (1-21)

      • Jah Jehova ke Lefika ka mehla le mehla (4)

      • Baahi ba lefatshe ba tla ithuta ho loka (9)

      • “Bafu ba hao ba tla phela” (19)

      • Kena dikamoreng tse ka hare o ipate (20)

  • 27

    • Jehova o bolaya Leviathane (1)

    • Pina e buang ka Iseraele e le serapa sa morara (2-13)

  • 28

    • Ho madimabe matahwa a Efraime (1-6)

    • Baprista le baprofeta ba Juda ba a thekesela (7-13)

    • “Selekane le Lefu” (14-22)

      • Lejwe la sekgutlo la bohlokwa Sione (16)

      • Mosebetsi wa Jehova o sa tlwaelehang (21)

    • Papiso e bontshang tsela e bohlale eo Jehova a kgalemelang ka yona (23-29)

  • 29

    • Ho madimabe Ariele (1-16)

      • Modimo o kgalemela batho ba mo sebeletsang ka melomo feela (13)

    • Ba sa utlweng ditsebeng ba tla utlwa, ba sa boneng ba tla bona (17-24)

  • 30

    • Thuso ya Egepeta ha e na molemo (1-7)

    • Setjhaba ha se mamele baprofeta (8-14)

    • Le tla ba matla haeba le ntshepa (15-17)

    • Jehova o hauhela batho ba hae (18-26)

      • Jehova Morupedi e Moholo (20)

      • “Tsela ke ena” (21)

    • Jehova o tla otla Baasiria (27-33)

  • 31

    • Thuso ya nnete e tswa ho Modimo eseng batho (1-9)

      • Dipere tsa Egepeta ke nama (3)

  • 32

    • Morena le dikgosana di tla busa ka toka (1-8)

    • Basadi ba iketlileng ba a lemoswa (9-14)

    • Ditlhohonolofatso tse tliswang ke moya ha o theoha (15-20)

  • 33

    • Kahlolo le tshepo ya ba lokileng (1-24)

      • Jehova ke Moahlodi, Morena le Ya re fang melao (22)

      • Ha ho ya tla re: “Ke a kula” (24)

  • 34

    • Jehova o iphetetsa ho ditjhaba (1-4)

    • Edomo e tla sala e se na baahi (5-17)

  • 35

    • Paradeise e a tsosoloswa (1-7)

      • Mahlo a difofu a tla tutuboloha le ditsebe tsa ba sa utlweng di bulehe (5)

    • Ba lopolotsweng ba tsamaya Tseleng ya Kgalalelo (8-10)

  • 36

    • Sankeribe o hlasela Juda (1-3)

    • Rabshake o nyefola Jehova 4-22)

  • 37

    • Ezekiase o re Esaia a mo kopele thuso ho Modimo (1-7)

    • Sankeribe o tshosa baahi ba Jerusalema (8-13)

    • Thapelo ya Ezekiase (14-20)

    • Esaia o fana ka karabo e tswang ho Modimo (21-35)

    • Lengeloi le bolaya Baasiria ba 185 000 (36-38)

  • 38

    • Ezekiase o a kula ebe o a fola (1-22)

      • Pina ya teboho (10-20)

  • 39

    • Baromuwa ba tswang Babilona (1-8)

  • 40

    • Batho ba Modimo ba a tshediswa (1-11)

      • Motho ya hweletsang lefeelleng (3-5)

    • Boholo ba Modimo (12-31)

      • Ditjhaba di jwalo ka lerothodi ka nkgong (15)

      • Modimo o dula ka hodima “sedikadikwe sa lefatshe” (22)

      • Dinaledi kaofela di bitswa ka mabitso (26)

      • Ha ho mohla Modimo a kgathalang (28)

      • Ba tshepileng Jehova ba tla fumana matla hape (29-31)

  • 41

    • Mohlodi ya tswang botjhabela (1-7)

    • Iseraele o kgethelwa hore e be mohlanka wa Modimo (8-20)

      • “Abrahama motswalle wa ka” (8)

    • Medimo e meng ha e na thuso (21-29)

  • 42

    • Mohlanka wa Modimo le mesebetsi eo a tla e etsa (1-9)

      • ‘Lebitso la ka ke Jehova’ (8)

    • Pina e ntjha e rorisang Jehova (10-17)

    • Baiseraele ha ba bone ebile ha ba utlwe (18-25)

  • 43

    • Jehova o bokella batho ba hae hape (1-7)

    • Ha ho na Modimo e mong ntle le Jehova (8-13)

      • “Le dipaki tsa ka” (10, 12)

    • Ba neng ba le botlamuweng ba lokollwa Babilona (14-21)

    • “A re qosane” (22-28)

  • 44

    • Batho ba kgethilweng ke Modimo ba a hlohonolofatswa (1-5)

    • Ha ho na Modimo e mong ntle ho Jehova (6-8)

    • Bothoto ba medimo ya ditshwantsho e entsweng ke batho (9-20)

    • Jehova, Molopolli wa Iseraele (21-23)

    • Saeruse o tla sebediswa ho tsosolosa metse (24-28)

  • 45

    • Saeruse o kgethelwa hore a hape Babilona (1-8)

    • Letsopa le ke ke la phehisa Sebopi kgang (9-13)

    • Ditjhaba di tla tseba Iseraele (14-17)

    • Modimo o bopile dintho tsohle ebile o phethahatsa seo a se buang (18-25)

      • Lefatshe le etseditswe hore batho ba dule ho lona (18)

  • 46

    • Medingwana ya Babilona e bapiswa le Modimo wa Iseraele (1-13)

      • Jehova o profeta qetello esale qalong (10)

      • Nonyana e jang nama e tswang botjhabela (11)

  • 47

    • Babilona e a wa (1-15)

      • Balepi ba dinaledi ba a pepeswa (13-15)

  • 48

    • Baiseraele ba a kgalemelwa ebile ba a hlwekiswa (1-11)

    • Jehova o tla hlasela Babilona (12-16a)

    • Thuto ya Modimo e re tswela molemo (16b-19)

    • “Tswang Babilona!” (20-22)

  • 49

    • Mosebetsi wa mohlanka wa Jehova (1-12)

      • Lesedi la ditjhaba (6)

    • Iseraele e a tshediswa (13-26)

  • 50

    • Dibe tsa Iseraele di baka mathata (1-3)

    • Mohlanka wa Jehova ya mamelang (4-11)

      • Leleme le tsebe ya ba rutehileng (4)

  • 51

    • Sione e etswa hore e tshwane le Edene (1-8)

    • Matshediso a tswang ho Mmopi e moholo wa Sione (9-16)

    • Kopi ya Jehova ya kgalefo (17-23)

  • 52

    • Tsoha, Sione! (1-12)

      • Maoto a matle a tlisang ditaba tse monate (7)

      • Balebedi ba Sione ba hweletsa ba le mmoho (8)

      • Ba jarang dijana tsa ntlo ya Jehova ba lokela ho hlweka (11)

    • Mohlanka wa Jehova o tla phahamiswa (13-15)

      • Sebopeho se senyehileng (14)

  • 53

    • Mohlanka wa Jehova o utlwa bohloko, o a shwa ebile o a patwa (1-12)

      • O a nyefolwa ebile o a qojwa (3)

      • O jara malwetse le bohloko (4)

      • “Jwalo ka nku e tlo hlajwa” (7)

      • O jere dibe tsa batho ba bangata (12)

  • 54

    • Sione, mosadi ya sa kgoneng ho ba le bana o tla ba le bana ba bangata (1-17)

      • Jehova ke monna wa Sione (5)

      • Bana ba Sione ba tla rutwa ke Jehova (13)

      • Ha ho na sebetsa se etseditsweng ho lwantsha Sione se tla atleha (17)

  • 55

    • Batho ba memelwa ho tla ja le ho nwa mahala (1-5)

    • Batlang Jehova le lentswe la hae le tshepahalang (6-13)

      • Ditsela tsa Modimo di phahametse tsa batho (8, 9)

      • Lentswe la Modimo le tla atleha (10, 11)

  • 56

    • Baditjhaba le maqhalaha a tla fumana ditlhohonolofatso (1-8)

      • Ntlo ya thapelo bakeng sa ditjhaba tsohle (7)

    • Balebedi ba foufetseng le dintja tse sa kgoneng ho bua (9-12)

  • 57

    • Batho ba lokileng le ba tshepahalang ba a shwa (1, 2)

    • Botekatse ba Iseraele bo a senolwa (3-13)

    • Ba nyahameng ba a tshediswa (14-21)

      • Ba kgopo ba jwalo ka lewatle le lwebehlanang (20)

      • Ba kgopo ba ke ke ba fumana kgotso (21)

  • 58

    • Tsela e nepahetseng le e fosahetseng ya ho itima dijo (1-12)

    • Ho thabela ho keteka Sabatha (13, 14)

  • 59

    • Dibe tsa Iseraele di e arohanya le Modimo (1-8)

    • Ho ipolela dibe (9-15a)

    • Jehova o namolela batho ba bakang (15b-21)

  • 60

    • Kganya ya Jehova e kganya hodima Sione (1-22)

      • Jwalo ka maeba a yang dirobeng tsa ona (8)

      • Kgauta ho ena le koporo (17)

      • E monyenyane o tla fetoha ba sekete (22)

  • 61

    • O kgethetswe ho bolela ditaba tse monate (1-11)

      • “Selemo sa Jehova sa mohau” (2)

      • “Difate tse kgolo tsa ho loka” (3)

      • Baditjhaba ba tla le thusa (5)

      • “Baprista ba Jehova” (6)

  • 62

    • Lebitso la Sione le letjha (1-12)

  • 63

    • Jehova o iphetetsa ho ditjhaba (1-6)

    • Lerato leo Jehova a le bontshitseng nakong e fetileng (7-14)

    • Thapelo ya batho ba bakileng (15-19)

  • 64

    • Thapelo ya batho ba bakileng e tswela pele (1-12)

      • Jehova ke “Sebopi sa rona” (8)

  • 65

    • Jehova o ahlola batho ba rapelang ditshwantsho (1-16)

      • Modimo wa Mahlohonolo le modimo ya Laolang Bokamoso (11)

      • “Bahlanka ba ka ba tla ja” (13)

    • Mahodimo a matjha le lefatshe le letjha (17-25)

      • Ba tla haha matlo, ba leme dirapa tsa morara (21)

      • Ba ke ke ba sebeletsa lefeela (23)

  • 66

    • Borapedi ba nnete le ba bohata (1-6)

    • Sione le bana ba hae (7-17)

    • Batho ba bokane Jerusalema e le hore ba rapele (18-24)